Home | Story Resources | Multilingual stories | Thukile ya Sethoto

Thukile ya Sethoto

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Kgalekgale ho ne ho ena le mohlankana ya bitswang Thukile. O ne a dula le mmae tlung e nyane. Ba ne ba futsanehile haholo mme tjheletana eo mmae a neng a kgona ho e etsa e ne e le ka ho rekisa mahe a neng a behelwa ke kgoho ya hae.

Thukile o ne a le botswa hoo a neng a sa etse letho. O ne a ka paqama moriting ha e le lehlabula mme a dule mollong ha e le mariha. Mmae o ne a sa kgone ho mo qobella hore a mo thuse ka ntho efe kapa efe.

Ka tsatsi le leng Mantaha hoseng mmae o ne a halefile hoo a ileng a re, “Thukile, haeba o sa tsamaye ho ya sebetsa bakeng sa hore o iphepe ke tla o leleka tlung ena ya ka.”

SillyThukile1

Sena se ile sa kgathatsa Thukile. “Ke tla tshwanela ho etsa ho hong,” a rialo. “Kgetlong lena mme o utlwahala a halefile e le ka nnete.”

Yaba ka Labobedi o ya ho rapolasi ya mose wane ho noka mme a kopa mosebetsi. Rapolasi a re Thukile a lokise terata ya hae. Bakeng sa mosebetsi ona o ile a lefshwa ka dikhoine tse mmalwa tsa silivera. Thukile o ne a eso ka a eba le tjhelete hohang bophelong ba hae. A tshwara dikhoine tseo ka letsohong la hae mme a nna a di bapadisa a di tlolatlodisa hore a kgone ho di bona hantle di benya letsatsing. Pele a tshelela ka nqane ho noka o ne a se a lahlehetswe ke dikhoine tsa hae kaofela.

“Moshanyana towe ya sethoto,” mmae a rialo ha a fihla lapeng, “o ne o tshwanetse hore ebe o ile wa di boloka hantle ka pokothong ya hao.”

“Oh,” ho rialo Thukile, “ke tla etsa jwalo nakong e tlang.”

Ka Laboraro Thukile a tsamaya hape. “Na nka o thusa ka dikgomo tsa hao?” a botsa rapolasi e mong.

“Ho lokile,” ho rialo rapolasi, “mme nna ke tla o fa jeke ya lebese e le tefo bakeng sa mosebetsi wa hao.”

Ha letsatsi le dikela rapolasi a nea Thukile jeke ya lebese. Thukile a nka jeke eo mme a e kenya ka pokothong e kgolo ya jase ya hae, hantle ka tsela eo mmae a neng a mo laetse ka yona. Qhapha! Qhapha! Qhapha! Lebese la tsholoha jwalo ha a ntse a tsamaya tseleng mme jeke e ne e se e sena letho ka nako eo a fihlang lapeng.

“Ao basadi!” ho rialo mmae. “O FELA O LE SETHOTO! O ne o tshwanetse hore ebe o rwetse jeke eo hloohong ya hao.”

“Ho lokile,” ho rialo Thukile, “ke tla etsa jwalo nakong e tlang.”

Ka Labone, Thukile a ya ho mosadi ya etsang yokate. O ile a dumela hore o tla mo fa yokate haeba a ka mo thusa. Mantsiboyeng ao a fa Thukile yokate. E ne e tshetswe setshelong sa polasetike se bulehileng se neng se phuthetswe ka lesela. Thukile a ya lapeng a rwetse setshelo seo hloohong hobane ke seo a ileng a se bolellwa ke mmae hore a se etse. Empa yare ka nako eo a fihlang lapeng ka yona, ho ne ho setse yokate e nyane haholo ka hara setshelo. E nngwe ya yona e ne e tsholohetse fatshe, e nngwe ya yona e ne e kgomaretse moriring wa hae.

“Thukile, o moshanyana ya thotofetseng,” mmae a rialo “o ne o tshwanetse hore o e tshware hantle ka matsoho a hao.”

“Oh!” ho rialo Thukile. “Ho lokile, ke tla etsa jwalo nakong e tlang.”

Ka Labohlano, Thukile a tsamaya hape. Kgetlong lena o ile a ya sebeletsa ralebaka. Ralebaka o ne a se na letho ha e se feela ntja eo a neng a ka e fa Thukile bakeng sa mosebetsi wa hae. Yaba pheletsong ya letsatsi ralebaka o mo lefa ka ho mo fa ntja. Thukile a nka ntja eo mme a tsamaya ho leba lapeng a e kukile ka hloko ka matsohong a hae.

“Mme wa ka o itse ke o tshware tjena,” Thukile a bolella ntja eo. Ese kgale, ntja ya qala ho tsetsela le ho meneka. Yaba e qala ho mo ngwapa le ho mo loma ha bohloko hoo a ileng a tlameha ho e tlohela.

Ha a fihla lapeng, mmae a re ho yena, “Oho, Thukile, o sethoto ka nnete. O ne o tlamehile hore ebe o ile wa e fasa ka lerapo molaleng mme wa e tshwara hore e kgone ho o sala morao.”

“Ho lokile,” ho rialo Thukile, “Ke tla etsa jwalo hosane.”

Tsatsing le latelang e ne e le Moqebelo mme Thukile o ile a ya sebeletsa raselaga. Kgetlong lena o ile a lefshwa ka leqa le leholo la nama. Yaba o nka leqa leo la nama, a le tlama ka lerapo mme a etsa hantle seo mmae a mo laetseng sona – a e hulanya kamora hae a ntse a tsamaya! Ka nako eo a fihlang hae ka yona nama eo e ne e senyehile hohle.

Nakong ena mmae o ne a mo halefetse le ho feta. “Ke tlilo etsa jwang ka wena?” a botsa. “Hosane ke Sontaha mme re tlilo ja khabetjhe feela bakeng sa dijo tsa mantsiboya. O sethoto, o ne o tlamehile ho jara nama eo mahetleng a hao.”

“Ke tla etsa jwalo nakong e tlang,” ho araba Thukile.

Ka Mantaha, Thukile a tsamaya hape mme a ya sebeletsa motho e mong ya ileng a mo fa tonki bakeng sa tefo. Jwale, leha Thukile a ne a le matla haholo, ho ne ho le boima ho yena ho jara tonki eo mahetleng a hae. A leka ka hohle, a sokola, empa qetellong a kgona ho nyollela tonki eo mahetleng a hae, jwalo feela ka ha mmae a mo laetse. Yaba o qala ho tsamaya butle a leba lapeng.

Tseleng e lebang lapeng, Thukile o ne a tlameha ho feta pela ntlo ya moruihadi e mong tjena. Monna eo wa morui o ne a ena le moradi a le mong feela. O ne a le motle haholo, empa ka dilemo tse ngata o ne a eso ka a bua lentswe le le leng. Hape o ne a eso ka a tsheha bophelong bohle ba hae. Dingaka di ne di itse o tla kgona ho bua hape ha ho ka ba le motho ya ka etsang hore a tshehe. Monna wa morui o ne a ngongorehile ka moradi wa hae hoo a ileng a re motho ofe kapa ofe ya ka etsang hore a tshehe, o tla mo dumella ho mo nyala.

Ngwanana eo ya motle o ne a shebile ka ntle ho fensetere ha Thukile a feta a jere tonki mahetleng a hae. Maoto a tonki a ne a satalletse a ile hodimo moyeng mme hoo ho ne ho qabola haholo hoo ngwanana eo a ileng a keketeha haholo. Mme hang o ile a qala ho tseba ho bua hape.

SillyThukile2

Monna wa morui o ne a thabile haholo, mme a boloka tshepiso ya hae – o ile a re moradi wa hae le Thukile ba ka nna ba nyalana. Thukile o ile a fetoha moruihadi feela ka lebaka la hore o ne a bile sethoto hoo a ileng a jara tonki mahetleng a hae!

Ho tloha letsatsing leo, Thukile a dula tlung e kgolo le mosadi wa hae le mmae ya ileng a se hlole a sebetsa hape bophelong ba hae. Mme he, haele Thukile yena a se hlole a lokela ho jara eng kapa eng ka boyena hape.