Motswalle wa Thoko wa hlooho ya kgomo | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Motswalle wa Thoko wa hlooho ya kgomo

Motswalle wa Thoko wa hlooho ya kgomo

Author

Niki Daly

Illustrator

Niki Daly

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

“Na Jake a ka tla bapala?” Thoko a botsa Mme. “Ke motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo,” a rialo.

“Ho lokile,” ha rialo Mme. “Haeba Nkgono a se na bothata ba ho le hlokomela ha ke ile mosebetsing, ho lokile.”

“Hohang ha ke na bothata,” ha rialo Nkgono, “Le nna nkile ka eba le motswalle wa hlooho ya kgomo ya neng a bitswa Bossy Boots.”

“Ke lebitso le qabolang leo hle,” ha rialo Thoko.

“E ne e le ngwanana ya qabolang,” ha rialo Nkgono. “Ha re ne re bapala mmoho o ne a dula a batla ho ba Mofumahadi Nnyeo kapa Mofumahadi Yane. Nna ke ne ke tlameha ho dula ke le mofo ya dulang a rongwa kwana le kwana.”

Thoko, Mme le Nkgono ba qaboha ha monate.

Tsatsing le hlahlamang, Jake a eta ho tla bapala. Pele ba ile ba qala ka ho bapala tekesi-tekesi. Nkgono a ba dumella ho sebedisa ditulo tsa kitjhene ho etsa tekesi.

“Ke nna ya tla ba mokganni wa tekesi,” ha rialo Jake.

“Nna ke tla ba motho ya hoeletsang a ntse a re Cape Town! mme a bokella tjhelete,” ha rialo Thoko.

“Mme nna ke tla ba mopalami,” ha rialo Nkgono.

Jake a dula setulong se ka pele, Nkgono a dula setulong se ka morao mme Thoko a hoeletsa Cape Town! a ipetetsa ho kena ka hare. Nkgono a fa Thoko diphepamente tse pedi, tseo a neng a etsa eka ke tjhelete.
Thoko's best friend

Ka pelenyana ba be ba se ba fihlile Cape Town mme Thoko a re, “Theohang kaofela ha lona!” Nkgono a theoha mme Thoko a arolelana diphepamente tsa hae le Jake.

“Jwale re ka bapala eng?” ha botsa Jake.

“Ha re bapaleng terene,” Thoko a etsa tlhahiso.

“Re hloka ditulo tse ngata ho etsa terene,” ha rialo Jake. Ba sebedisa ditulo tse tharo tsa kitjhine. Se le seng e ne le sa mokganni wa terene, se seng e le sa bapalami mme sa ho qetela e le sa mabokoso le diphoofolo.

“Ke batla ho ba mokganni wa terene,” ha rialo Jake.

“Ke batla ho ba nkgono ya yang Jozi ho ya etela ba leloko,” ha rialo Nkgono, a dula fatshe lekaretjheng la bapalami.

“Nna he ke tla ba ntjanyana mme ke dule lekaretjheng la ho qetela,” ha rialo Thoko.

“Tjhutjhu-tjhu! Tjhuku-tjhuku!” Jake a tjhutjhutsa jwalo, ha terene e etswa seteisheneng.

“Hobu Hobu!” ha bohola Thoko. Nkgono a kwala mahlo a hae a iketsa eka o kgalehile. E ne e le hampe ruri, hobane o ne a fetwa ke dintho tse ntle tseo ba di fetang ha terene e ntse e lelemela ho tloha Cape Town ho leba Johannesburg. Ba feta dithota ba tshela dithaba. Ba feta Karoo e sephara e bataletseng e nang le maralla a manyane. Ba tshela dinoka ba feta mapolasi. Mme qetellong, ba fihla toropong e kgolo ya Johannesburg.

“Tjhu! Tjhutjhu!” Jake a hoeletsa ha ba se ba fihla seteisheneng.

“Hobu! Hobu!” ha bohola Thoko.

Seo sa tsosa Nkgono mme yena a re, “Kgele basadi! Re se re fihlile? Re fihlile hantle ka nako ya teye!”

Jake le Thoko ba nka ditulo ba di kgutlisetsa tafoleng mme Nkgono a etsa teye mme a ntsha dibisikiti bakeng sa mokganni wa terene ya nyorilweng le ntjanyana e lapileng.

“Ka mora bisikiti ena,” ha rialo Thoko, “ke batla ho aha sekepe sa moyeng.”

“Ke hantle!” ha rialo Jake. “Ke batla ho ba mokapotene wa moyeng!” Thoko a shebahala a swabile.

“Hobaneng le sa be diaseteronate le le babedi?” Nkgono a etsa tlhahiso.

“Ho lokile,” Jake a araba. Empa o ne a sa shebahale a hlile a thabetse taba eo.

Sekepe sa moyeng se ne se hloka ditulo tse nne. Ditulo tse pedi tse tsepameng e ne e tla ba tsa diaseteronate hore ba dule ho tsona. Tse ding tse pedi di ne di beilwe ka morao mekokotlong ya bona jwaloka dibutswedi tsa rokete.

“Hlano … nne … tharo … pedi … nngwe … ha e phahame!” Nkgono a laela, ha a ntse a ba dumedisa ka ho tsoka letsoho. Sekepe sa moyeng sa phahama fatshe se nyolohela hodimo, hodimo, hodimo ho ya kena sepakapakeng.

“Sheba!” ha rialo Thoko. “Kgwedi ke yane!”

“Ha re theohele fatshe,” ha araba Jake. Butle butle sekepe sa moyeng sa kotsama kgweding mme diaseteronate tse pedi tsa tswela ka ntle.

“Ha ho letho mona,” ha rialo Jake.

“Ee,” Thoko a dumela, “ha re ye hae.”

Nkgono o ne a thabile ho bona ba kgutletse Lefatsheng. Ka bobedi ba bona ba ne ba shebeha ba kgathetse ke maeto a bona. “Ke a tseba seo le ka se etsang jwale,” ha rialo Nkgono. “Ke ntho e nngwe eo nna le Bossy Boots re neng re tlwaetse ho e etsa ha re sa lekana le lona tjena.” Nkgono a ba bontsha tsela ya ho etsa ntlo ka ho lahlela kobo ka hodima ditulo.

“Ke batla ho ba setsomi.” Ha rialo Jake.

“Ke batla ho ba motswalle wa hlooho ya kgomo wa setsomi,” ha rialo Thoko. “Mme wena o ka ba mme Tlou,” a rialo ho Nkgono.

“Nka mpa ka ba mme tau,” Nkgono a araba.
Thoko's best friend

Jake o ne a hlile a kgutsitse ha ba ntse ba nanarela mme tau. Thoko le yena o ne a kgutsitse ho feta. Empa yare pele ba fihla moo mme tau a dutseng tafoleng a ntse a nwa kopi ya bobedi ya teye, a fetoha a ba sheba mme a puruma ka lentswe le tshosang − GRRROOOWLLL! Setsomi le motswalle wa hae ba tshoha haholo hoo ba ileng ba tjhobela ka tlung ya bona, ba hulela marulelo a ntlo fatshe ba ikwahela ka ona. Nkgono a keketeha, mme ho ne ho tsheuwa haholo ka tlasa kobo mane. Yaba tsohle di a kgutsa.

“Ke hantle,” Nkgono a nahana jwalo. O ne a hlile a batla ho phomola.

“O a tseba ke eng?” ha bua Thoko a le ka tlasa kobo.

“Ke eng?” ha botsa Jake.

“Le ha kwana o iketsa mampodi tjena mme o batla ho ba mokganni wa tekesi, mokganni wa terene, mokapotene wa sekepe sa moyeng le setsomi, o ntse o le motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo,” ha rialo Thoko.

“Ke a tseba,” ha araba Jake. “Mme le wena o motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo ya ba fetang kaofela!”

Nkgono a bososela. Ba ne ba bua hantle jwaloka yena le Bossy Boots!