Sopho ya Mosadimoholo
Home | Written stories | Multilingual stories | Sopho ya Mosadimoholo

Written stories

Sopho ya Mosadimoholo

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Natalie and Tamsin Hinrichsen

Mehleng ya kgalekgale ho kile ha eba le mosadimoholo e mong ya neng a rekisa sopho e monate ka ho fetisisa mmarakeng wa motse. E ne e le sopho ya kgoho e mathemalodi, e tjhesang. Ho ne ho se motho motseng moo ya tsebang lebitso la mosadimoholo eo. Ho se motho ya tsebang moo a dulang. Mme ho se motho ya tsebang hore ke hobaneng ha sopho ya hae e ne e latsweha ha monate tjena le hore ke hobaneng e ne e tjhesa hakana. Ba ne ba sa nahane le ka dintho tsena. Ba ne ba reka feela sopho mme ba e ja.

 

Hoseng ho hong le ho hong, mosadimoholo o ne a tla mmarakeng. O ne a dula a rwetse pitsa e kgolo e ntsho e tletseng sopho ya kgoho hloohong mme a fihla a dula le yona ka tlasa moriti wa sefate. E eso be neng o ne a tla be a rekisitse sopho eo kaofela. Jwale o ne a tla qalella ho phuthela tjhelete ya hae hantle ka hloko ka lesela, a e kenya ka pokothong ya hae, a boele a rwale pitsa ya hae e sa tshelang letho hloohong mme a tsamaye.

 

 

Ho ne ho ena le moshanyana ya bitswang Fezile ya neng a dula motseng o seng hole le mmaraka. O ne a rata sopho ya kgoho haholo. Hantlentle, o ne a e rata hoo a neng a sa kgotsofale. O ne a batla ho tseba hore mosadimoholo ya etsang sopho e monate hakaalo o tswa hokae. Ka tsatsi le leng ha mosadimoholo a rwala pitsa ya hae e sa tshelang letho mme a tloha mmarakeng, Fezile a mo sala morao. O ne a hlokometse hore a tsamaye meriting, ka mora difate le hara dihlahla, e le hore mosadimoholo a se ke a mmona. O ile a mo sala morao sebaka se selelele, se selelele ho theosa tsela e neng e tloha motseng e leba hodimo leralleng. O ne a ntse a nyolosetsa hodimo, hodimo, hodimo ha shwalane e tshwara. Fezile o ne a tshaba, empa a tswela pele ho tsamaya.

 

Qetellong mosadimoholo a fihla ntlong e nyane e ka hodima leralla le moepa. A bea pitsa fatshe ka pela ntlo. Fezile a ema ho fihlela mosadi eo a kena ka tlung mme a kwala lemati. Yaba o kgukguna ho ya sheba ka hara pitsa. Hanghang, Fezile a utlwa lemati le buleha. Ka potlako a ipata sebakeng seo ho sona a neng a kgona ho bona mosadimoholo ha bonolo. Mosadimoholo a ya pitseng mme a qala ho bina:

“Pitsa ya mehlolo, pitsa ya mehlolo,

Nketsetse sopho, e tjhesang, e tjhesang haholo.

Etsa sopho ka kgoho. Etsa sopho ya kgoho.

Nketsetse sopho eo ke tlang ho e rekisa mme batho ba e reke.

Oho pitsa ya mehlolo, oho pitsa ya mehlolo!”

 

Ka potlako pitsa ya be e tletse sopho ya kgoho! Ha tswa phofodi pitseng e kgolo, e ntsho mme lephoka la yona le le monate hoo le ileng la etsa hore Fezile a lape. Eitse hang ha mosadimoholo a kgutlela ka tlung, Fezile a kgukguna ho ya pitseng e kgolo. A sheba ka tlasa yona. Leha pitsa e ne e tletse tswete ka sopho e tjhesang ya kgoho, ho ne ho se na mollo o tukang ka tlasa yona. “Ke tshwanetse ke je sophonyana ena hanyane,” Fezile a ipolella jwalo. “Ke lapile haholo!” A ikotlollela ka pele mme a kenya letsoho la hae ka hara pitsa hore a inkele leqa la nama. Hanghang mosadimoholo a tswa ka tlung ya hae mme a bona Fezile a kentse letsoho ka pitseng. “JO! Jo! Jonna wee!” a hoeletsa. “TJHE! TJHE! TJHE!” Fezile a fetoha mme a matha ka lebelo le leholo kamoo a ka kgonang. Mosadimoholo a mo lelekisa, a ntse a hoeletsa, empa a hloleha ho mo tshwara.

 

 

Fezile a matha, a matha ho fihlela, qetellong, a fihlile lapeng habo a bolokehile. A bolella mmae le ntatae tsohle ka mosadimoholo le pitsa ya hae ya mehlolo. Bohle ba tswela ka ntle mme ba sheba leralleng, mme ba bona phofodi e tswa e nyolohela sepakapakeng. “Ee,” ha rialo batswadi ba Fezile, “sheba mane. Re kgona ho bona phofodi e tswang pitseng ya mehlolo.”

 

Mosadimoholo eo a se ke a hlola a kgutlela mmarakeng mme ha ho motho ya ileng a nyolohela leralleng leo le moepa ho ya mo etela. Batho bohle ba ne ba tshaba haholo. Empa ho tloha nakong eo, ha mang kapa mang motseng oo a bona maru a le ka hodima leralla, o re, “Sheba! Sheba hodimo mane! Ke phofodi e tswang pitseng ya mehlolo ya mosadimoholo.”