Ho tsoma sirilamunu
Home | Content | Ho tsoma sirilamunu

Written stories

Ho tsoma sirilamunu

Mehleng ya kgalekgale, ho ne ho ena le naha e neng e tletse ka mefuta yohle ya difate tsa ditholwana.

Tholwana e le nngwe feela eo ho neng ho se motho ya kileng a e bona le ho e latswa, e ne e le sirilamunu.

Ka tsatsi le leng, moradi wa Morena eo e neng e le thatohatsi, Bokang, a kula.

Dingaka tse ngata le boraditaola ba lekile ho mo thusa, empa Bokang o ne a sa fole.

Qetellong, ho ile ha bitswa mosadimoholo e mong wa ditaola. “Kaekae naheng ena ho na le sefate sa sirilamunu,”

a bolella Morena jwalo. “Ha o ka fa Bokang lero la sirilamunu e tswang ho sona, o tla fola …