Phoso e kgolo

Written stories

Phoso e kgolo

Author

E ngotswe ke Desirée Botha

Illustrator

Ditshwantsho ka Chantelle le Burgen Thorne

E ne e le letsatsi le monate, la boiketlo pela noka. Ho ne ho kgutsitse hohle. Modumo o utlwahalang feela e ne e le wa Nonyana e Nyane ha e ntse e kobola hanyane ha e hlwekisa meno a maholo, a sephara a Kubu.

 

Kubu o ne a natefetswe ke ho utlwa meno a hae a hlwekiswa. O ne a dutse moo ka hlooho ya hae e le ka ntle ho metsi, a ahlame haholo feela. Letsatsi le ne le mo futhumaditse ha monate hoo a ileng a iphumana a se a otsela mme a kgaleha. O ile a lora ho ena le jwang bo boholo bo monate bo phaphaletseng bo feta pela hae mona, mme torong ya hae, a bo loma haholo a ba a kwenya.

 

“O jele Nonyana e Nyane!” Lentswe la tsosa Kubu a ba a nyaroha. E ne e le e nngwe ya difolaminko. O ne a shebahala a halefile! Sefahleho sa hae se pinki se fetohile se le sefubedu!

 

“O jele Nonyana e Nyane,” a hoeletsa hape, a supile Kubu ka lepheo la hae.

 

“Le kgale!” Kubu a phea. “Nna ke ja jwang, e seng dinonyana tse nyane! Ho feta moo, Nonyana e Nyane ke motswalle wa ka! Nkeke ka mo ja le kgale!”

 

“Ke o bone! O ne a ntse a hlwekisa meno a hao, mme o mo kwentse!”

 

Kubu a hopola toro ya hae. Jwale o ne a se a tshohile! Na ebe o ne a kwentswe motswalle wa hae ka phoso? Yare ha a tswa ka metsing a noka, a utlwa modumo wa ho kobola o tlwaelehileng. E ne e le Nonyana e Nyane!

 

Kubu a qamaka hohle ho bona moo Nonyana e Nyane a leng teng. Qetellong, a elellwa hore modumo oo o tswa ka hara mpa ya hae. O ne a kwentswe motswalle wa hae!

 

“O a bona? Ke o bolelletse!” ha rialo Folaminko. “O jele Nonyana e Nyane!”

 

“Ke… ke ne ke sa ikemisetsa ho ... ” Kubu a bokolla, “Re lokela ho mo pholosa. Re tshwanetse re mo ntshe ka mpeng ya ka!”

 

Ka nako ena diphoofolo tsohle tse phelang pela noka di ne di se di atametse ho tla utlwa hore ho etsahalang. Tsa qala ho nahana maqheka a ho thusa.

 

“Ha re romelleng ditlhatswana ka hara mpa ya hao. Di ka thusa ho tataisa Nonyana e Nyane ho mmontsha tsela ya ho sesetsa ka ntle,” ha rialo Tshwene. Empa ha di utlwa sena, ditlhatswana tsohle tsa sesa ka potlako ho baleha moo.

 

“Re ka sebedisa le leng la meno a ka ho seha mpa ya hao re e bule mme re pholose Nonyana e Nyane,” Tau a etsa tlhahiso. Kubu ha a ka a utlwa eka ke mohopolo o motle oo!

 

 

“Re tlo etsa jwang? Nonyana e Nyane a keke a dula a le ka mpeng ya ka molebe!” ha rialo Kubu. Empa ho ne ho se leqheka leo a le nahanang. Mohlomong o ne a lokela ho dumella Tau hore a sehe mpa ya hae mme a ntshe Nonyana e Nyane. O ne a se a re o a dumela, ha Sephoko se bohlale se fihla mme se mo pholosa.

 

“Mamelang, kaofela ha lona,” ha rialo Sephoko. Bohle ba mamela. “Mpatleleng lesiba le leholo,” a ba laela.

 

Ka potlako, e nngwe ya dinonyana ya fofela tlase moo Folaminko a emeng mme ya tla le seo Sephoko a se batlang.

 

“Ke hantle haholo!” ha rialo Sephoko se fofela fatshe ka pela Kubu. “Jwale, ahlama haholo kamoo o ka kgonang, mme ke tla kena ka hara lehano la hao! A rialo.

 

“O se ke wa etsa jwalo! O tla o kwenya le wena!” Tshwene a mo eletsa.

 

“Helang, tholang!” Sephoko sa ba jwetsa. Empa a bua ka bonolo le Kubu a re, “O se ke wa leka! Le ha o ka etsa eng, o se ke wa kwala molomo wa hao ha ke ntse ke le ka hare ka moo!”

 

Sephoko a kena kahara mehlare e meholo e tshosang ya Kubu! Yaba o qala ho tsikinyetsa qoqotho ya Kubu hanyane ka lesiba. Qalong seo se ile sa etsa hore Kubu a keketehe, empa hanghang …

 

“Kga...kga...kgaaaaa!” Kubu a kgohlela, mme Sephoko le Nonyana e Nyane ba tswa ba fofa molomong wa hae! Bobedi ba bona ba ne ba dutla mathe a kubu. Nonyana e Nyane a haka Sephoko mme ha a qeta a mathela ho ya haka le Kubu.

 

“Ke maswabi haholo!” ha rialo Kubu.

 

“O se ke wa ikutlwela bohloko,” ha rialo Nonyana e Nyane “Ke ne ke tshwanetse ho o tsosa ha ke o bona o kgaleha. Ke a tseba hore ha o a etsa ka boomo. E ne e le phoso feela, mme ho feta moo, ke nna enwa ke phetse hantle.”

 

Kubu le Nonyana e Nyane ba sheba Sephoko ya neng a ntse a hlatswa mapheo a hae ka hara noka. “Re a leboha, Sephoko. O re pholositse kajeno!” ba rialo.

 

“Ke thabile!” ha rialo Sephoko, a hlatswa mathenyana a saletseng mapheong a hae. “Jwale, ha bohle ba ka kgutsa, hore ke kgone ho kgaleha hape.”

 

Sephoko a fofela ka hara sehlaha lesobeng le sefateng se seholo moo e neng e le lehae la hae. Diphoofolo tse ding kaofela tsa kgutlela moo di neng di etswa teng. Sefahleho sa Folaminko sa kgutlela ho mmalwa wa sona o pinki, empa o ne a ntse a sisinya hlooho ya hae.

 

“Sephoqo sa nonyana! O a o ja ha o qeta o ntse o ba motswalle wa hae,” a honotha. Yaba o kgutlela moo a neng a le teng, a ema ka leoto le le leng mme a kgaleha.

 

“Ke maswabi e le ka nnete,” ha rialo Kubu ho Nonyana e Nyane hape. “Ke a utlwisisa haeba o se o sa batle ho hlwekisa meno a ka hape.”

 

“Empa jwale o tla opelwa ke meno!” ha araba Nonyana e Nyane. “Re tla etsa bonnete ba hore ha o kgalehe ha ke ntse ke etsa jwalo. Jwale, ha re tsamaye re ilo batla jwang bo monate boo re ka bo jang. Ke kgolwa hore o lapile.”

 

Ke bale ba tsamaya mmoho.

 

* Na o kile wa etsa phoso e kgolo? Ho ne ho etsahetse eng, mme o ile wa ikutlwa jwang ka seo?

* Ho etsahetse eng se ileng sa o etsa hore o ikutlwe hantle kamora moo?

* Nonyana e Nyane le Kubu ba ile ba dula e ntse e le metswalle le ha Kubu a ne a batlile a eja Nonyana e Nyane. Na o nahana hore ho bohlokwa ho tshwarela ba bang ha ba entse phoso? Hobaneng o tjho jwalo?