Tau le Tshwene | Nal'ibali

Tau le Tshwene

Author

Ikeogu Oke

Ka tsatsi le leng Ntatemoholo o ne a batla ho re ruta thuto e maelana le tshepo le teboho, yaba o re phetela pale ka tau le tshwene.…

Tau le tshwene di ne di dula morung o teteaneng o nang le diphoofolo tse ding tse ngata. Tau e ne e sasanka fatshe ha tshwene yona e ne e dula hodima difate. Ka nako e nngwe tshwene e ne e theohela fatshe e tlo selasela dijo, kapa ha e ntse e tlola pakeng tsa difate tse arohaneng.

Ka tsatsi le leng tau ya bona sehlethela sa nama se beilweng hodima lekala le sephara la panana, fatshe hona morung moo. “Dijo tsa mahala tse fumanehang habonolo ke tseo”, a nahana jwalo, “Mh, di tla latsweha hamonate hakaakang, banna!”

Tau ya atamela bohareng ba lekala la panana ho nanabela nama e shebehang e dutlisa mathe, empa eitse hang ha a kenya meno ho yona, mobu o ka tlasa hae wa buleha. Yaba o wela ka lemeneng mmoho le nama le lekala la panana.

“Tau e ne e tla tseba jwang hore dijo tsa mahala hangata ha se tsa mahala; hore dijo tse fumanehang habonolo hangata ha di fumanehe ha bonolo jwaloka ha di shebeha?” ho rialo Ntatemoholo. “Odum, morena wa meru, o ne a tla tseba jwang hore nama eo e ne e le leraba le tjheilweng ke setsomi? Setsomi se ne se ile sa tjheka lemena mme sa le kwahela ka lekala la panana. Yaba se bea nama bohareng ba lekala mme sa kwahela lekala ka lehlabathe ho pata sefi seo. Ebe tau e makoko e ne e tla tseba jwang hore ho na le motho ya ka e phelephanyetsang ka tsela e jwalo morung oo e leng wa yona?” ho botsa Ntatemoholo.

Yaba Ntatemoholo o re binela pina:

“Mgbe iche na obu n’efu,

Lezie anya!

Lezie anya ma obu n’efu,

Lezie anya!”

E bolelang:

“Ha o nahana hore ke ya mahala,

Hlokomela!!

Hlokomela ho netefatsa hore ke ya mahala,

Hlokomela!”

Mokoti o ne o le monyane hoo tau e neng e ka kgona feela ho ema ka maoto a morao – e leng seemo se tshophodi haholo bakeng sa tau. Yaba e sheba kwana le kwana mme ya bona lefatshe le lefubedu ka hodima yona le le boreledi jwaloka lebota la silindara. Tau ya leka ka hohle ho hlwella ka hodima lemena, empa nako le nako ha e leka, mobu o ne o heleha ka tlasa maoto a yona mme e be e wela hape lemeneng.

Tau ya dula jwalo ka lemeneng leo ho fihlela e eba mantsiboya. E ne e kgathetse hona hoo e neng e se na le matla a ho ja nama. Yaba hanghang e bona mohatla o feta. Mohatla oo e ne e le wa Enwe, tshwene. O ne a ile a tlolela ka nqane ho mokoti. Tau ya hoeletsa e tlalletswe ke naha  e batla thuso. Enwe e ile ya makatswa ke seo e se bonang ha e sheba ka hara mokoti!

“Ebe morena o etsang sebakeng se tebileng se lefifi hakana?” e botsa tau.

“Ke wetse,” tau ya araba ka lentswe le fokolang. “Haesale ke le ka mona ho tloha hoseng. Jwale letsatsi le se le tla dikela. Ha ke batle ho shwela ka mona. Ako nthuse hle, ke a o kopa.”

Tshwene ya qeaqea pele mme ya qala ho itsamaela, empa tau ya e kopa ka mohau o fetisisang. Yaba tshwene e re ho tau, “Ke bolelletswe hore diphoofolo tsohle tse kileng tsa o etsetsa molemo o itseng, ha di a ka tsa phela hore di phete pale kamora moo.”

“Ke a tseba hore metswalle ya ka e hlalefile haholo hore e ka tsamaya e ntse e kgolwa mashano a kang ano a bolelwang ke dira tsa ka,” ho rialo tau. “mme ke o  nka jwaloka e mong wa metswalle ya ka. Ka kopo, a ko nthuse hle.”

Qetellong tshwene ya qenehela tau mme ya theolela mohatla wa yona jwalo ka thapo ka hara lemena. Tau ya itshwareletsa ka mohatla wa tshwene mme ya hlwella ka hodimo ka ona. Empa le ha e se e le ka hodima mokoti, tau ya dula e ntse e tshwere mohatla wa tshwene e o tiisitse.

“Hobaneng o ntse o tshwere mohatla wa ka? Ntlohele! Akere ke o thusitse ho tswa ka mokoting jwaloka ha o ne o nthapela?” Tshwene ya botsa tau.

Empa tau ya nna ya tiisa ho tshwara mohatla wa tshwene le ho feta, eitse ha tshwene e sheba ka hara mahlo a tau, ya bona mahlo a ileng a e tshosa haholo. E ne e so ka e sheba ka hara mahlo a tau e lapileng haesale e le yona. “Ke a o kopa hle, ntlohele!” tshwene ya hoeletsa. Empa tau ya nna ya tiisa le ho feta mohatleng mme mahlo a yona a ntse a eketseha ho tshabeha.

Hanghang, ha hlaha mosadimoholo e mong. O ne a ikela polasing ya hae ha a tla bona diphoofolo tsena tse pedi di qhwebeshana. A ema mme a ba botsa hore di tsekisanang. Tshwene ya mmolella hore e thusitse tau hore e tswe ka mokoting. “Empa jwale e ntse e tshwere mohatla wa ka e o tiisitse ha e batle ho ntlohela”, tshwene ya tletleba jwalo.

Kamora hoba tshwene e hlahise lehlakore la yona la taba tsena, mosadimoholo a botsa tau hore na ebe ke nnete na. Tau ya dumela ka ho oma ka hlooho. Yaba mosadimoholo o re ho tshwene. “Kopanya matsoho a hao o re,” ‘Jwale ke tlo bolawa ke mohau wa ka. Jwale ke tlo bolawa ke mohau wa ka.’” Yaba tshwene e kopanya matsoho e re, “Jwale ke tlo bolawa ka lebaka la mohau wa ka. Jwale ke tlo bolawa ka lebaka la mohau wa ka.”

Yaba mosadimoholo o retelehela ka ho tau a re, “Kopanya matsoho a hao o re, ‘Motho e mong o tlo shwela mohau wa hae. Motho e mong o tlo shwela mohau wa hae’”. Tau ya phahamisa leoto la yona la kapele le sa tshwarang ya re, “Motho e mong o tlo shwela mohau wa hae. Motho e mong o tlo shwela mohau wa hae”.

“Tjhe!” ho rialo mosadimoholo, “Ke itse o kopanye maoto a tshwarane, mme ke bolela maoto a hao a kapele, mme o bue mantswe ana.” Eitse ha tau e leka ho etsa jwalo mme e kopanya maoto a kapele, tshwene ya tjhopola ya baleha. Tau ya lelekisa tshwene ho fihlela tshwene e hlwella sefateng se haufi. Crestfallen, tau eo, ya hetla ya sheba mane moo di boneng mosadimoholo, empa o ne a se a le siyo.

Ntatemoholo a emisa mme a sheba difahlehlo tsa rona tseo jwale di neng di thabile ka lebaka la qetelo e monate hlakoreng la tshwene. Yaba o qala ho bina:  

“Ihe oma m egbula m o;

Ihe oma m egbula m o;

Onye m mere nma egbulam o;

Ihe oma m egbula m o.”

E leng se bolelang:

“Mohau wa ka ha o se ke wa mpolaya;

Mohau wa ka o se ke wa mpolaya;

Motho eo ke mo thusitseng a se ke a mpolaya;

Mohau wa ka o se ke wa mpolaya”

Odum ke tau ka se- Igbo.

Enwe ke tshwene ka se-Igbo.