Rapolasi le lelapa la hae
Home | Written stories | Multilingual stories | Rapolasi le lelapa la hae

Written stories

Rapolasi le lelapa la hae

Author

Shasha Seakamela

Illustrator

Johann Strauss

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

Kgalekgale kwana Limpopo, ho ne ho dula rapolasi mmoho le lelapa la hae – esele ya hae, kolobe ya hae, ntja ya hae, katse ya hae le mokoko wa hae. Ba ne ba dula hamonate kaofela polasing moo. Yaba ka letsatsi le leng pula e emisa ho na mme ha eba le tlhokeho ya metsi. Meroho e ne e se e sa nwesetswe mme ho se na le metsi a ho nwa.

Rapolasi a bitsa esele, kolobe, ntja, katse le mokoko wa hae. “Re lokela ho fallela sebakeng se nang le metsi,” a rialo. Yaba bohle ba a tsamaya. Rapolasi a nka dintho tse mmalwa feela ka hara mokotlana. Mmoho ba tsamaya tseleng e lerole ba salane morao. Kiti-kiti! Kwatla-kwatla! Qhafu-qhafu! Habu-habu! Nngao-nngao! Le kokolo-kolo-o-o!
Farmer and family 1

Ha ba le tseleng e yang moo ho nang le metsi, rapolasi le diphoofolo tsa hae ba kopana le lekgwaba. Lekgwaba la ba shebella ha ba ntse ba tsamaya mmoho mme la tsheha rapolasi.

“Kwaaa! kwaaa! Hobaneng o tsamaya ka maoto empa o ena le esele? Ha ke ne ke le wena, ke ne ke tla palama esele eo,” lekgwaba la rialo ha le qeta la fofa le ntse le tsheha. “Kwaaaa! Kwaaaa!”

Rapolasi a nahana ka sena nakonyana e itseng. Yaba o etsa qeto ya ho palama esele ya hae. A palama esele ha diphoofolo tse ding di ntse di tsamaya ka maoto kamora hae. Kwatla-kwatla! Qhafu-qhafu! Habu-habu! Nngao-nngao! Le kokolo-kolo-o-o!

Kamora moo ba kopana le mosha.

“Wahaha! Wahaha! Ha o swabe,” ha rialo mosha ho rapolasi o eme o tsepame mme o ba tonetse mahlo. “Hobaneng o palame esele eo o le mong? Sheba kamoo kolobe ya hao e kgathetseng ka teng? Nko ya hae e rotha mofufutso.” Pele a nyamela ka tlung ya hae a tsheha hape. “Wahaha! Wahaha!”

Rapolasi a emisa mme a nahana ka seo mosha o se buileng. A sheba fatshe kolobeng ya hae mme a etsa qeto ya ho palamisa kolobe hodima esele mmoho le yena.

“Tlolela hodimo, Kolobe! Tlolela hodima mokokotlo wa esele,” ha rialo rapolasi, Kahoo yaba kolobe e a palama mme ya dula kamora rapolasi mokokotlong wa esele. Mme ba tswela pele ho tsamaya. Kwatla-kwatla! Habu-habu! Nngaonngao! Le kokolo-kolo-o-o!

Qetellong rapolasi a bona noka, empa e ne e sa le hole haholo.

“Re tla ya mane,” a rialo a supile. Diphoofolo kaofela ha tsona tsa dumela mme tsa tswela pele ho tsamaya ho fihlela ba kopana le phokojwe.

“Haauauaua! Haauauaua!” phokojwe ya ngaya. “O rapolasi ya kgopo ka nnete, Hobaneng ha wena le kolobe ya hao le palame le le bang hodima esele? Sheba kamoo ntja ya hao e kgathetseng ka teng. E hemela hodimo. Le katse ya hao e hulanya maoto. Ako shebe le masiba a mokoko wa hao, a leketlehetse fatshe.” ha rialo phokojwe a nyamela kahara moru, a ntse a tsheha, “Haauauaua! Haauauaua!”

Rapolasi a ikutlwa hampe mme a etsa qeto ya hore bohle ba tla lokela ho palama mokokotlong wa esele. A atamela haholo ho isa molaleng wa esele.

“Tlola, Ntja! Tlolela hodima kolobe,” ha rialo rapolasi. Yaba ntja e tlolela hodima kolobe e neng e dutse mokokotlong wa esele, kamora rapolasi.

“Tlola le wena, Katse! Tlolela hodima ntja,” ha rialo rapolasi. Kahoo katse ya tlolela hodima ntja e neng e dutse hodima kolobe, e neng e dutse hodima mokokotlo wa esele, kamora rapolasi.

“Tlolela kwano, Mokoko! Tlolela hodima katse,” ha rialo rapolasi. Yaba mokoko o tlolela hodima katse e neng e dutse hodima ntja, e neng e dutse hodima kolobe, e neng e dutse mokokotlong wa esele, kamora rapolasi.

Tseleng ba tsamaya. Kwatla-kwatla! Ba ne ba se ba atametse ho fihla nokeng, empa ka nako eo esele e ne e kgathetse haholo.
Farmer and family 2

Hanghang, ka pele ho bona mona ho ne ho eme mmutla.

Mmutla wa ba sheba yaba o re, “Kgelee! Kgele! Kgele! O rapolasi ya kgopo. Esele ee e o entseng hore o e fe kotlo e kana? Moo nna ke tswang, bohle ba tshwarana ka mosa. Yaba, “Kgeleee! Kgeleee!” ha rialo mmutla pele a nyamela ka hara dihlahla.

Rapolasi a nahana ka seo mmutla o qetang ho se bua. A ikutlwa a sa thaba. Rapolasi o ne a batla ho bua ho hong ho mmutla mabapi le dintho tse seng di builwe ho yena tseleng, empa mmutla o ne o se o nyametse.

Kamora mehato e se mekae, esele ya ema hanghang mme ya kgumama fatshe ka mangole. Mokoko wa kakatletsa mme wa tsamaya. Katse ya ngaola mme ya tlolela fatshe. Ntja ya bohola mme ya baleha. Kolobe ya kgona mme ya ipitika fatshe.

Rapolasi a theoha esele mme a ema moo a ntse a ingwaya hlooho. A sheba esele ya hae e kgathetseng mme a ya e kgella metsi. Rapolasi a hopola dintho tsohle tse neng di builwe ho yena ha yena le diphoofolo tsa hae ba ntse ba tsamaya tseleng. A nahana a nahanisisa mme a etsa qeto ya hore le ka mohla a keke a hlola a etsa seo a se bolellwang. O tla se nahana pele ka hloko mme a bone hore ebe ke ntho e loketseng ho etswa na. Hape o ne a tla bolella diphoofolo tsa hae seo a se bolellwang mme mmoho ba ne ba tla etsa qeto ya seo ba ka se etsang.

Rapolasi a bitsa esele ya hae, kolobe, ntja, katse le mokoko mme bohle ba dula tlasa moriti wa sefate sa marula. Ha ba ntse ba dutse moo, rapolasi a kopa tshwarelo ho esele ya hae.

Ho tloha tsatsing leo, ba ile ba eba metswalle ya sebele. Mme ho tloha tsatsing leo ho ya pele, rapolasi kamehla o ne a tshwara diphoofolo tsa hae ka mosa.

 

Eba le boiqapelo!

Kgothaletsa bana ba hao ho etsa rapolasi le diphoofolo tse paleng ka Plasticine kapa letsopa la ho bapala. Jwale balla pale hodimo hape ha bana ba hao ba sebedisa baphetwa ba bona ba entsweng ka Plasticine/letsopa ho tshwantshisa pale ena.