Vase ya Mme e ntle ka ho fetisisa | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Vase ya Mme e ntle ka ho fetisisa

Written stories

Vase ya Mme e ntle ka ho fetisisa

Author

Helen Brain

Illustrator

Heidel Dedekind

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Ashley o ne a ntse a etsa phazele ya matswedintsweke ha kgaitsedi ya hae, Ben a kena ka phaposing ya phomolo. 

 

“Hosane ke Letsatsi la Bomme,” a rialo. “Re lokela ho etsetsa Mme ntho e itseng e kgethehileng haholo. Na o tla nthusa?” 

 

Ashley a opa matsoho. “Ehlile hle, Ben. Na re ya mabenkeleng?” 

 

“Tjhe, ke se ke mo reketse mpho. Na o batla ho tla e bona?” 

 

Ashley a latela kgaitsedi ya hae ho ya ka karatjheng. Hodima banka, ka tlasa lakane, ho ne ho ena le shelofo e ntle ya patsi e sebopeho sa pelo. 

 

“Ke ne ke re mohlomong re ka e penta e be botala ba lehodimo,” ha rialo Ben. 

 

“Ehlile bo,” Ashley a araba. “Mme o rata mmala o botala ba lehodimo haholo. O tlilo thabela mpho ya hae.” 

 

Ben a fumana diborosolo tse pedi tsa ho penta, le pampiri e mahwashe, mme ba qalella ho sebetsa. Ba qala pele ka ho hohla shelofo, mme ba e penta ka bosweu pele yaba ba qetella ka ho e penta ka botala ba lehodimo bo benyang. Shelofo eo e ne e le ntle haholo. 

 

“Le etsang ka moo lona ba babedi?” Mme a ba botsa ha a fihla ho tswa mabenkeleng. 

 

“Ha ho letho! Tsamaya!” ha hoeletsa Ben. 

 

“Re tlo o makatsa,” Ashley a qaboha. 

 

Mantsiboyeng ao Mme a ya moo ho lokiswang meriri teng. 

 

“Potlaka, Ashley,” ha rialo Ben, “ke nako ya ho aha shelofo. Ke kopa o tshware dikurufu le sekurufudraeva ha nna ke ntse ke phunya masoba leboteng? O se ke wa lahla dikurufu tseo. Ha ke sa na tse ding.” 

 

Ashley a tshwara sekurufudraeva le dikurufu ka thata ha Ben a metha moo shelofo e tlang ho kena teng leboteng. Yaba o ikwala ditsebe ha Ben a phunya masoba a mararo. 

 

“Ha se moo,” ha rialo Ben. “Jwale nneheletse sekurufu sa pele.” A kurufella shelofo leboteng ka hloko. “Jwale nneheletse dikurufu tse ding tse pedi, Ashley,” a rialo. 

 

Empa Ashley a fumana se le seng feela. Se seng se ne se se ka pokothong ya hae. Se ne se se fatshe, kapa kamora soufa. Se ne se lahlehile. E ne e se e tla ba hora ya 5. Mme o ne a ka nna a fihla neng kapa neng. 

 

“Se kgathatsehe,” ha rialo Ben. “Sena se tla sebetsa hajwale. Ke tla reka se seng hara beke.” 

 

“Re tla bea eng hodima shelofo?” ha botsa Ashley. 

 

“Ke nahana hore re behe vase ya mme e ntle ka ho fetisisa eo nkgono a mo fileng yona,” ha rialo Ben. “Le mabolakare a hae ao a a ratang.” 

 

“Le kgau eo ke e hapileng sekolong bakeng sa ho feta bana bohle ka ho bala?” ha botsa Ashley. 

 

“Hantle haholo,” ha rialo Ben. “Le senepe sa Mme moo a nang le nna le wena ha o ne o sa le lesea. O rata setshwantsho seo haholo.” 

 

Ba hlophisa dintho tse kgethehileng tsa Mme ka hloko hodima shelofo. Yaba Ben o ala lakane hodima shelofo hore e se ke ya bonahala. 

 

Ka mora metsotso e se mekae Mme a kgutlela lapeng. “Dumelang, dumelang,” Mme a hoeletsa. “Le ne le ntse le etsang lona ba babedi?” 

 

“Re tlilo o makatsa,” ha tsheha Ashley, “mme wena ha o a dumellwa ho sheba se ka mora lakane ena.” 

 

“Ke thabile haholo,” ha rialo Mme. “Ke na le bonnete ba hore ke ntho e ntle haholo.” 

 

“Na o a tshepisa hore o keke wa nyarela?” ha botsa Ashley ka nako ya ho robala. 

 

Mme wa hae a mo katela dikobo mme a mo suna a ba a mo haka. “O ngwananyana wa ka ya ratehang haholo. Ke tshepisa hore nkeke ka phahamisa le hukunyana feela ya lakane.” 

 

Bosiu bo ne bo se bo tla sa ha Ashley a tsoswa ke ho swahlamana ho hoholo. A tlola a theoha betheng. Ben le Mme ba ne ba eme ka phaposing ya ho phomola, ba tjametse bohlaswa bo tshabehang fatshe. 

 

“Tjhe bo,” Ben a lla, “shelofo e wele leboteng.” 

 

“Tjhe bo,” ha lla le Ashley, “Mpho ya Mme ya Letsatsi la Bomme e senyehile.” 

 

“Tjhe bo,” Mme a lla, “vase ya ka eo ke e ratang e tjhwatlehile dikotwana.” 

 

Bohle ba ne ba sulafaletswe. Mme a dula hodima sofa mme a leka ho se lle. 

 

“Re tla hlwekisa,” ha rialo Ben. “Mme, kgutlela dikobong o robale.” 

 

“Letsatsi le Monate la Bomme,” ha rialo Ashley a saretswe. 

 

Ben a nka lefielo mme a fiela dikotwana tsohle tsa vase ya Mme eo a e ratang. O ne a kgenne haholo. “Nkgono wa Mme o ne a mo fe vase eo mme jwale e tjhwatlehile.” Yaba o tshela dikotwana tseo ka hara moqomo wa matlakala. “Re lokela ho kgutlela dikobong le rona,” ha rialo Ben a bua le Ashley. “Ha e so be nako ya ho tsoha.” 

 

Ashley a sheba shelofo e wetseng fatshe. E ne e le mpho e ntle haholo. Jwale ba ne ba se na letho leo ba ka le fang Mme ha a tsoha. 

 

Ashley a nyarela ka hara moqomo wa matlakala. Dikotwana tsohle tsa vase ya Mme di ne di le ka moo. Mohlomong o ne a ka sebedisa sekgomaretsi mme a e lokisa? A nka moqomo oo mme a mathela ka ntle ho ya karatjheng. Mane hodima shelofo ho ne ho ena le pitsana e kgolo ya sekgomaretsi. Yaba o ala dikoranta hodima banka ya ho sebeletsa mme a tsholla tsohle tse ka hara moqomo. Ho ne ho ena le dikotwana tse ngata haholo! O ne a tla tseba jwang hore sefe se kena hokae? 

 

“Ke a bona!” a hoeletsa. “E tshwana le phazele ya matswedintsweke. Dikotwana tse ngata tse ka kopanang mmoho. Ke tla qala pele ka ho batla tsohle tse nang le maphethelo a otlolohileng. E lokela e be tsona molomo wa vase . Mme sena se seholo sona se na le mohele, kahoo e tlamehile hore e be lehlakore la yona. Mme ho tshwanetse ho be le mohele o mong – heke, ke ona.” 

 

Ha a se a adile dikotwana tsohle ka tsela e nepahetseng a qalella ho di kgomaretsa mmoho. E ne e le mosebetsi o boima. Sekgomaretsi se ne se kgomaretse menwaneng ya hae, mme a tlameha ho emela hore dikotwana tseo di ome. Ho ile ha nka nako e telele haholo. 

 

Qetellong vase eo e ne e fedile. E ne e sa tshwane hantle le ya pele. Ena yona e ne e ena le leqhutsu ka lehlakoreng le leng, mme molomo wa yona o sothehile hanyane, empa Ashley o ne a tseba hore Mme a keke a bona phapang. 

 

Ashley a sheba ka ntle ho fensetere. Moahisane, Mof Du Toit, o ne a nosetsa meroho ya hae. Mof Du Toit o ne a le bohlale haholo mme a kgona ho etsa eng kapa eng. Ashley a mathela terateng. “Ke kopa hore o nkadime sekurufu se le seng mme o nthuse ho lokisa shelofo?” a kopa, mme a bolella Mof Du Toit ditaba tsohle. 

 

“Ho lokile,” ha araba Mof Du Toit. “Ke tla tla kamoo hanghang.” 

 

Mme a tsoha ka hora ya 9. O ne a ntse a hloname. A fumana Ashley a kgalehile hodima sofa, mme lakane e kwahetse ho hong leboteng. 

 

“O ne o ntse o etsang hoseng hohle, Ashley?” a botsa. 

 

“Semaka!” ha hoeletsa Ashley. “Letsatsi la Bomme le Monate. Mpho ya hao e ka mora lakane eo.” 

 

Mme a tlosa lakane leboteng ka hloko. Ho ne ho ena le shelofo e botala ba lehodimo e nang le mabolakare, le senepe, le kgau, le … VASE YA MME E NTLE KA HO FETISISA. 

 

Mme a opa matsoho. “O e kgomareditse!” a makala. “E tshwana feela le e ntjha. E ntle ho feta e ntjha. Ke mpho e ntle ka ho fetisisa eo ke qalang ho e fumana,” a rialo, a haka Ashley haholo feela. 

 

Ben le yena a haka Ashley. “O bohlale haholo!” a rialo. “O entse Letsatsi la Bomme le atlehe.” 

 

Ashley o ne a le motlotlo. Vase ya Mme e ne e sa tshwane hantle le pele, empa e ne e ntse e shebeha hantle hodima shelofo e ntjha e botala ba lehodimo.