Thuhlo le mopheme
Home | Written stories | Multilingual stories | Thuhlo le mopheme

Written stories

Thuhlo le mopheme

Author

Nicky Webb

Illustrator

Simphiwe Mangole

Translator

Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgale ho ne ho ena le thuhlo le mopheme o ditsebe tsa mankgane, mme e ne e le metswalle e meholo. Bobedi ba bona ba ne ba tseba ho utswa mme ba dula ba le mmoho ba etsa dintho tse tswileng tseleng.

Ka tsatsi le leng Mopheme o ne a ikutlwa a lapile. “Tloo, motswalle wa ka,” a rialo ho Thuhlo. “Ha re tshele noka mme re ilo utswa dijo polasing e ka nqane.”

“Ke monahano o motle!” ha rialo thuhlo, a itatswa melomo. “Ke utlwa ke lakatsa lehapu le monate.”

Thuhlo le mopheme ba tshela noka. Mopheme a itshwareletsa ka thata molaleng o molelele wa thuhlo hobane o ne a sa tsebe ho sesa.

Ka nqane ho noka, mopheme ya masene a etsa lesoba terateng ya rapolasi ka meno a hae a bohale. Yaba mopheme le thuhlo ba itshunya lesobeng la terata ka lenyele ho ya utswa dijo ka nqane. Mopheme a utswa mahe a mahlano serobeng sa dikgoho mme thuhlo a hlafuna lethisi e neng e le nngwe. Thuhlo o ne a qala ho ja lehapu le tletseng metsi a monate ha mopheme a phahamisa nko ya hae a ngaya haholo.

“Shhhhh,” ha hweshetsa thuhlo a tshwela dikotwana tsa lehapu hodima mopheme.

“O bolelang ha o re, ‘shhhhh’?” ha botsa mopheme a itlhakola molomo. “Kamehla ke a bina ha ke qetile ho ja. Ke moetlo wa ka.”

“Ho lokile, nkemele le nna ke qete lehapu la ka,” thuhlo a nna a hlafuna. “Ho seng jwalo rapolasi o tla o utlwa mme a tla ho re lelekisa.”

Mopheme o ne a kgathetse ke ho ema. A nyolla nko ya hae moyeng hape mme a qalella ho bina, “Owoooooooo!”

Rapolasi o ne a ntse a eja dijo tsa motsheare ha a utlwa morpheme o ngaya. A mathela ka ntle a tshwere molamu wa hae o moholo. Mopheme a mmona a etla, mme, ka potlako e kgolo, a monyoha lesobeng la terata mme a baleha pele rapolasi a mmona.

Thuhlo wa batho, ka nqena, o ne a eme a takaladitse ka maoto a ka pele a leka ho natefelwa ke sekotwana sa ho qetela sa lehapu. Ha a bona rapolasi a etla, a leka ho ema ka maoto a balehe, empa maoto a hae a fasahana mme a wela fatshe.

“O se ke wa hlola, le kgale, o nkutswetsa hape!” ha omana rapolasi, a otla thuhlo ka molamu wa hae.

Qetellong ha thuhlo a kgona ho baleha, o ne a ruruhile mmeleng kaofela mme a halefetse mopheme haholo. A qhiletsa ho tshela noka moo mopheme a neng a eme a hemesela teng ka tlasa sefate.

“O mofuta wa motswalle hle!” ha omana thuhlo, a tsosa mopheme. “Ke leboha ho bina ha hao ho entseng hore ke otluwe ho fihlela ke eba botsho le botala.”

“O se ke wa halefa,” ha rialo mopheme. “Ke o bolelletse hore kamehla ke a bina ha ke qeta ho ja. Jwale ha re tshele noka re kgutlele hae.”

Mopheme a itshwareletsa molaleng wa thuhlo mme thuhlo a sesa ka hara noka. Ha thuhlo a fihla moo ho tebileng haholo ka hara noka, a re ho mopheme, “Ke tlilo tola jwale. Kamora ho otlwa hakana ke ikutlwa ke tjhesa ke kgathatsehile.”

“O se ke wa etsa jwalo!” ha rialo mopheme, a tonetse thuhlo mahlo a tshohile haholo. “Ha o ka qwela metsing, ke tla kgangwa ke metsi! Ha ke tsebe ho sesa!”

“Empa ke tshwanetse ho tola,” ha rialo thuhlo. “Ke moetlo wa ka.” Ha a rialo, thuhlo a qwela ka tlasa metsi. Mopheme a pharusela a raharaha ka maoto.

“Thusang! Thusang! Ke a dikela!” mopheme a bokolla.

Thuhlo o ne a kgenne haholo ka ho otlwa ha hae, empa a ikutlwa hampe ha a shebelletse mopheme a pharusela ka hara metsi. Mopheme e ne e le motswalle wa hae leha ho le jwalo. Thuhlo a kenya hlooho ya hae ka hara metsi mme a e sebedisa ho nyollela morpheme hodima molala wa hae. Mopheme a kgohlela a kganngwe mme a itshwareletsa ka thata molaleng wa thuhlo eka o a shwa.

Ha ba fihla ka nqane ho noka, mopheme a nahana ka seo a se entseng ho motswalle wa hae. “Thuhlo?” a rialo a buela fatshe.

“O reng, Mopheme?” ha araba thuhlo.

“Ke maswabi ka ho o tshwara hampe. Ke a bona hore seo o se entseng ho nna e ne e le ka lebaka la tsela e mpe eo ke ileng ka o tshwara ka yona pejana,” ha rialo Mopheme. 

Thuhlo a dumela ka hlooho. “Ho jwalo,” a rialo. “Ke ne ke iphetetsa ho seo o nkentseng sona.”

“O ntshwarele,” ha rialo mopheme.

Yaba, mopheme le thuhlo ba ithuta hore ho bohlokwa ho tshwara ba bang ka tsela eo le wena o tlang ho thabela hore ba o tshware ka yona, mme ho tloha tsatsing leo, ba dula ba etsa jwalo. Ho fihlela le hodimo lena, e sa ntse e le metswalle ya hlooho ya kgomo.

Eba le boiqapelo!

Ha le qeta ho bala Thuhlo le mopheme, buisana le bana ba hao mabapi le kamoo ba lakatsang hore metswalle ya bona e ba tshware ka teng mme ebe o sebedisa ditlhahiso tsa bona ho ngola lenane mmoho le bitswang, Mekgwa e 10 ya ho ba motswalle wa sebele.