Home | Story Resources | Multilingual stories | Kgaka e neng e behela mahe a kgauta

Kgaka e neng e behela mahe a kgauta

Author

Helen Brain

Illustrator

Samantha van Riet

Translator

Hilda Mohale

Kgalekgale ho ne ho ena le monna ya futsanehileng haholo ya neng a bitswa Mzi.

“Bana ba lapile, mme ha re na tjhelete ya ho reka dijo,” ha omana mosadi wa hae, Pumla. “Re tlilo etsa jwang?”

“Ke tla ya tsoma,” ha rialo Mzi. “Ha nka fumana kgaka e le nngwe feela, re tla ba le dijo tse monate.” Yaba o a tsamaya o ya naheng a nkile seqha sa hae le majwe a manyane. Hang a kopana le kgaka e nonneng sebakeng se bulehileng ka hara jwang bo bolelele. Mzi a supa ka seqha ka tlhokomelo mme o ne a le haufi le ho thunya ka seqha ha …

“Ke a o kopa hle, o se ke wa thunya,” ha lla kgaka, “ke nonyana e ikgethileng. Nka o etsa hore o be morui.”

Mzi a bea seqha fatshe. “O bolelang?” a botsa. “Na o ka hla wa nketsa morui?”

“Ke behela mahe a kgauta,” ha araba kgaka. “Ha o nka ntshepisa hore ha o no mpolaya, ke tla o behella lehe.”

Mzi a phamola nonyana eo mme a potlakela lapeng.

“Aha, dijo tsa mantsiboya,” ha thaba Pumla ha monna a fihla hae. “Hlaba kgaka eo ke tsebe ho e kenya ka pitseng.”

“Tjhe bo,” ha rialo Mzi. “Ena ha se nonyana feela tjena. Ena ke kgaka ya mehlolo e behelang mahe a kgauta.”

“O se ke wa tsamaya o kgolwakgolwa ntho e nngwe le e nngwe eo o e utlwang,” mosadi wa hae a tsheha. “Nneheletse selepe seo. Ke tla e bolaya ka bonna.”

Nonyana ya batho e ne e tshohile haholo. E ile ya kakatletsa haholo hoo e ileng ya behela lehe, hona moo pela monyako! Pumla a sheba lehe leo mme a panya. A pikitla mahlo a hae mme a le sheba hape. Lehe leo le ne le hlile e le la kgauta!

Guineafowl who laid golden eggs 1

Mzi a le phahamisa ka hloko. “Le boima haholo,” a rialo. “E lokela hore ebe e le kgauta e phethahetseng.”

“Kgauta ka sebele!” ha kakatletsa kgaka ka motlotlo.

“Re barui!” ha hoeletsa Mzi

“Na nka tsamaya jwale?” ha botsa kgaka.

“Tjhe bo,” ha omana Pumla, a phamola nonyana eo mme a e kenya ka hara hokwana. “O lokela ho dula mona o tsebe ho behela mahe a mang.”

 

Yaba Pumla le Mzi ba a tsamaya ba ya ho mohwebi wa kgauta. Ba rekisa lehe leo la kgauta ka tjhelete e ngata – e neng e lekane ho reka dijo selemo kaofela le mose o motjha bakeng sa Pumla. Mzi o ne a thabile haholo. Bana ba hae ba ne ba ena le dijo, mosadi wa hae a ena le mose o motjha mme yena a ena le kgaka ya mehlolo e behelang mahe a kgauta.

Hoseng ho hong le ho hong kamora moo lelapa leo le ne le fumana lehe ka hokong. E se kgale ba ne ba se ba ena le tsohle tseo pelo tsa bona di di lakatsang: ntlo e ntjha, koloi e ntsho e benyang, TV e sekerini se seholo, le diaparo tse ngata tse ntle tseo ba di aparang. Bosiu bo bong le bo bong ba ne ba ja dijo tse monate tsa maemo, mme batho bohle motseng oo ba ne ba ba honohela.

Empa Pumla o ne a sa thaba. “Ke batla dintho tse ding tse ngata! Kgaka, behela mahe a mabedi ka letsatsi,” a laela jwalo.

“Nka kgona ho behela lehe le le leng feela ka letsatsi,” ha araba nonyana eo.

“Empa ke batla ntlo e kgolo ho feta ena,” Pumla a rialo. “Ke batla koloi e ntle ho feta ena – e kgubedu kgetlong lena, mme ke batla ho hahlaula lefatshe ho pota, mme …”

“Empa re barui,” ha honotha Mzi. “Hobaneng o sa thabele hoo feela?”

“Ke batla tse ding,” ha araba Pumla. “Ke batla mahe a mabedi ka letsatsi le leng le le leng. Ke batla hore ke be motho ya ruileng ho feta bohle naheng ena yohle.”

“Tjhe, kwana nkeke ka kgona,” ha kakatletsa kgaka. “Ke kgona ho behela lehe le le leng feela ka letsatsi.”

“O tlamehile,” ha rialo Pumla, a tsoka selepe. Kgaka e ne e tshohile hoo maoto a yona a neng a thothomela mme yaba … e a sututsa mme ya penya ya kakatletsa ya ba ya lla mme … ha ba ha tswa lehe le leng! Letsatsi le leng le le leng ya kgona ho petetsa e ntsha mahe a mabedi.

Kamora dibeke tse mmalwa kamora moo Pumla o ne a ntse a sa kgotsofala hape. “Ke batla mahe a mararo ka letsatsi,” a rialo. “Ke batla ho ba motho ya ruileng ka ho fetisisa Afrika kaofela”

“Nke ke ka kgona ho behela mahe a mararo ka letsatsi,” ha bua kgaka e tshohile.

“Leka haholwanyane!” ha kgaruma Pumla. “Mphe mahe a mararo hona jwale, kapa ke tla o kgaola hlooho ena!”

Kgaka e tshohileng ya kakatletsa mme ya sututsa le ho penya mme ha betseha lehe le le leng. Yaba e a sututsa ya penya yaba ya kakatletsa mme qetellong ha tlola lehe la bobedi

“Le leng hape,” ha omana Pumla, “kapa ke tla o kgabela ke o etse dikotwana!”

Kgaka ya sututsa ya penya mme ya sututsa ya ba ya penya hape, mme hang … ya wela fatshe ya shwa.

Guineafowl who laid golden eggs 2

“Jwale o a bona hore o entseng!” ha kgaruma Mzi. “Kgaka ena ya batho jwale e shwele.”

“Ha re e bue,” ha hoeletsa Pumla. “E tlamehile hore e be e tletse mahe.” A phamola thipa mme a bula mpa ya kgaka eo. Empa ho ne ho sena mahe ka hare, mme ha ba ka ba hlola ba fumana mahe a kgauta hape.