Nkgono o hokae?
Home | Written stories | Multilingual stories | Nkgono o hokae?

Written stories

Nkgono o hokae?

Author

E ngotswe ke Robert Muponde

Illustrator

Ditshwantsho ka Elizabeth Sparg

Listen to the story here

Hoseng ha tsatsi le leng Duma a kokota lemating la nkgono wa hae.

Kajeno e ne e le letsatsi la tswalo la Duma mme Nkgono o ne a mo lohetse katiba e kgubedu ya ulu jwaloka mpho.

Duma o ne a thabile haholo. Phiri e shebahalang e le kgopo ya bula monyako.

“O mang wena? Nkgono o hokae?” ha botsa Duma.

“Ke nna Chidhange, kgaitsedi ya nkgono wa hao,” ha araba phiri.

“Ke ne ke balehe kgalekgale mohlang a neng a mpitsa leshodu le senokwane.

Ke kgutlile tjena hore ke tlo mmontsha hore ha ke ntho tseo.”

“Nkgono o hokae?” Duma a botsa hape.

O ne a thothomela. “O teng. Hape ha a yo,” ha rialo Chidhange, a sidila mpa ya hae e kgotsheng. Chidhange a bohla.

A bohla ulu e ngata e kgubedu.

“Tjhe bo!” Duma a nahana. “O jele Nkgono!”

A balehela ka morung o ka mora ntlo ya Nkgono.

Chidhange a mo lelekisa. Duma o ne a tshohile haholo.  

 

“Empa Nkgono o teng! O ntse a tjhesa jwang le makala a ommeng.”

Ha Chidhange a bona Nkgono, a tshoha haholo, a mathela ka hara mollo.

“Phiri e thibaneng hakaakang,” Nkgono a tsheha.

Chidhange o ne a nahanne hore mpho ya Duma, e neng e patilwe ka tlasa dikobo, ke Nkgono. Jwale o ne a tletse ulu ka mpeng mme ho le bohloko ka morao! O ile a baleha mme a se hlole a bonwa hape.

 

Monate wa Nal’ibali Setshwantsho

Setshwantsho

Taka kapa penta setshwantsho ho bontsha karolo ena ya pale: Ha Chidhange a bona Nkgono, a tshoha haholo, a mathela ka hara mollo. Kopiletsa mantswe pampiring e ka thoko mme o a hokele tlase setshwantshong sa hao.

Mehopolo eo le ka buang ka yona

Haeba o ne o le Duma, o ne o tla etsang ha phiri e bula lemati? Haeba o ne o ka nka sebaka sa phiri jwalo ka sebapadi ke phoofolo efe eo o neng o tla e kgetha mme ke hobaneng? Na o nahana hore ke toka hore diphiri kamehla di bontshwa ka tsela e se nang botswalle dipaleng tse phetwang?

Ho bala

Nahana ka se etsahetseng paleng mme o arabe dipotso. Batla dintlha paleng ho o thusa. Chidhange o itse o ne a kgutlile ho tla bontsha ausi wa hae hore ha se leshodu kapa sebatana se jang dibodu. (Sebatana se jang dibodu ke phoofolo e jang diphoofolo tse shweleng). Na o nahana hore Chidhange e ne e le leshodu kapa sebatana se jang dibodu? Fana ka mabaka bakeng sa maikutlo a hao. Na Chidhange o ne a sa bue nnete ka Nkgono wa hae, “O teng. Hape ha a yo?” O nahana hore o ne a bolelang? O ne o tla ikutlwa jwang haeba ha o etetse setho sa lelapa ebe phiri e tshabehang e fihla e bula lemati?

Ho ngola

Ke dintho dife tse ding tseo diphiri di ka di jang ho fapana le bonkgono le wulu? Ngola “lenane la dintho tse rekwang” bakeng sa Chidhange.

Tshebetso

Etsa pale e nngwe e mabapi le Chidhange. Paleng ena, bontsha hore o ithutile pale ka se etsahetseng ho Nkgono o Hokae?