Mme Mamoeng o Thabisa Nkgono | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Mme Mamoeng o Thabisa Nkgono

Mme Mamoeng o Thabisa Nkgono

Author

Joan Rankin

Illustrator

Tamsin Hinrichsen

Tsohle di qadile mohlang Mme Mamoeng a etsang botlolo ya jeme bakeng sa letsatsi la tswalo la Nkgono Mamoeng. Yaba Ntjhanyana Beka o fumana balunu ya hae e ntle e bolou. O ne a batla ho efa Nkgono bakeng sa letsatsi la hae la tswalo.

Mme a pepa Ntjhanyana Beka ka kobo ya hae e bonolwana. Yaba o rwala botlolo ya jeme hloohong mme ke elwa a hwanta ho ya tlung ya Nkgono Mamoeng.

Balunu ya Ntjhanyana Beka e ne e tse e re bobbity-bob mme meqathatso ya Mme e ntse e re phaqa-phaqa, phaqa-phaqa ho theosa tselana e lerole ho fihlela a kopana le Sipho a tswa lebenkeleng la Tip-Top. “O ya kae, Mme Mamoeng?” ho botsa Sipho.

“Nna le Ntjhanyana Beka re ya ha Nkgono Mamoeng. Ke letsatsi la hae la tswalo kajeno.” ho araba Mme.

“Ke reketse Nkgono Mamoeng pakete ya ditjhipisi tsa ditapole. Na le nna nka tla?” ha botsa Sipho.

“Ehlile,” Mme a bososela mme ba tsamaya kaofela mmoho.

Pakete ya ditjhipisi tsa ditapole tsa Sipho e ne entse e re kekere-kere, kekere-kere, Balunu ya Ntjhanyana Beka e ne entse e re bobbity-bob mme meqathatso ya Mme e ntse e re phaqa-phaqa, phaqa-phaqa ho theosa tselana e lerole ho fihlela ba fihla ha Mong Chapalala, ya neng a ntse a fepa dikgoho tsa hae.

“Le ya kae?” yaba o a ba botsa.

“Re ya ha Nkgono Mamoeng. Ke letsatsi la hae la tswalo kajeno,” ha araba Mme.

“Ke na le kgoho e nonneng bakeng sa Nkgono Mamoeng. Na le ka mo fa yona?” ha botsa Mong Chapalala.

“Ehlile,” ha rialo Mme a kgwaela kgoho ka lehafing mme yaba Mme, Ntjhanyana Beka le Sipho ke bale ba hwanta.

Kgoho e nonneng ya nna ya re kooko, koko, kooko, pakana ya ditjhipisi tsa ditapole tse romotsehang ya nna ya re kekere-kere, kekere-kere, Balunu ya Ntjhanyana Beka yona ya nna ya re bobbity-bob mme meqathatso ya Mme yona ya nna ya re phaqa-phaqa, phaqa-phaqa ho theosa tselana e lerole ho fihlela ba fihla lebenkeleng la ho baka la Mof Makabelo.

“Re lokela ho rekela Nkgono kuku ya letsatsi la tswalo,” ho rialo Mme. Ba kena ka hare. Tshepe ya monyako ya re Kete-kete-kete. “Dumela, Mof Makabelo. Na o ne o tseba hore kajeno ke letsatsi la tswalo la Nkgono Mamoeng?”

“Eya bo,” ho rialo Mof Makabelo. “Ke mo baketse kuku e ikgethang, empa nke ke ka kgona ho siya lebenkele feela. Na le ka tsamaya le yona la mo isetsa yona?”

“Ehlile,” Mme a dumela, empa ho ne ho ena le bothata – Mme o ne a hloka matsoho a mabedi ho nka kuku eo. Kahoo, a etsa leqheka. A bea kgoho e nonneng hodima botlolo ya jeme eo a e rwetseng hloohong. Jwale o ne a se a ena le matsoho a mabedi ao a ka nkang kuku ya letsatsi le ikgethang la tswalo. Yaba Mme, Ntjhanyana Beka le Sipho ke bao hape ba hwanta ho tswa lemating le reng ting-a-ling.

Eitse ha Ntjhanyana Beka a utlwa monko wa kuku a tsetsela, “Nnate-nate, nnate-nate.”

Kgoho e nonneng ya re kooko, koko, kooko, pakana ya ditjhipisi tsa ditapole tse romotsehang ya nna ya re kekere-kere, kekere-kere, balunu ya Ntjhanyana Beka yona ya nna ya re bobbity-bob mme meqathatso ya Mme yona ya nna ya re phaqa-phaqa, phaqa-phaqa ho theosa tselana e lerole ho fihlela ba kopana le Valecia.

“Le ya kae, kaofela ha lona?” ha botsa Valecia.

“Re ya ha Nkgono Mamoeng. Ke letsatsi la hae la tswalo.” Ha hlalosa Sipho.

“Ke na le sehlopha sa dipalesa mona bakeng sa Nkgono Mamoeng. Na le nna nka tla le lona?” ha botsad Valecia.

“Ehlile,” ha rialo Mme mme bohle ba hwanta ba tsamaya.

Sehlopha sa dipalesa tsa etsa hore Valencia a ithimole, “Heee! Heee-thiyaaaa!”

Kgoho e nonneng ya re kooko, koyiko, kooko, koyiko, pakana ya ditjhipisi tsa ditapole tse romotsehang ya nna ya re kekere-kere, kekere-kere, balunu ya Ntjhanyana Beka yona ya nna ya re bobbity-bob mme meqathatso ya Mme yona ya nna ya re phaqa-phaqa, phaqa-phaqa ho theosa tselana e lerole ho fihlela ba bona Mong Sithole a ntse a peta tshimong ya hae ya meroho.

mm“Le lebile hokae kaofela ha lona, Mme Mamoeng?” Mong Sithole a botsa.

“Re ya ha Nkgono Mamoeng. Ke letsatsi la hae la tswalo,” a araba.

“Ke na le teroli e tletseng meroho bakeng sa hae,” ha rialo Mong Sithole. “Na ebe le ka mo fa yona?”

“Ehlile,” ha araba Mme.

Empa jwale Mme o ne a ena le BOTHATA bo boholo – ho ne ho ena le dintho tse ngata tseo a lokelang ho di nka! O ile a tlameha ho nahana leqheka.

Pele, a qala ka ho theola Ntjhanyana Beka ka mokokotlong mme a pepa kgoho e nonneng ka kobo e bonojwana. Ntjhanyana Beka a BOKOLLA!

Yaba Mme o bea kgoho e nonneng hodima teroli mme a pepa Ntjhanyana Beka ka kobo e bonojwana. Ntjhanyana Beka o ne a thabile mme le kgoho e nonneng e ne e thabile haholo hobane e ne e kobola meroho kaofela e moo. Empa Mme o ne a sa thabiswa ke sena kahoo a bea kgoho e nonneng hloohong ya Valecia. Masiba a ile a tsikinyetsa nko ya Valicia mme a etsa hore a ithimole le ho feta, “HEEEE-THIYAAAAA!”

Valecia o ne a sa thaba. Kahoo Mme a nka kgoho e nonneng a e bea hodima hlooho ya Sipho mme a mo fa dipalesa tsa Valencia hore a di tshware. Jwale Valencia o ne a se a sa tshwara letho ka matsohong a mabedi mme a ka kgona ho tshwara kuku. Mme Mme a ena le matsoho a mabedi a sa tshwarang letho hoo a neng a ka kganna teroli. Bohle jwale ba ne ba thabile yaba ba kena tseleng ho ya ha Nkgono Mamoeng.

Mabidi a teroli a nna a re kikiri-kiri, kikiri-kiri. Valecia o ne a ena le aesenshuka e tswang kukung marameng a hae kahoo leleme la hae le ntse le re laqa-laqa-laqa. Ntjhanyana Beka o ntse a honotha, “Nnate-nate, nnate, nnate-nate.” Kgoho e nonneng ya re kooko, koyiko, kooko, koyiko, pakana ya ditjhipisi tsa ditapole tse romotsehang ya nna ya re kekere-kere, kekere-kere, balunu ya Ntjhanyana Beka yona ya nna ya re bobbiti-bob mme meqathatso ya Mme yona ya nna ya re phaqa-phaqa, phaqa-phaqa ho theosa tselana e lerole ho ya fihla tlung ya Nkgono.

Mme a kokota monyako o ka pele. Sipho a letsa molomo. Valencia a hoeletsa. Empa ho ne ho se KARABO. Mme a sututsa lemati la ka pele a le bula mme bohle ba kena ka tlung. Empa ho ne ho SENA MOTHO MOO. Ba sheba ka kitjhining – HA HO MOTHO. Ba sheba ka phapusing ya ho robala – HO SE MOTHO. Ba sheba hohle. Ebe Nkgono o kae?

Mme a re, “Ha re qaleng ka ho pheha mohlomong Nkgono o tla fihla.”

Yaba bohle ba etsa jwalo – bohle ntle feela le Ntjhanyana Beka. Yena a dula hodima tafole ka kitjhining haufi le fensetere mme a sheba ka ntle ho fihlela a bona Nkgono a theosa ka tsela tlasetlase qetellong ya leralla le moepa.

“Nkgono! Nkgono!” a hoeletsa. Bohle ba sheba.

“NKGONO! NKGONO!” bohle ba hoeletsa mmoho. “NKGONO!”

Tlasetlase leralleng le moepa Nkgono a re, “WEE WEE WEE. Ho na le motho ya mpitsang. Jwale nke ke ka kgona ho ya mabenkeleng ho ya reka dijo tsa mantsiboya bakeng sa letsatsi la ka la tswalo.”

mm2Nkgono a thinya mme a kgutlela morao a nyolosa leralla. Diselipara tsa hae di ntse di re shwaa-shwaa, shwaa-shwaa tselaneng e lerole. Qetellong a fihla lemating le ka morao. Ya re ha a le bula bohle ba qala ho mminela pina ya letsatsi la tswalo.

Tafoleng ho ne ho ena le phae e entsweng ka meroho le ditarete tsa jeme tseo Mme a neng a di entse, mahe a sa tswa behelwa a tswang kgohong e nonneng, kuku e ikgethang ya letsatsi la tswalo le ditjhipisi tsa ditapole tse romotsehang. Tafole e ne e kgabisitswe ka dipaletsa le balunu e ntle e bolou ya Ntjhanyana Beka.

“LENA KE LETSATSI LA KA LA TSWALO LE BILENG MONATE KA HO FETISISA!” ha rialo Nkgono. O ne a hlile a tseba, hobane Nkgono one a se a kile a eba le matsatsi a tswalo a ka bang mashome a robedi kapa a robong a tlileng pele ho lena!

 

Eba le boiqapelo!

Ngola lenane la dintho tsohle tseo batho ba paleng ena ba di fileng Nkgono ho etsa hore letsatsi la hae la tswalo e be le ikgethang.  Jwale kenya dintho tse ding tse tharo tseo o neng o ka rata ho di fa Nkgono hoja o ne o ka ya mmona ka letsatsi la hae la tswalo.