Kamoo dipale di neng di qale ka teng
Home | Content | Kamoo dipale di neng di qale ka teng

Written stories

Kamoo dipale di neng di qale ka teng

Mehleng ya kgalekgale, ho ne ho ena le mosadi ya neng a phela le ba lelapa la hae motseng o mong –

Boreneng ba Zululand. Ka Sontaha se seng le se seng ba lelapa ba ne ba theohela kwana lewatleng le leholo.

Mosadi eo o ne a pheha dijo mollong ha monna wa hae a ntse a rwalla dipatsi tse tswang ka hara lewatle bakeng sa ho betla dintho tse ntle:

dinonyana, batho le mefuta e fapaneng ya diphoofolo. Mahareng a beke lelapa lohle le ne le sebetsa ka thata mme mantsiboya ba ne ba dula mollong.

Ho ne ho le lefifi haholo ho ka sebetsa kapa ho bapala kapa ho betla mme e ne e e so be nako ya ho robala.

Mme he ka nako ena bana ba ile ba kopa mma bona ho ba phetela pale…