Phindulo le mokopu | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Phindulo le mokopu

Written stories

Phindulo le mokopu

Author

Kai Tuomi

Illustrator

Natalie and Tamsin Hinrichsen

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Letsatsi le ne le shebahala jwaloka lehapu le lenyane le butswitseng hodimo mane marung ka hodima hlooho ya Phindulo. O ne a rata ho tsamaya ka hara moru a mametse dinonyana tse ntseng di bina difateng. Empa kajeno ho ne ho fapane. Ho ne ho ena le lerata le leholo le tswang harehare morung. Le ne le utlwahala eka ke batho ba qwaketsanang ka mantswe.

Phindulo a latela lerata leo ho fihlela a fihla moo ho bulehileng. Bohareng ba sebaka seo, a bona Tshwene le Api di ntse di omana. Hape a bona mokopu o M-O-H-OL-O-H-A-D-I. Tshwene le Api ba ne ba eme ka mahlakoreng a fapaneng a mokopu oo. Tshwene e ntshitse meno a yona a maholo mme Api e ntse e itlatlarietsa e sisinya hlooho ya yona. Bobedi ba tsona di ne di shebahala di halefile haholo.
Phindulo and the pumpkin aw01 (2)

“Dumelang,” ha rialo Phindulo. “Ho etsahalang?”

“Phindulo,” ha rialo Api, “Tshwene o meharo.”

“Butle pele,” ha rialo Tshwene. “Api o meharo.”

“Ke o bone pele,” ha rialo Api. A supa mokopu ka monwananyana wa hae o monyane.

“Butleng,” ha rialo Phindulo. “Emang! Ke ne ke nahana hore le metswalle?”

“Hantlentle, ehh mmm,” ha rialo Api. “Bona, re ne re ntse re itsamaela ha ke tla bona mokopu ona o moholo mona. Ka bobedi ba rona re ile ra o mathela mme Tshwene a fihla ho ona pele. Jwale o re ke mokopu wa hae.”

“Ke mokopu wa ka!” ha rialo Tshwene. “Ke o thetsitse pele, kahoo ke wa ka.”

“Tjhe, ke o bone pele. O ka be o o fetile feela hoja ka se ke ka o bona!” ha rialo Api.

“Oho, tloha mona,” ha rialo Tshwene.

“Jwale?” ha botsa Phindulo. A dula fatshe hodima jwang ka pela bona. Ka mora nako e telele a re, “Kgele! Ehlile ke mokopu o moholohadi ono.”

“Re a tseba,” ha rialo Tshwene le Api ba theta mahlo a bona.

“O nkgopotsa sefate sa rona sa diapole,” ha rialo Phindulo.

“Sefate sa lona sa diapole?” ha botsa Api. “O bua ka eng jwale, Phindulo?”

“Jwale,” ha araba Phindulo, “selemong se sa tswa feta, sefate sa diapole se jareteng ya heso se ile sa bea diapole tse ngata hoo dikhabate le diroto tsohle tse ka tlung di ileng tsa tlala diapole. Ho sa kgathallehe hore re ne re eja tse kae mme re etsa diphae ka tse ngata hakae, ho ne ho ntse ho sala tse ngata haholo bakeng sa mme wa ka, ntate wa ka le nna. Ho tshwana hantle feela le mokopu ona.”

“Ee, Phindulo, empa re tla etsang ka mokopu?” ha botsa Api.

“Ha ke tsebe,” ha rialo Phindulo. “Empa nka le bolella seo re ileng ra se etsa ka diapole.”

“Eng?” ha botsa Api.

“Re ile ra etsa moketjana,” Phindulo a araba.

“Moketjana?” ha botsa Tshwene.

“Ehlile,” ha rialo Phindulo. “Re ile ra tshwara moketjana o moholo. Ra mema batho bohle. Ho ne ho ena le metswalle le baahisane, bonkgono le bontatemoholo, bomotswala le batjhana. Re ile ra kgabisa ntlo ya rona e nyane ka malente le dibalunu. Mme o ile a etsa phae ya hae e ikgethang ya apole mme ntate a tlhotla diapole a etsa lero la diapole le monate le phodileng. Re ile ra bapala dipapadi mmoho mme ra tantsha mmoho. Ho ne ho hlile ho le monate haholo. Mme batho bohle ba ile ba ja ho fihlela ba kgora mme ba ne ba thabile.”

“Ke rata meketjana,” ha rialo Api.

“Jwale, hobaneng re sa etse moketjana?” Tshwene a etsa tlhahiso eo.

“Ke kgopolo e ntle eo,” ha rialo Api. “Re ka arolelana mokopu ona mme ra o ja mmoho!”

“Ke hantle haholo!” ha rialo Phindulo, a tsheha.

Tshwene a haka Api haholo.

“Na o ka tla moketjaneng wa rona?” Api a botsa Phindulo.

“Nka thabela hoo,” a araba.

Tshwene le Api ba bososela ke thabo. Mme metswalle ena e meraro ya pheha mokopu oo o moholohadi. Ba etsa dintho tse fapaneng tse ka jewang. Api a baka phae e nang le lehoho le mmala wa kgauta le bohare bo bonolo. Tshwene a pheha sopho e dinoko. Phindulo a hadika diforithase tse nang le sinamone le tswekere!

Ba ne ba se na malente kapa dibalunu, empa ba bapala dipapadi mme ba bina dipina, yaba ba ja mokopu o mongata kamoo ba ratang.

Hang diphoofolo tse ding tsa fihla. Tlou a tla le dimarula le matokomane a monate. Thuhlo a tla le dibotlolo tsa metsi a tshikgunyang a sediba ho theosetsa dijo tse monate. Esitana le Kolobemoru o ne a le teng ka dipotata.

Bohle ba fana dijo le dino tsa bona. Ba tsheha, ba bina le ho ja mmoho ho fihlela letsatsi le dikela kamora dithaba, jwaloka lehapu le leholo le butswitseng.
Phindulo and the pumpkin aw02 (2)