Thembela moyeng
Home | Written stories | Multilingual stories | Thembela moyeng

Written stories

Thembela moyeng

Author

Leo Daly

Illustrator

Magriet Brink

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

“Hela bo, Thembela!” ho hoeletsa Mme. “Ho moya haholo ka ntle ka mono. Kena ka tlung, ho seng jwalo o tla tshwarwa ke sefuba.”

Empa Thembela ha a mamele hobane o natefetswe haholo. Moriri wa hae o fofela ka hodima hlooho ya hae, mme jwale o ntse o mo thetsa le ditsebe tsena. Mose wa hae o utlwahala jwalo ka khaete mme Thembela o na le bonnete ba hore ha a ne a rata, o ne a ka fofela hole kwana – hodimo marung.

“Moya ona o monate hle Mme,” a tsheha. “Ha ke batle ho kena ka tlung.”

thembela-1-colour

“O tshwanetse Thembela,” ho araba Mme. “Ha ho a loka ka ntle ka mono – ho kotsi haholo.”

Thembela a phahamisetsa matsoho a hae lehlakoreng mme a a isa hodimo le tlase jwaloka nonyana. “Ho lokile he,” a bososela. “Ke tla kena ka tlung.”

Ha a rialo, a tlola. Ke elwa a potoloha jarete mme a ikutlwa eka o a fofa. Moya wa mo phuthela mme wa mo sutuletsa kwana ho Mme, mme yena a mo kwalla ka hare.

“Shu, Thembela! Ha o a kgathala ke ho fofa hakana? Hobaneng o sa hlape ka metsi a futhumetseng mme ha o qeta ebe o ilo robala?”

Ha Mme a tla ka kamoreng ho tla robatsa Thembela, a re, “Kgele, Thembela, ke a kgolwa hore ke wena feela lefatsheng mona motho ya ratang moya.” Pele Mme a tsamaya, Thembela a mo kopa hore a bule digaretene hore a tle a shebelle maru ha a ntse a potoloha esitana le makala a difate ha a ntse a eya kwana le kwana. A suna mme wa hae ho mo fonanisa yaba o a kgaleha.

Mafelong ao a beke, Mme o ne a tlameha ho ya toropong, kahoo Mmangwane Ida a tla ho tla sala ntlong.

“Helang,” ho rialo Mmangwane Ida a hemela hodimo, “Ke utlwile ditabeng ho thwe ho tlo ba le sefefo !”

Motsheare ohle maru a ne a ntse a bokellana hodimo ho fihlela ho eba lefifi jwaloka bosiu. Yaba pula e qala ho na. Thembela ha a kgolwe mahlo a hae. Ho na pula e ngata ka tsela eo a so kang a e bona mme hang ho tletse diqanthana tsa metsi hohle mona. Empa Thembela o a bososela. O hula jase ya hae ya pula mme o rwala dikgohlopo tsa hae mme o mathela ka ntle.

“Tjhe, Thembela!” ho hoeletsa Mmangwane Ida. “Kena ka tlung hona jwale!”

Empa Thembela ha a mamele hobane o natefetswe haholo. O a tsheha ha moya o ntse o pheula jase ya hae ya pula mme o tlala ka hara katiba ya yona jwaloka balunu. “Ha nka phahamisa diphaka tsa ka,” o rialo a keketeha, “nka nna ka fofa!”

Jwale Mmangwane Ida o mathela ka ntle a apere kaone ya hae e pinki mme o kgutla a nkile Thembela ho kena le yena ka tlung. “Ha ho na motho ya ratang moya,” ho rialo Mmangwane Ida. “O lerata ebile o a bata mme hohang ha o a loka.”

Ha Mmangwane Ida a tla ho tla mo katela dikobo , Thembela o mo kopa hore a bule digaretene hore a tle a kgone ho shebella difate ha di fokwa ke moya le maru ha a potoloha sebakeng. Empa Mmangwane Ida o re, “Tjhe! Le kgale, hohang bo!” O kwala digaretene. “Jwale ha re tshepeng hore ntlo ena e keke ya hoholwa ke metsi ka lebaka la pula ena e kana,” ho rialo Mmangwane Ida a thothomela.

Thembela o utlwa ho duma ha maru le sefefo le ho otla ha pula hodima marulelo. Jwale moya o foka ka matla hoo o phunyelletsang maboteng. O kokota monyako mme o thothometsa difensetere. O butswela ho theosa tjhemene mme o tshosa Mmangwane Ida haholo hoo a ipatang kamora soufa. Marulelo a a ngwapeha mme fatshe ekare ho a peperana le difate di letsa molodi.

thembela-2-colour

Mmangwane Ida a hoeletsa, “Jowee, kaofela ha rona re tlo pheulelwa kwana!” Empa Thembela ha a tshabe letho. O theoha betheng kapele mme o mathela tlase ka ditepisi. Kapele o rwala dikgohlopo tsa hae mme o nka sekgele, mme ka sebete o tswela ka ntle. Moya o ntse o tswibila le ho foka ka matla mme pula e a na le maru a a duma.

“Ke nna, Moya,” ho rialo Thembela. “Hobaneng o halefile hakaale? Na ka nnete o nahana hore ha ho motho ya o ratang? Tloha mona. O lerata ebile o a bata, empa o natefela haholo – mme nna ke a o rata. KE A O RATA MOYA!”

Hanghang sefefo sa emisa mme maru ohle a matshomatsho a baleha. E se kgale pula le yona e emisitse. Ha Thembela a sheba hodimo, o bona mahodimo a hlakileng. Kgwedi e tletse mme dinaledi tsohle di a benya. Jwale moya o foka butle moo a emeng teng, o phahamisa sekgele sa hae mme ekare o suna marama a hae hamonatjana.

“Ke a leboha, Moya,” ho rialo Thembela. “Ke a leboha ka ho leleka pula yane.”

Jwale Thembela o a fetoha mme o kena ka tlung. O thusa Mmangwane Ida hore a phahame kamora soufa mme a mo etsetsa kopi ya teye.

“Atjhe,” ho rialo Mmangwane Ida, “hohang ha ke rate moya hle.” Empa Thembela yena a bososela feela.