Home | Story Resources | Multilingual stories | Takatso ya letsatsi la tswalo

Takatso ya letsatsi la tswalo

Author

Michelle Friedman

Illustrator

Alzette Prins

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

“Jo wee,” ho nahana mme wa Lethabo a dutse tafoleng ka kitjhineng. “Ke tla etsa jwang? Hosane ke letsatsi la tswalo la Lethabo mme ke na le tjhelete e nyane bakeng sa ho mo rekela mpho.”

Lethabo o ne a eme sinking a ntse a ipinela ka marameng ha a ntse a hlatswa dijana. “Mmmm la la … Mmmm la la.”

Birthday wish_1“Lethabo,” ha rialo Mme, “hosane ke letsatsi la hao la tswalo. Nka o fa eng?”

“Ao, Mme,” ha araba Lethabo, “ha ke tsebe hore ke batla eng.”

“Ke tla nahana ka ho hong,” Mme a rialo.

Dum dum de dum … dum dum de dum. Mme o ne a ntse a kokota tafole ka menwana ya hae. Lethabo o ile a rata modumo oo. “Dum dum de dum … dum dum de dum,” a binela tlaase a ntse a leba ka kamoreng ya hae. O ile a rola dieta tsa hae mme a dula hodima bethe. “Ke batla eng bakeng sa letsatsi la ka la tswalo?” Lethabo a buela hodimo.

“Ke hantle ha o botsa potso eo!” ha bua lentswe le itseng.

“Ke mang eo?” ha rialo Lethabo a ema ka maoto. “Ha ke bone motho.”

“Ke ka tlasa bethe!” ha rialo lentswe.

“Ke kopa o tswe mono!” Lethabo a tlolela hodima bethe hape. “Jo wee!”

Hona moo, ka pela hae, a bona sekgo. Se ne se eme ka maoto a sona a malelele a robedi. A ne a shebahala jwaloka dithutswana.

“O ntshwarele haeba ke o tshositse!” Sekgo sa inamisa hlooho ya sona. “Lebitso la ka ke

Felix. Ke sekgo sa Anansi.”

Birthday wish_2“Nna ke Lethabo. Ke rata katiba ya hao!”

“Ke a leboha, Lethabo. Katiba ya ka e tswa Ghana! Ena ke mebala ya folaga ya Ghana – bofubedu, bosehla le botala.”

“Ghana e hokae?” ha botsa Lethabo.

“E hole kwana Afrika,” ha araba Felix.

“Sekgo sa Anansi ke eng?” ha botsa Lethabo.

“Ke tswa lelapeng la dikgo tsa Anansi. Re tsebahala haholo. Re tswa Afrika e Bophirima. Ba bang ba rona ba dula ba kena mathateng kamehla, empa e seng nna. Eseng haholo, kwana,” ha tsheha Felix.

“Hobaneng o tlile mo?” Lethabo a botsa.

“O mpitsitse,” ha rialo Felix.

“Empa nna ha ke a o bitsa!” ha rialo Lethabo.

Felix a tshehela ka marameng. “Ehlile, o mpitsitse, ha o ne o binela pina yane ka marameng. Jwale, ke kopa hore o kwale mahlo, ke o tshwaretse ho hong ho tlang ho o makatsa.”

Lethabo a kwala mahlo a hae ka matsoho. O ne a ntse a utlwa Felix a hwaratsa ho hong fatshe. Yaba modumo o tlala phaposi eo. Dum dum de dum … dum dum de dum. E ne eka modumo wane oo mmae a neng a o etsa ha a kokota tafole, empa o le haufi ebile o le hodimo.

“O, ebe ke eng?” a hoeletsa.

“Bula mahlo!” ha hoeletsa Felix.

Felix o ne a letsa meropa e robedi ka nako e le nngwe. Leotwana ka leng la hae le ne le le hodima moropa. Meropa eo e ne e beilwe ka sedikadikwe e mo potile. Hlooho ya hae e ne e iname ha a ntse a otla moropa ka mong. Dum dum de dum … dum dum de dum.

Birthday wish_3“Helang, ke a e rata!” Lethabo a bososela. A tlolatlola a potoloha phaposi a ntse a bina a bapala.

Modumo wa meropa le ho bina ha Lethabo tsa tlala ka phaposing eo e nyane. Wa qhoma maboteng, wa nyolohela marulelong, wa wela mmeteng, wa tsamatsamaya ka hara dimpa tsa bona, wa tsikinyetsa menwana ya bona ya maoto mme wa kopanya merethetho ya dipelo tsa bona.

“Lethabo, o ntse o le hantle kamoo?” Mme wa hae a nyarela monyako.

“E, ehlile, Mme,” ha araba Lethabo. “Ke ne ke mpa ke nahana ka letsatsi la ka la tswalo.”

Mme wa Lethabo a kwala lemati mme a kgutlela ka kitjhineng. “Jo nna basadi, ke tla etsa jwang?” a bua a le mong.

“Felix! O hokae?” Lethabo a sheba ka tlasa bethe. “O ka nna wa tswa jwale.”

“Re batlile re tshwarwa!” ha rialo Felix. “Batho ba baholo ba rata ho ntelekisa.”

“Ke kopa o ke o mpolelle hle hore o tlo etsang mona,” ha rialo Lethabo.

“Tjhe, ke a tseba hore hosane ke letsatsi la hao la tswalo. O batla eng?” Felix a botsa.

“Moropa, Felix! Ke batla moropa!” Yaba Lethabo o ikutlwa a hloname. “Empa e se e le kamora nako. Mabenkele a se a kwetswe.”

“Hehe, hehe,” ha keketeha Felix. “Kopa mme wa hao feela hore a o fe moropa. Kopa moropa o tswang Afrika e Bophirima. Jwale, kwala mahlo a hao hape mme o nahane ka seo o se batlang. Sala hantle, Lethabo!”

Lethabo a kwala mahlo a hae, “Ke lakatsa eka nka ba le moropa,” a rialo. O ile a bula mahlo a hae. Felix o ne a tsamaile.

“Mme! Mme!”

“Molato ke eng, Lethabo?” ha botsa mme wa Lethabo ha a kena ka phaposing a matha.

“Mme, ke kopa moropa bakeng sa letsatsi la ka la tswalo!”

“Empa Lethabo − moropa?” Mmae a sisinya hlooho.

“E seng moropa feela, Mme. Moropa o tswang Afrika e Bophirima, ke a o kopa hle.” Yaba o bina a ntse a tantsha ho potapota ka phaposing. Dum dum de dum!

Mme wa Lethabo a mamela mmino oo. A nahana ka ntatae. A mo hopola a dutse ka ntle ho mokgoro wa bona letsatsing. Pakeng tsa maoto a hae ho ne ho eme moropa o moholo. O ne a ntse a o otla, a bitsa banna le basadi bohle ba motse ho tla moketeng. Mollo o ne o tuka. O ne a bososela le Lethabo, setloholo sa hae se setjha, se neng se robetse matsohong a mmae.

“Ao basadi, kamoo ke hopolang ntate wa ka ka teng,” Mme a nahana jwalo. “Empa butle pele! Ke ntse ke ena le tse ding tsa dintho tsa hae ka sutukeising e ka tlasa bethe ya ka.”

Mme a fumana sutukeisi ya kgale ka tlasa bethe. “Jowe, e tletse dikgo ho yona mona!” a tletleba.

Ha di utlwa lentswe la hae, dikgo tsa qhalana tsa tsamaya. Mme a hula sutukeisi mme a e bula. Ka hare a fumana moropa o monyane – o lekaneng Lethabo hantle.

“Ao, ke a o leboha Ntate! Ke ntse ke hopola moropa ona! O ne o o etseditse Lethabo!”

Ho ne ho se modumo o tswang ka kamoreng ya Lethabo. Ka lenyele, Mme a tsamaya ka ditsetsekwane ho ya kamoreng mme a bula lemati. Kganya ya kgwedi e ne e bonesitse hodima moradi wa hae ha a ntse a robetse moo. Mme a bea moropa fatshe pela bethe mme a suna Lethabo lerameng. “Letsatsi le monate la tswalo, Lethabo,” a rialo a hweshetsa. “Letsatsi le monate la tswalo ho tswa ho nna le ntataomoholo.”

Birthday wish_4