Sefako le kwena e binang
Home | Written stories | Multilingual stories | Sefako le kwena e binang

Written stories

Sefako le kwena e binang

Author

E ngotswe ke Rudo Mungoshi

Illustrator

Ditshwantsho ka Samantha van Riet

Dilemong tse ngata tse fetileng, motseng o mong o hole kwana, ho kile ha eba le ngwanana e motle ya neng a bitswa Sefako. Sefako o ne a ratwa ke bahlankana ba bangata motseng oo. Ba ne ba ka ngola dithotokiso le dipina tse rorisang bottle ba hae. Empa Sefako o ne a se na thahasello ya ho nyalwa ke ofe kapa ofe wa bona, mme sena se ile sa halefisa ntate wa hae hobane o ne a nahana hore jwale e se e le nako ya hore moradi wa hae a be le lelapa la hae.

Seo Sefako a neng a sa se tsebe e ne e le hore ho na le motho e mong ya ka sephiring ya neng a mo rata e le ka nnete! Mme morati enwa wa sephiring e ne e le kwena e neng e dula nokeng eo a neng a ekga metsi ho yona. Letsatsi le leng le le leng, dihora tse mmalwa pele letsatsi le dikela, Sefako o ne a theohela nokeng a rwetse nkgo ya hae ya letsopa ho ya kga metsi bakeng sa dijo tsa mantsiboya.

Sefako o ne itlwaeditse ho paqama mme a kgalehe ka tlasa sefate seo a se ratang ha a qeta ho kga metsi nokeng. Kwena hangata e ne e ipata ka metsing mme e mo shebelle ha a sa robetse. E ne e lakatsa ho bua le yena empa e sa tsebe hore e ka etsa seo jwang ntle le ho mo tshosa.

Ka letsatsi le leng kwena ya fumana sebete sa ho atamela ho Sefako kamora hoba a kgalehile. Kwena e tletseng lerato e ne e thabetse ho ba haufi le Sefako hoo e ileng ya qalella ho bina ka lerato la yona ho yena.

 

 

Sefako o ile a utlwa pina e monate mme a fetoha a ntse a robetse, a nahana hore mohlomong o a lora. Kwena e ne e sa batle hore Sefako a phaphame mme a mmone, kahoo ya kgutlela ka nokeng ka potlako.

Sena se ile sa etsahala hape letsatsing le hlahlamang … le le hlahlamang … le le hlahlamang. Sefako o ne a utlwa kwena e mminela ha a robetse empa ere ha a tsoha, ho be ho se motho haufi. O ne a utlwa feela ho swahlamana ho bobebe ha mahlaku le dikgomo tse llang hojana kwana.

Mmino ona o ne o mo ama pelo, mme Sefako o ne a batla ho bona hore sebini sena ke mang. Kahoo Sefako a qala ho batlana le lentswe lena le makatsang hara lehlaka, difate le jwang empa a se ke a fumana letho.

Ka letsatsi le leng, Sefako a etsa qeto ya hore a keke a hlola a batlana le sebini sena se ipatileng. Ho ena le hoo, a rera ho itshwarela monga lentswe leo le monate hakaalo!

Sefako a ya kga metsi nokeng jwaloka tlwaelo mme a ya paqama ka tlasa sefate sa hae seo a se ratang mme a iketsa eka o kgalehile. Jwalo ka tlwaelo, kwena e maratong ya kgasetsa ka ntle ho noka mme ya qala ho mminela.

Ha Sefako a utlwa lentswe leo le monate, a bula mahlo a hae ka potlako mme a iphumana a tjamelane le mahlo a … KWENA!

Sefako o ne a tshohile haholo! Ka potlako, a tlola a ema ka maoto, a thula nkgo ya hae ya letsopa mme metsi a qhalana fatshe kaofela ha ona. Mme a qalella ho matha ka lebelo ho nyolosa lebopo, empa ka bomadimabe, a kgotjwa ke lejwe mme a wa, a otlana fatshe ka matla a maholo. Kwena e maratong, e neng e mo setse morao, ya ema pela hae e mo shebile. Ha e ntse e mo atamela, Sefako a hwama ke ho tshoha.

 

“O se ke wa tshoha,” ha rialo kwena ka mosa. “Haesale ke o shebella o robetse tlasa sefate sane ka matsatsi a mangata, empa ha ke esoka ke o utlwisa bohloko. Ke eng e ka etsang hore ke o je jwale?” Yaba kwena e qalella ho bina pina a thobang maikuto e ileng ya futhumetsa pelo ya Sefako hanghang.

 

A se a sa tshabe, ngwanana e motle a dula hantle mme a mamela lentswe leo a neng a se a le rata.

 

Kamora moo, Sefako o ne a se a phakisa ho theohela ka nokeng ho ya kopana le kwena e binang mantsiboyeng a mang le a mang, mme kamora nako e itseng, a etsa qeto ya hore o batla ho nyalwa ke kwena eo.

 

Qetellong a ba le sebete sa ho bolella ntatae.

 

Ntate wa Sefako o ne a sa thaba hohang! “Na kwena eo ya hao e na le dikgomo tsa ho lefa bohadi ba hao?” a botsa a halefile. “Na e tla kgona ho o fa bana mme e ahe lelapa le wena?”

 

Leha ntate wa Sefako a ne a sa ananele taba ya hore a nyalwe ke kwena, maikutlo a hae ha a ka a fetoha. Ha ntate wa hae a elellwa hore moradi wa hae o ne a sa tlo fetola maikutlo a hae, a mo kwalla ka ho e nngwe ya mekgoro ya motseng. Kamehla hara mpa ya motsheare, o ne a mo tlisetsa dijo le ho tla mo hlola.

 

Empa ka letsatsi le leng ntata Sefako a lebetse ho notlela lemati la mokgoro. Sefako a ema sebakanyana ho etsa bonnete ba hore ho bolokehile pele a ka bula lemati mme a mathela tlase nokeng.

 

Eitse hang ha a fihla moo, Sefako a hoeletsa, “Kwena, Kwena, ke nna, Sefako!” Kwena, ya neng a ntse a mmatla ka matsatsi a mangata, a tswa ka metsing ho ya mo dumedisa.

 

Letsatsing le hlahlamang, ntata Sefako a fumana hore Sefako ha a yo, mme o ile a halefa haholo! A tletse kgalefo, a phamola thupa e tenya mme a latela mehlala ya maoto a moradi wa hae ho ya nokeng. O ne a hlile a ikemiseditse ho thibela moradi wa hae ho nyalwa ke kwena.

 

Yare ha a fihla lebopong la noka, a bona Sefako a ntse a sesa nokeng mme kwena e le pela hae.

 

“Sefako, Sefako,” a hoeletsa. “Kgutla o tle mona kapelenyana! O keke wa nyalwa ke kwena eno.”

 

 

Sefako a thintsha hlooho ya hae mme a dumedisa ntate wa hae ka letsoho pele a sesa ho ya pele le kwena. Ntate ya kgathatsehileng a shebella a felletswe ke matla ha moradi wa hae le kwena ba nyamela ka tlasa metsi.

 

Kamora nako e itseng, Sefako a kgutlela motseng wa habo. Pelo ya ntate wa hae e ne e tletse thabo ha a mmona. O ne a mo hopotse haholo, mme ka motsotso oo, o ile a tseba seo a lokelang ho se etsa.

 

“Ke a le amohela, ke a le amohela, le le babedi,” a rialo a mathela ho ya dumedisa Sefako le kwena. Yaba o sheba kwena mme a re, “O amohetswe lapeng la rona

 

* Sefako o ba maratong le kwena. Na o nahana hore ho a kgoneha ho rata kwena? Hobaneng o re E kapa Tjhe?

* Ha o ne o ka ba motswalle le phoofolo efe kappa efe, o ne o ka kgetha phoofolo efe, hobaneng?

* Taka phoofolo eo o e ratang ka ho fetisisa. Ngola pina kapa thotokiso mabapi le phoofolo ya hao