Thoko o fuwa naledi ya kgauta o bile o a sunwa | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Thoko o fuwa naledi ya kgauta o bile o a sunwa

Thoko o fuwa naledi ya kgauta o bile o a sunwa

Author

Niki Daly

Illustrator

Niki Daly

Translator

Mpho Dellynah Masipa

Labohlano haesale e le letsatsi le leholo la “Dikgau tsa Dinaledi”.

Ho fihlela jwale, Thoko o ne a se a fumane naledi e tshehla bakeng sa dipalo tsa Mmetse, naledi e kgubedu bakeng sa mongolo o makgethe le naledi e bolou bakeng sa “matsoho a hlwekileng”. Dinaledi tse tala e ne e le tsa ho thusa Mof McKensie ho kuka mokotlana wa hae o moholo ho tloha koloing ho ya ka phaposing ya borutelo. O fumane naledi ya kgauta bakeng sa ho bala. Dinaledi tsa kgauta di tswa pele!

Dinaledi di ne di dula di ntshwa pele tshepe ya ho tswa ha sekolo e lla mme bohle ba tswa ba potlakile ho ya kopana le bomma bona, bontata bona, bonkgonwa bona kapa borakgadia bona lebaleng la dipapadi. Bohle, kantle ho Thoko, ba neng ba dula haufi, ba ne ba kgona ho otlolla maoto ba ya lapeng. Thoko o ne a dula le mmae kamora lebenkele la ho roka diaparo la Nkgonwae.

Labohlano e ne e boetse e le letsatsi le monate hobane Thoko o ne a fuwa tjhelete ya ho ithekela dimonamone tseleng ha a ya hae. Labohlano lena e ne e le Labohlano la lehlohonolo ka ho fetisisa hobane Thoko o ile a finyella pakeng ya makoloi hantle ka nako e nepahetseng, bakeng sa ho thusa Mof McKensie ho jara mokotlana wa hae o moholo ho o isa phaposing ya borutelo. Mohlomong o ne a tla fumana naledi e tala. Naledi ya kgauta bakeng sa ho bala le yona e ne e tla ba betere, ehlile.

Morao tjena, Thoko o ne a ile a etsa matsapa a ho ntlafatsa ho bala ha hae – ho bala ka bokgabane, ho kgefutsa kamora feelwane le ho emisa ho letshwao la kgutlo bakeng sa ho kga moya. Mmadi ya ipabotseng e bile Brendan, eo bana ba neng ba mmitsa “Mahlo a Meharo” hobane o ne a bala dibuka tse ngata ho feta.

Thoko o ile a thusa Mof McKensie ho fana ka maqephe a mosebetsi. Maqephe a mosebetsi a Labohlano e ne e le feela a nako – mme nako e ne e dieha haholo bakeng sa Thoko. Ha fela a ne a ka kgona ho etsa hore matsoho ane a tshupanakong e takilweng a potolohe mme a emise ha a fihla Nakong ya Dikgau tsa Dinaledi! Ka nako ya mmino, o ne a se a sa ipatle, a tatetse hore mola wa ho qetela wa pina e ntjha o fihle. Jo, ho emela Dikgau tsa Dinaledi ho ne ho le bohloko hle.

Nakothuto ya ho qetela ya letsatsi la sekolo e ne e le e se nang thuto, kahoo Thoko a ikemisetsa ho bala. Yare ha a ntse a bala, a qetella a lebetse ka nako – a qala ka buka ya pele, yaba ho tla e nngwe, le e nngwe hape. Ka nako eo a seng a ekeditse dihlooho tsa dibuka lenaneng la hae la ho bala, Mof McKensie e ne e se e le malalaalaotswe ho tsebisa bahlodi ba dinaledi.

Shane, Rapelang, Thabang le Lebohang, bohle ba ile ba fumana dinaledi tse tshehla. Gift, Gaswin, Palesa, Lefaso le Kay-Lee ba fumana dinaledi tse kgubedu. Babiki, Dineo le Miscka ba fumana dinaledi tse tala. Mme Nthabeleng, ya ileng a kgona ho hlatswa mabenyane a neng a le matsohong a hae ka nako ya kgefutso, a fumana naledi e bolou. Yaba Thoko o utlwa lebitso la hae le bitswa.

“Thoko le Brendan,” Mof McKensie a hoa jwalo, a shebile manane a ho bala. Brendan o ne a badile dibuka tse hlano, mme Thoko yena a badile tse tsheletseng! Yaka a ka qhibidiha ke thabo ha Mof McKensie a maneha naledi ya kgauta phatleng ya hae.

“Kete-kete-kete!” tshepe ya sekolo ya lla mme Thoko a nka ka sekaja ho ya tswa ka diheke tsa sekolo. O ne a se a tatetse ho ya bontsha Mmae le Nkgonwae naledi ya hae ya kgauta. Ha a feta setendeng sa Mof Ismail sa makwenya a monate, sefahleho sa hae se ne se tjhesa ke ho matha. Moradinyana wa Mof Ismail, Sharifa, o ne a ikgakantse eka ke monga lebenkele. A nea Thoko lekwenya le nang le senoko se monate le le ka mokotlanyaneng wa pampiri a nto bososela ha monate. “Ke a leboha”, a rialo Thoko a bile a nka ka sekaja.

“Mme! Nkgono!” a hoeletsa a se a itshohlometsa ka monyako wa ka pele, “shebang hore ke fumane eng?”

Nkgono a inamoloha moo a ntseng a roka teng yaba Mme yena o nyarela hukung.

“Dumela, Thoko!” ba rialo. “Ho ne ho le jwang sekolong?”

“Shebang!” ho rialo Thoko. Mme le Nkgono ba sheba moo Thoko a supileng teng phatleng ya hae.

“Re shebe eng, Thoko?” ho botsa Nkgono.

“Naledi ya ka ya kgauta!” ho rialo Thoko a se a teneha.

“Naledi efe ya kgauta?” ha botsa Mme.

“Ena,” ho rialo Thoko, a phopholetsa ka menwana phatleng ya hae. Empa a utlwa letlalo le boreledi feela! Naledi ya Kgauta e ne e ile! Thoko a bokolla ha a ntse a hlalosa kamoo a ileng a fumana naledi ya kgauta ka teng bakeng sa ho bala.

“O qetetse neng ho e bona?” ho botsa Mme.

“Sekolong,” Thoko a araba.

“O ile wa etsang ha sekolo se etswa?” ha botsa Nkgono. A ntse a lla, Thoko a bolela tsela yohle eo a e tsamaileng ho tswa sekolong.

“Tjhe bo, kwana e ne mpa e le naledi ya pampiri feela,” ho rialo Mme. Empa ha ho jwalo. E ne e le naledi e ikgethileng haholo ya kgauta.

“Hlakola meokgo he, re tla ya re ilo batlana le naledi ya hao ya kgauta,” ho rialo Nkgono.

Nkgono a thusa Thoko ho menahana le mehlala ka tsela eo a tlileng ka yona ho tloha hukung ho ya mmileng o lebang sekolong. Mme ha ba fihla ha Mof Ismail moo ho rekiswang makwenya ba fumana naledi ya kgauta ya Thoko – e maname phatleng ya moradinyana wa Mof Ismail! Ha Mof Ismail a utlwa pale e bohloko ya Thoko, a re, “Sharifa rato la ka, naledi eno eo o e thotseng fatshe ke ya Thoko.” Empa Sharifa o ne a se a rata naledi ya kgauta ya Thoko haholo. Eitse ha Mof Ismail a leka ho e tlosa, a bokolla haholo hoo bafeta ka tsela ba ileng ba nahana hore o a fenethwa.

Nkgono a sheba Thoko. “Sharifa o monyane haholo ho ka utlwisisa se lokileng. Empa wena o se o le moholo hoo o ka kgonang ho mo nahanela. Mo tlohele a inkele naledi ya hao ya kgautla,” a rialo. Thoko a e nahaninisa metsotswana e se mekae. Dihuku tsa naledi ya kgauta di ne di se di kobehile, mme e ne e shebahala eka e ka tloha e wa hape. “Ho lokile” ha rialo Thoko, “Sharifa a ka nna a e nka.” Empa ka hare o ne a ntse a hlokofetse. Ho ne ho se bonolo jwalo ho hapa dinaledi tsa kgauta.

Yaba ka nako ya ho robala, Nkgono o tlisetsa Thoko ho hong ho kgethehileng hoo a ho entseng – naledi e phatsimang ya kgauta e tleliping ya moriri. “Sena ke bakeng la hobane o le mmadi ya hlwahlwa,” ho rialo Nkgono. Yaba o suna Thoko phatleng mme a hweshetsa, “Ebile ke ka lebaka la hobane o le ngwanana ya mosa ya bohlale.” Thoko a itshwara phatleng mme a nahana haholwanyane ha a ntse a eya le sephume sa boroko: Dinaledi tsa kgauta di a kobeha di be di wele fatshe. Athe ho suna ho na le moelelo wa nako e telele!”