Re lokela ho ya teng! | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Re lokela ho ya teng!

Written stories

Re lokela ho ya teng!

Author

Helen Brain

Illustrator

Rico

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

E ne e le Labobedi mme ho ne ho se na sekolo. Bana bohle ba ne ba kopane laeboraring bakeng sa letsatsi le ikgethileng. E ne e le Letsatsi la Tsebo ya ho Bala le ho Ngola la Lefatshe mme batho hohle lefatsheng ba ne ba tla bala ba be ba ngole le ho mamela dipale ka lona letsatsi leo.

Neo o ne a nyakalletse haholo. Mongodi eo a mo ratang haholo, Joan Rankin, o ne a etla laeboraring ho tla bala dibukeng tseo a di ngotseng, mme ntatae o ne a tshepisitse hore o tla mo isa ho ya mmona. Neo o ne a ngotse buka e ikgethang mabapi le yena, mme o ne a tatetse ho ya mo neha yona.

Empa eitse ha Neo a tsoha hoseng ha Labobedi, ho ne ho ena le lerata le sa tlwaelehang le tswang ka kitjhineng. Yaba o ya ho ya sheba. Motjhine wa ho hlatswa o ne o etsa lerata le lebe le thothomelang, leo ekang o a kgohlela, jwaloka haeka o tla qhoma.
story-illo1-fin.-loresjpg

Ntate wa Neo o ile a tla ho tla sheba. “Ao banna!” a rialo. “Ekare pompo e robehile. E tlo ja tjhelete e ngata bakeng sa ho e lokisa. Re tla tlameha ke ho reka motjhine o mong o motjha.”

“Re keke ra kgona ho reka motjhine wa ho hlatswa o motjha,” ha rialo mme wa Neo. “Ke a o kopa hle, na o keke wa o lokisa? Ke lokela ho ya mosebetsing, mme ho na le diaparo tse ngata tse ditshila.”

Ntate o ne a sa rate ho bona mme wa Neo a sa thaba jwalo, kahoo a re, “Ke tla o lokisa. Neo o tla nthusa. Ke tla sheba webosaete e mpontshang hore nka lokisa jwang metjhine ya ho hlatswa e robehileng.”

“Empa Ntate, o ntshepisitse hore o tla nkisa laeboraring,” ha rialo Neo.

“Seo se tla lokela ho ema, Neo. Motjhine wa ho hlatswa o bohlokwa ho feta hajwale. Mohlomong Nkgono a ka o isa,” Ntate a araba.

“Ho na le moo ke yang kajeno,” ha rialo Nkgono, a sisinya hlooho. “Ke maswabi, Neo. O tla lokela ho ya bekeng e tlang.”

Neo o ne a saretswe haholo. “Empa, Ntate, o ne o ntshepisitse hore o tla nkisa laeboraring,” a rialo. “Re lokela ho tsamaya ka sebakanyana.”

Ntate a lata lebokoso la hae la disebediswa mme a batla ho google, “Kamoo o ka lokisang pompo ya motjhine wa ho hlatswa” selefounong ya hae.

“Ha se moo,” a rialo ho Neo, a mmontsha leqephe leo. “Ha ho shebahale ho le boima hakaalo.” Mme ha a rialo, a hula motjhine a o ntshetsa ka ntle yaba o a o fetola hore a tle a o bule ka morao.

Empa ho lokisa motjhine ho ne ho le thata ho feta kamoo ho shebahalang ka teng.

“Ho na le setshwantsho mona,” Ntate a honotha, a shebile founo ya hae. “Empa se senyane, hohang ha ke bone hore ke kenya eng kae.”
Lowres2

Yaba Ntate o diha sekurufu se seng mme sa thetehela ka tlasa sehatsetsi, kahoo a lokela ho hula le sehatsetsi hore a tle a ntshe sekurufu seo. Neo a sheba tshupanako. E ne e le metsotso e mashome a mararo kamora hora ya borobong. Ho ne ho setse halofo ya hora feela pele Joan Rankin a fihla laeboraring.

“Ke a kopa hle, Ntate,” a rialo, a ntse a tlolatlola ka leoto le leng a fetohele ho le leng. “Ka kopo, etsa kapele re tsebe ho ya laeboraring. Re lokela ho tsamaya hona jwale.”

“Ke maphathephathe mona, Neo, mme ha o nthuse ka letho!” Ntate o ne a shebahala a tenehile.

Neo o ne a kgenne. Ntatae o ne a mo tshepisitse ho mo isa, empa jwale dintho di ne di sa tsamaye hantle.

“TJHE, TJHE, BO!” Ntate a kgaruma. “Ha ke kgolwe!”

“Ke eng?” Neo a botsa ka lentswe le lesesane.

“Jwale beteri ya founo ya ka e shwele!” Ntate a omana. “Ako ntatele tjhajara ka mane.”

Empa ka yona nako eo, motlakase wa tima.

“Tjhe bo,” ha rialo Neo. “Jwale motlakase o timme.”

Ntate o ne a shebahala a kgenne haholo. “Lena ke Labobedi le lebe ka ho fetisisa. Ke bohareng ba ho lokisa motjhine ona mme jwale ha ke kgone ho bala hore ke lokela ho etsa eng kamora mona.”

Neo a oma ka hlooho. “E, ke Labobedi le lebe ka ho fetisisa. Ha o kgone ho lokisa motjhine, mme nna ke fetwa ke ho ya bona Joan Rankin,” empa ha a ka a hlola a bua ho hong hobane o ne a elellwa hore Ntate o kgenne e le ka nnete. Neo a putlama setulong se tafoleng mme a kenya hlooho ya hae ka hara diphaka tsa hae.

Ntate a pakela disebediswa tsa hae hape. “Ha ho seo re ka se etsang jwale,” a rialo.

Neo a phahamisa hlooho ya hae hanyane. Tshupanako jwale e ne e se e re metsotso e leshome pele ho hora ya leshome. Ba ne ba ka nna ba fihla laeboraring – ba ne ba tla fihla morao ho nako, empa o ne a tla nne a bone Joan Rankin mme o ne a ka nna a kgona ho mo fa mpho ya hae. A phetla maqephe a bukana eo a e entseng. O ne a ngotse pale mme a takile le ditshwantsho, mme Nkgono o ne a ile a mo thusa ho e kopanya mmoho le ho etsa khabara. Ntate jwale o ne se a theotse moya. A phahamisa buka ya Neo. “Ke eng ee, Neo?” a botsa.

“Ke buka ya ka,” Neo a rialo ka lentswe le lenyane. “Ke ne ke ilo e fa mongodi eo ke mo ratang ka ho fetisisa mane …” Ha a ka a qeta le polelo eo.

“Tloo,” Ntate a mmitsa, a phamola dinotlolo tsa koloi. “Re lokela ho tsamaya HONA JWALE! Re ka nna ra fihla laeboraring ka nako ha re ka potlaka”

Joan Rankin o ne a se a qadile ho balla bana pale ya hae ha Neo le Ntatae ba kena ba tatile laeboraring. Neo a fumana setulo moraorao mme a dula fatshe a mamela. Pale ya hae e ne e le monate, esitana le ditshwantsho tsa hae. Neo o ne a tshepa hore o tla kgona ho taka jwaloka yena ka letsatsi le leng.

Ha etsahala eng ka mora moo? Eitse ha a qeta mme Neo a mmontsha buka ya hae, a e bona e le ntle haholo.

“Na o hlile o ngotse pale ee ka bowena?” a mmotsa.

“E,” Neo a araba. “Mme ke takile le ditshwantsho tseo. Ke mpho ya hao e tswang ho nna, Mme.”

Yaba Joan Rankin o bula mokotlana wa hae mme a ntsha buka e nngwe ho tsa hae. Ka hara yona a ngola, “Ho Neo, ya etsang dibuka tse ntle,” mme a saena lebitso la hae ka ditlhaku tse kgolo a mo fa yona.

Neo o ne a thabile. O ile a tiisa buka eo haholo a sa batle le hore e tswe matsohong a hae.

Ka yona nako eo Ntate a atamela. “O keke wa dumela sena,” a rialo. “Ke fumane buka e hlalosang kamoo o ka lokisang metjhini ya ho hlatswa ka teng, sheba – ditshwantsho tsa teng di kgolo di a bonahala. Hobaneng o sa ka wa mpolella hore laeborari e na le dibuka tse kang tsee, Neo?”
lowres3

Ntate a haka Neo. “Dibuka di lokile haholo. Dibeteri tsa tsona ha di shwe, mme o ka nna wa di bala le ha motlakase o timme.”

Neo a bososela ka thabo mme a oma ka hlooho. E ne e le nnete. O ka kgona ho bala buka ya hao kae kapa kae, neng kapa neng.