Lengeloi le shebahala jwang?
Home | Written stories | Multilingual stories | Lengeloi le shebahala jwang?

Written stories

Lengeloi le shebahala jwang?

Author

Njabulo Mokoena

Illustrator

Chantelle le Burgen Thorne

Ka letsatsi le leng ha a le sekolong, Titjhere Jane a ba bolella ka mangeloi. Sharon o ne a thabetse seo a ithutileng sona hoo hang ha a fihla lapeng letsatsing leo a ileng a bolella mme wa hae ka dintho tsohle tse ntle tseo mangeloi a di etsang.

“Mme, lengoloi le shebahala jwang?” a botsa jwalo ha a ntse a ja seneke sa hae sa ka mora sekolo.

“Ha ke tsebe nnana. Titjhere Jane o itse lengeloi le shebahala jwang?” ha botsa Mme.

 

what_does_an_angel_look_like.aw01_lo_res.jpg

“O itse re tla tseba lengeloi ha re le bona,” ha rialo Sharon a fehelwa. O ne a lakatsa eka Titjhere Jane a ka be a ba boleletse hore na hantlentle lengeloi le shebahala jwang. Bonyane Sharon o ne a ka tseba hore a shebe eng!

“E le hore ha o dumele seo Titjhere Jane a o boleletseng sona?” ha botsa Mme.

“Ha ke tsebe. Ke mpa ke ipotsa hore na ke tla lemoha lengeloi jwang haeba ke sa tsebe hore na le shebahala jwang,” ha rialo Sharon. Yaba o qeta seneke sa hae mme o beha poleiti le kopi sinking ya kitjhine.

“Ako nthuse ho hlwekisa tafole ena,” ha rialo Mme. “Lahlela makgapetla a meroho moqomong wa manyolo mme ha o qeta ke kopa o hleke le bohobe boo.”

“Ho lokile Mme,” ha rialo Sharon mme hanghang a etsa seo mme wa hae a mo kopileng sona.

Ha ntate wa hae a fihla hae ho tswa mosebetsing mantsiboyeng ao, Sharon a matha ho ya mo kgahlanyetsa monyako. A mo nkela mokotla wa hae wa mosebetsi. Ntate wa hae a mo haka mme a mo sheba a bososetse.

“Ntate, ke na le potso,” ha rialo Sharon le pele ntate wa hae a ka dula fatshe.

“Ho lokile moradi, e reng potso ya hao?” ha botsa ntate ka pososelo e kgolo.

“Ntate, lengeloi le shebahala jwang?”

“Ehh, mangeloi a molemo, a mosa ebile a a rateha,” ha rialo ntate wa hae.

“Ke a tseba. Titjhere Jane o tjhulo jwalo le yena. Empa seo ke batlang ho se tseba ke hore na ha e le hantle a shebahala jwang,” ke Sharon eo.

Ntate wa hae a mo sheba mme a nahana ho se hokae. Yaba o re, “mafelong a beke ke tla o ntsha e le hore re lo bona le le leng.”

Sharon o ne a thabile haholo. “O tseba moo re lo le sheba teng?” a botsa a hloletswe. “Mme!” ke yena eo a hweletsa. “Ntate o a tseba hore na mangeloi a fumanwa hokae!”

“Tseo ke ditaba tse monate Sharon. Ke thabile hore qetellong o tla fumana karabo ya potso ya hao,” ha rialo Mme. A ntano lahlela leihlo ho ntate wa Sharon ka sefahleho se tletseng pososelo e kgolo.

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ka tekesing e yang sekolong Sharon a bolella metswalle yohle ya hae hore o lo bona lengeloi ka mafelobeke. Metswalle ya hae ya bososela ka mosa hobane e ne e rata Sharon, empa e ne e sa dumele seo a ba bolellang sona.

Yaba jwale o bolella titjhere ya hae ka seo a tlo se etsa ka mafelobeke. Titjhere Jane a mo kopa hore ka Mantaha a tlo bolella tlelase ka sohle seo a se sibolotseng.

Ka Moqebelo hoseng, Sharon a di raha e le hore a phethe mesebetsi ya hae. A hlapa, a apara ka makgethe mme a ja dijo tsa hoseng. Yaba o emela ntate wa hae hore a qete ba tsebe ho tsamaya. E se kgale Sharon o ne a se a itlamme ka lebanta setulong se ka morao sa koloi mme ba ne ba le tseleng.

“Moo re yang ho hole Ntate?” a botsa ka thabo yohle.

“E se kgale re tla be re fihlile,” Ntate a rialo a bososela. Ba tsamaya nakwana pele ba ema lehaeng la maqheku.

“Ha se moo he, re fihlile,” ha rialo Ntate a fasolla lebanta.

“Lehaeng la maqheku?” Sharon o ne a ferekane. Mangeloi a ne a etsang lehaeng la maqheku?

“Aah, dumelang,” ha rialo mohlankana e mong a tla a ba lebile. “O tlameha o le Sharon. Ke ngotse lethathamo la dintho tseo o ka di etsang ho thusa lehaeng kajeno.” A sheba Sharon a bososela mme a fa ntate wa hae leqephe la pampiri.

Ntate a bala lethathamo. Qalong, Sharon a thusa Ntate ho fiela jarete. Ka mora moo ba hlwekisa ditulo tseo bontatemoholo le bo nkgono ba di sebedisang ha ba orile letsatsi. Sharon a etsa mosebetsi wa hae kapele e le hore ntate wa hae a tle a lo mo bontsha lengeloi.

“Ka mora mona re tla lo hlwekisa ka holong ya ho jella,” ha rialo Ntate. Ba fiela le ho phumula lerole ho tlotsa pholishe ho fihlela ntho e nngwe le e nngwe e hlwekile hlweko.

Qetellong nako ya dijo tsa motshehare ya fihla. Sharon le ntate wa hae ba hlapa matsoho le difahleho mme ba leba holong ya ho jella. Ka holong ka moo Sharon a thusa ho aba dijo mme ka mora moo a thabela ho dula le bohle ha ba ntse ba mo phetela dipale tsa bona tsa mehleng ya kgale. Ba boela ba bapala merabaraba. Yaba nkgono e mong o re ho Sharon, “O lengeloi ngwanana,” mme a mo haka haholo.

“Lebitso la hao o mang, lengeloinyana la ka?” ha botsa nkgono e mong.

“Ke nna Sharon,” a araba a bososela mme a mathela ho ntate wa hae.

“Bo nkgono ba mpitsitse lengeloi. Yaba ke a hopola hore o lokela ho tlo mpontsha le leng tsatsing lena Ntate,” a rialo.

Ntate wa hae a bososela mme a supa ditshwantsho tsa bona tse hlahileng ka seiponeng se haufi le moo ba leng teng. “Sharon, lengeloi le shebahala tjena.”

 

what_does_an_angel_look_like.aw02_lo_res.jpg

Sharon a itjheba metsotswana mme a bososela. O ne a se a tatetse hore Mantaha e fihle a ye sekolong ho ya hlalosetsa metswalle ya hae le titjhere ya hae hore na o natefetswe hakaakang ke ho etsa mebebetsi e metle ya ho ba lengeloi.

 

[Get story active!] Eba mahlahahlaha ka pale!

 

  • nahana hore mangeloi a shebahala jwang? Toroya setshwantsho sa lengeloi. Seha lesela mme o le kgomaretse hore e be diaparo le ulu kapa kgwele bakeng sa moriri.
  • Ngola thothokiso e re bolellang hore na o nahana eng ka mangeloi.
  • Etsa setshelo se ngotsweng “ke lengeloi la hao” bakeng sa motho eo o mo ratang. Kopa motho eo hore a kenye ka hara setshelo seo dintlha tse nyenyane tsa dintho tse bonolo – dintho tse kang Nketsetse kopi ya tee – tseo a ka ratang hore o mo etsetse tsona. Hangata kamoo o ka kgonang, ntsha e nngwe ya dintlha tseo mme o etse ntho e ntle bakeng sa motho eo o mo ratang.