Sekotlolo sa phutu
Home | Written stories | Multilingual stories | Sekotlolo sa phutu

Written stories

Sekotlolo sa phutu

Author

E phetwa hape ke Wendy Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Alzette Prins

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Ho kile ha eba le moshanyana ya neng a se na lelapa labo mme a se na lehae moo a dulang teng, kahoo batho ba motseng o haufi ba ne ba mmitsa Molahlehi, se bolelang “motho ya lahlehileng”. Moshanyana enwa o ne a sa tshwenngwe ke lebitso lena leo ba mo fileng lona hobane o ne a ena le bonnete ba hore ka letsatsi le leng o tla ba le lehae le lelapa.

 

Kamehla Molahlehi o ne a theohela tlase nokeng ho ya tshwasa ditlhapi e le hore a tle a kgone ho ja. Ka matsatsi a mang o ne a dula dihora tse ngata a tshepile hore o tla utlwa ho hong ho hula kgwele eo a tjhehileng ka yona. Ka matsatsi a mang o ne a sa tshwase letho. Mme ebe o ya ho batla ditholwana le monokotshwai hore a je. Ha a ne a sa fumane letho, o ne a ya ho robala ka tlala.

 

Ka tsatsi le leng ha a ntse a dutse a lebeletse ho tshwasa tlhapi hore a je mantsiboya, basadi ba mmalwa ba tla nokeng ba tlilo hlatswa diaparo. Ba sheba mose mane moo a dutseng teng.

 

“Sheba moshanyana yane,” ha rialo mosadi e mong. “O mosesane jwaloka thupa eo a e tshwereng ka letsohong.” A tshelela ka ho Molahlehi mme a fihla a dula pela hae.

 

“O shebahala o lapile,” a rialo. “Ka kopo eja phutu ena e ka sekotlolong .”

 

Molahlehi o ne a thabetse ho fumana dijo haholo. “Ke a leboha,” a rialo.

 

Kamora letsatsi leo, kamehla ha mosadi eo a theohela ka nokeng ho tla hlatswa diaparo tsa hae o ne a bona Molahlehi, mme a tshelela ka nqane ho ya mo fa sekotlolo sa phutu.

 

“Ke a leboha,” ha rialo Molahlehhi. “Ka tsatsi le leng ke tla fumana tsela ya ho o lefa ka mosa oo o nketsetsang ona.”

 

Letsatsi la fihla leo Molahlehi e neng e se e le mohlankana. O ne a tseba hore jwale o se a le matla hoo a ka ya ipatlelang ntlo eo e leng ya hae. Jwale, qetellong, e ne e le nako ya ho siya sebaka sena mme a yo batla lehae. Motho a le mong feela eo a ileng a bua le yena pele a tsamaya ke mosadi yane ya neng a mo fa dijo kamehla.

 

O ile a mo sadisa hantle mme hape a re, “Ke o tshepisa hore ka letsatsi le leng ke tla o lefa ka mosa oo o kileng wa nketsetsa ona.”

 

Molahlehi a pakela bonnyane boo a nang le bona ka mokotlaneng wa hae mme a nka lerumo le lelelele leo a neng a iketseditse lona. Yaba o tsamaya pela tsela e ileng ya mo lebisa morung wa Afrika.

 

Ho ile ha mo nka dikgwedi tse ngata tsa ho tsamaya ha Molahlehi a ntse a batlana le tulo eo a ka e bitsang lehae la hae. O ile a tsamaya dikgwedi tse ngatangata ho fihlela ka letsatsi le leng ha a nahana hore a keke a hlola a fumana tulo. O ne a kgathetse a bile a lapile, mme yaba o bona sehlopha sa banna ba dutseng moriting wa sefate se seholo. Banna bao ba mo dumedisa mme ba ne ba tletse setswalle. Molahlehi o ile a ba dumedisa mme a bososela. Eitse moo a reng o tla tsamaya, e mong wa bona a mo thiba.

 

“Butle! Lebitso la hao o mang?” ha botsa monna eo.

 

“Ha ke tsebe,” a araba. “Batho ba mpitsa Molahlehi, ya lahlehileng.”

 

“Tloo le rona motseng wa habo rona,” monna eo a rialo. “O shebehala eka o hloka dijo tse tletseng phepo le sebaka sa ho phomola.”

 

Molahlehi a tsamaya le banna bao mme batho bohle ba mo amohela motseng wa bona. Molahlehi o ile a tseba hore motseng ona o tla qetella a fumane lehae le metswalle. A sebetsa ka thata. O ne a thusa batho bohle ba neng ba hloka thuso. O ne a le mosa mme kamehla a ena le mantswe a monate ao a a buang. Batho bohle motseng oo ba ne ba mo rata esitana le morena e moholo ya neng a se na bara. Ha morena ya tsofetseng a hlokahala, baahi bohle ba motse ba kopa Molahlehi hore e be morena wa bona. Ho ile ha eba le mokete o moholo mme baahi ba motse ba fa morena wa bona lebitso le letjha, Morena Lebohang, le bolelang hore “le lokela ho leboha”.

 

Ntho ya pele eo Morena Lebohang a ileng a e etsa, e bile ho romela sehlopha sa banna ho ya batlana le mosadi ya kileng a ba mosa ho yena ha e ne e sa le moshanyana. Ha banna bao ba kgutla, ba fihla le mosadimoholo ya seng a tsofetse. O ne a tshohile mme a kgumama ka pele ho morena a thothomela. Morena a mo elellwa hanghang. A ema mme a mo atamela. Yaba Morena Lebohang o a kgumama mme a ntsha sekotlolo. O ile a se fa mosadi eo.

 

Mosadimoholo eo a nka sekotlolo mme a tshoha haholo ha a bona se tletse kgauta. O ile a sheba morena.

 

“Molahlehi,” a hweshetsa.

 

“Ee,” ha rialo morena. “Ke ne ke o tshepise hore ke tla o lefa ka letsatsi le leng. Motho o lokela ho hopola tshepiso mme batho bohle ba lokela ho ba le teboho ha ba fuwa thuso le mosa ke ba bang.”