Sepatjhe sa mamolapo | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Sepatjhe sa mamolapo

Written stories

Sepatjhe sa mamolapo

Author

Jude Daly

Illustrator

Magriet Brink

Translator

Mofetoledi: Hilda Mohale

E ne e se e le bosiu haholo ha Nolitha a qetella a kgalehile, hlooho ena ya hae e ne e tletse bomamolapo, diqibi le basesisi ba dikepe. Ka ntle dinaledi di ne di phatsima sepakapakeng le kgwedi ya Afrika e thea meriti lefatsheng le ommeng. Hosane o ne a tlo ya lewatle lekgetlo la pele bophelong ba hae.

Leeto lena e ne e ka le hana ho fela. Dithabaneng tse sootho tse rokahaneng le ka hodima matsatsa a kgorong ya thaba. Empa, yare qetellong, Nolitha a bona pheletso ya lefatshe e monyela lewatleng le batsihadi.

Moya o letswai wa potlakela ho Nolitha. Maqhubu a dumaela. Dinonyana tsa lewatle tsa etsa lerata. Dinonyana tse ntsho tsa lewatle di tlolatlola. Ho ne ho se jwalo ka bukeng ya hae ya ditshwantsho! Ha Mme a ntse a pakolla, Nolitha a qala ho sibolla lefatshe lena le letjha moo dikgofu tsa lewatle tse ikgarileng di neng di itshuntse lehlabatheng le mongobo mme ditlhapi di ntse di sesetsa kamora diqanthana tsa mafika ho itshireletsa.

Mermaid-1-finNolitha a bokella dikgaketla tse akgang le tjhelete ya mamolapo, tsa baka medumo le menko ya lewatle, ha a ntse a tsamaya ho ya seqhoqhong sa mafika. Ha a se a dutse ka hodima mafika, Nolitha a tsoka letsoho le bolelang “Ke bolokehile” ho Mme wa hae. Yaba o bala tjhelete ya hae ya mamolapo mme a itorela kamoo a tlang ho e sebedisa ka teng ha a reka.

“Ke nako ya dijo tsa motsheare,” ha hoeletsa Mme.

Nako ya hoseng e fetile kapele hakaakang! Empa moya wa lewatle o ne o lapisitse Nolitha haholo mme disementjhise tsa Mme tsa polokwe e entsweng ka poone e tshehla le tlhapi e phehilweng di ne di hlabosa.

Kamora dijo tsa motsheare, Nolitha le Mme ba nna ba qaputsa metsing a sa tebang, ba ntse ba tlola ka hodima maqhubu ha ba ntse ba mathela lebopong ho fihlela Mme a re, “Joo, Nolitha, jwale ke batla ho phomola!” Yaba Nolitha o boela mafikeng ane moo a fihlileng a rapalla mme a mamela pina ya koeetso e monate e bakwang ke ho tuduana ha maqhubu a lewatle.

Qibi ya bitoha ka hodima metsi. Nolitha o ne a na le bonnete ba hore ke qibi, o ne a kile a bona ditshwantsho tsa tsona. Ka motsotswana, mahlo a yona a maholo a tletseng tlhonamo a mo tjamela. Yaba e a nyamela. Hang kamora moo, ya bitoha hape mme ya pharamela hodima lefika. Nolitha a dula moo a maketse haholo … e ne e se e se qibi jwale, e ne e le moshanyana!

Moshanyana eo a atamela, a nna a atamela, mme ka hloko a bea ho hong ka pela Nolitha. Yaba o a thinya o kgutlela ka metsing. Ka ho qeaqea, Nolitha a nka ntho eo a e phethophethola ka matsohong a hae. E ne e le sepatjhe sa mamolapo. Se ne se le setle haholo!

Nolitha a ema ka maoto ho leboha moshanyana eo. Empa, pele a ka etsa jwalo, moshanyana eo a hetla feela yaba o itahlela ka lewatle. Mme, yare ha mmele wa hae o thetsa metsi, a fetoha qibi hape.

“Nolitha, Nolitha,” ha hoeletsa Mme, “ke nako ya ho ya hae!”

Mermaid-2-fin-loresNolitha a bokella tjhelete yohle ya hae ya mamolapo a e kenya ka sepatjheng sa mamolapo. Yaba o kgutlela ho Mme, a ntse a hetla hangata ho sheba ka lewatleng. Empa ha a ka bona qibi ho hang, esitana le moshanyana; a bona feela maqhubu a neng a ntse a atamela.

Ha ba ntse ba le leetong bosiu, Nolitha a bontsha Mme sepatjhe se setle sa mamolapo.

“Ho a makatsa!” ha rialo Mme.

Yaba Nolitha o bolella Mme tsohle ka moshanyana wa qibi ya mo fileng sona.

“Ho makatsa le ho feta!” Mme a rialo.

Jwale he, yare ha Nolitha a kgaleha, Mme a bososela pososelo e hopolang hole mme a hweshetsa, “Ke hona mane hantle moo le nna nkileng ka mmona ha ke ne ke sa le ngwananyana.”