Home | Story Resources | Multilingual stories | Temo le mashodu a dijalo

Temo le mashodu a dijalo

Author

Kgosi Kgosi

Illustrator

Magriet Brink and Leo Daly

Translator

Hilda Mohale

Temo e ne e le ngwananyana ya bohlale ya neng a dula motseng wa Qunu. O ne a rata ho ya sekolong le ho ithuta dintho tse ntjha.

Ka tsatsi le leng sekolong, tlelaseng ya hae ba ile ba ithuta ka ho jala le ho hlokomela meroho. Temo o ile a

thabiswa ke mohopolo ona hoo a neng a tatetse ho ya lapeng ho ya bolella batswadi ba hae ka ona.

KETE-KETE-KETE! Tshepe ya ho qetela ya sekolo ya lla mme bana bohle ba mathela ka ntle

ho diphaposi tsa bona mme ba kena tseleng e yang malapeng a bona.

 

Ha Temo a fihla lapeng, mme wa hae le ntate wa hae ba ne ba dutse ka kitjhineng ba nwa teye.

“Dumela, Mme, Dumela, Ntate,” a rialo ha a kena ka kitjhineng.“Dumela, Temo,” ha araba batswadi ba hae.

“Letsatsi la hao le ne le le jwang kajeno sekolong?” ha botsa mmae.

“Le ne le le monate! Ke ithutile ntho e kgahlisang ruri,” Temo a araba ka nyakallo a fetela ka phaposing ya hae ya ho robala.

Batswadi ba Temo ba makala hore jwale ebe moradi wa bona o bua ka eng, empa yare le pele ba ka mo kopa hore a hlalose, a be a se a nyametse.

Ka phaposing ya hae ya ho robala, Temo a hlobola diaparo tsa hae tsa sekolo mme a apara tse ding.

Empa tsena e ne e se diaparo tsa hae tse tlwaelehileng. A apara dioforolo, a rwala dikgohlopo le katiba.

 

Temo a ya ka kitjhineng hape. “Ta-da! Mme le Ntate, shebang!” a rialo.

Batswadi ba hae ba ne ba maketse haholo. Temo o ne a sa rate ho etsa mesebetsi efe kapa efe ya lelapa,

kahoo, ke hobaneng jwale a ne a apere diaparo tsa ho sebetsa?“Hobaneng o apere jwalo, Temo?” ntatae a mmotsa.

“Hobane ke batla ho qala ho itjalla meroho ya ka, Ntate,” a rialo a thabile.

“O bolela hore o batla ho ba le seratswana sa hao hona lapeng moo?” ha botsa mmae.

“Eya, Mme,” Temo a araba.

 

Batswadi ba Temo ba shebana mme ba ipotsa hore ebe Temo o tla kgona jwang ho hlokomela serapa sa meroho

empa a dula a tletleba ka ho etsa mesebetsi ya lelapa e bobebe jwaloka ho ba etsetsa teye feela. Leha ho jwalo ba etsa qeto ya hore ba mo tshepe.

Yaba Temo le ntatae ba tswela ka ntle ho ya kgetha sebaka se itseng ka hara tshimo moo Temo a neng a tla qala seratswana sa hae

teng. Jwale ntate wa Temo a kena ka tlung ho ya apara dioforolo tsa hae le yena.

 

 

Pele, Temo le ntatae ba sebedisa fereko ya ho lema ho phethola mobu oo ba o kgethileng. Sena se ile sa ba thusa ho

thapisa mobu oo bakeng sa ho jala peo. Hape ho ile ha thusa ho lokolla lehola le sa batleheng le majwe a ka tlasa mobu.

Kamora moo, ba haraka kaofela lehola le sa batleheng le majwe a tswang mobung. Temo le ntatae ba kenya lehola lohle ka

hara mekotla ya polasetiki e meholo, e metsho mme ba e lahlela ka hara meqomo ya matlakala.

 

Ka letsatsi le hlahlamang ha Temo a kgutla sekolong, a phakisa ho hlobola diaparo tsa sekolo mme a ya tshimong le ntatae.

Ntatae o ne a rekile dipeo tse itseng hore ba tlo di jala. Yaba ba qalella ho lema le ho jala! Ba jala sepinatjhe, dihwete, tamati le

dinawa. Yaba Temo o nosetsa mobu oo ho thusa hore peo e mele. Letsatsi le leng le le leng kamora moo Temo o ne a dula a

thabetse ho tla hae ha sekolo se etswa ho tla nosetsa seratswana sa hae.

Empa ho ne ho ena le bothatanyana bo le bong: ha ho ne ho se motho ya shebileng, diphoofolo di ne di qala ho ja meroho ya Temo eo a e jetseng!

 

Ka tsatsi le leng, ha a fihla hae ho tswa sekolong, Temo a fumana dipodi di ntse di fula tshingwaneng ya hae. A di lelekisa, tsa baleha mme a mathela ka tlung.

“Mme! Ntate! Dipodi di ja meroho ya ka eo ke e jetseng. Hobaneng le sa ka la di sheba?” a rialo a lla.

“Tshwarelo, Temo,” ntatae a kopa tshwarelo. “Nna le mmao re ne re robetse. Ha re ye ka ntle re ilo bona hore re ka etsang.”

Yaba ba ya tshingwaneng. Dipodi di ne di sentse hakaakang! Empa bonyane di ne di sentse karolo e nyane ya tshimo.

“Ha re kampele tshingwana ena ka terata, Ntate,” Temo a etsa tlhahiso.

 

“Oo ke mohopolo o motle!” ha araba Ntate.

Yaba Temo le ntatae ba kampela tshingwana ka terata e le hore dipodi di se ke tsa hlola di kena.

Tsatsing le hlahlamang ha a fihla lapeng a etswa sekolong, Temo a fumana dikgomo di eja dijalo tsa hae. Dikgomo

di ne di ile tsa ba bohlale ba ho bula heke ya tshingwana ka manaka a tsona!

Temo a leka ho di tebela moo, empa eitse ha kgomo e le nngwe feela e nang le manaka a bohale e mo sheba,

tshoha haholo! Dikgomo di ne di shebahala di le kgolo! Yaba o mathela ka tlung.

“Mme! Ntate! Kgetlong lena ke dikgomo tse jang meroho ya ka,” a rialo.

 

 

Temo le ntatae ba tswela ka ntle mme ba fumana dikgomo di ntse di fula tshingwaneng ya Temo. Yaba ntatae o a di tebela.

“Ntate, hobaneng ha re sa notlele heke ena ka senotlolo se hakwang?” Temo a etsa tlhahiso. “Ka tsela eo dikgomo di keke tsa kgona ho bula heke hape.”

Ntatae a nahana hore oo ke mohopolo o motle mme yaba ba tsamaya ho ya reka senotlolo se hakwang mme ba notlela heke ka sona.

Tsatsing le hlahlamang ha Temo a kgutla sekolong, a se ke a fumana dipodi, kappa dikgomo, empa a fumana dinonyana di

eja dijalo tse tshingwaneng ya hae! A di tebela mme a matha ho ya bolella batswadi ba hae.

 

“Mme! Ntate! Jwale e se e le dinonyana tse jang dijalo tsa ka,” a lla.

Ntate wa Temo a tswela ka ntle le yena ho ya bona hore bothata ke bofe.

“Ha ke sa tseba hore ke etse eng jwale, Temo,” ha rialo ntatae a ingwaya hlooho a nahanne ka thata.

“Ke a tseba hore re ka etsang,” ha rialo Temo ka potlako. “Re ka apesa tshimo ena ka nete, mme dinonyana di keke tsa kgona ho fihla dijalong.”

 

Mme Temo o ne a nepile! O ne a sa tlo hlola a tshwenngwa ke diphoofolo tse jang dijalo tse tshingwaneng ya hae

hape. Ho ne ho se dipodi tse tla kgona ho kena, ho se dikgomo tse tla kena, mme ho se dinonyana tse tla kena.

Dijalo tse tshingwaneng ya hae tsa nna tsa hola tsa ba tsa hola, mme ho eso ye kae meroho e ne e se e loketse

ho kguwa! Mme wa Temo a pheha sopho e monate ya dinawa, dihwete, sepinatjhe le ditamati mme bohle ba natefelwa ke dijo tse tswang tshingwaneng ya Temo.