Peo e nyane

Author

E phetwa hape ke Kirstin Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Heidel Dedekind

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Ho kile ha eba le morena ya hodileng. O ne a le bohlale a bile a le mosa. Empa ho ne ho ena le ntho e le nngwe e neng e mo utlwisa bohloko – hore ha a na mora ya ka mo hlahlamang boreneng.  

 

Morena enwa o ne a batla motho ya ka mo hlahlamang boreneng hore a tle a hlokomele naha ya hae le setjhaba sa hae. Ka tsatsi le leng hoseng, ha dipula di qeta ho na, a bitsa bashemane bohle ba baholo mmoho mme a bua le bona.  

 

“Kajeno ke letsatsi le ikgethileng,” a rialo, “nako e se e hlile jwale ya hore ke kgethe morena e motjha mme ke tla kgetha e mong wa lona.” Bohle ba ile ba thaba mme ba qala ho bua ka nako e le nngwe. Morena a phahamisa matsoho a hae, “... empa le lokela ho mamela ka hloko.” Bohle ba thola hang mme ba shebella morena ha a hlalosa seo a batlang hore ba se etse.  

 

“Ke tla fa motho ka mong peo e le nngwe. Le lokela ho jala peo ena, le e nosetse mme le e hlokomele tsatsi le leng le le leng.” Yaba o re, “Ka letsatsi lona lena selemong se tlang, le lokela ho tlisa dijalo tseo le tla beng le di kotutse mme nna ke tla kgetha morena ya ntlhahlamang.” Yaba o nea e mong le e mong wa bona peo e le nngwe.  

 

Njabulo le metswalle ya hae ba ne ba thabile haholo. Kaofela ha bona ba qalella ho bua ka nako e le nngwe.  

 

“Kgaitsedi ya ka o lema poone, kahoo o tla nthusa,” ha rialo moshemane e mong.  

 

“Mme wa ka o tseba ho jala meroho, kahoo o tla mpolella hore ke etse jwang,” ha rialo e mong.  

 

“Malome wa ka o tseba moo re ka fumanang mobu o nonneng teng,” ha rialo e mong hape, “mme hape o tseba mokgwa wa ho leleka dinonyana hore di se ke tsa ja peo.”  

 

Njabulo a itholela a ba mamela.  

 

Eitse ha a ya hae, Njabulo a tshwara peo ya hae ka letsohong la hae. E ne e le nyenyane – e sa fete kgolabolokwe e nyane ka boholo.  

 

“Ke a ipotsa hore ho tla mela eng ho tswa ho wena?” A rialo a bua le peo e nyane.  

 

Ha a hla lapeng a bolella mme wa hae seo morena a se buileng le kamoo bashemane ba bang kaofela ba nang le batho ba tla ba thusa.  

 

“Mmm,” ha rialo mmae. “Nkeke ka kgona ho o thusa. Ke ntho eo morena a kopileng hore e etswe ke wena. Empa,” a eketsa, “nka o fa sena.” Yaba o mo fa pitsana e nyane ya letsopa ho jala peo eo ka hara yona.  

 

Njabulo a theohela ka nokeng mme a tjheka mobu oo a tlang ho o kenya ka pitsaneng eo. Yaba ka monwana wa hae o etsa mokoti o monyane ka hloko mme a sunya peo eo ho ona. Ka hloko a kwahela peo eo ka mobu mme a o fafatsa ka metsi a foreshe a tswang nokeng.  

 

Kamora moo, a fumana sebaka se setle moo a ka beang pitsana eo teng – sebaka se neng se sa tjhese haholo ebile se sa bate haholo. “Ha se moo, peonyana ya ka. Ke tshepa hore o thabile,” a rialo a bososela.  

 

Kamora matsatsi a mmalwa Njabulo a sheba hore na ebe peo ya hae e se e qadile ho mela. Empa ho ne ho se letho le etsahalang. Mobu o ne o ntse o sa kokomoha le ho kokomoha o tshwana le mohla a neng a jala peo eo. Yaba Njabulo o etsa bonnete ba hore mobu o dula o le mongobo ka tsela e lekaneng. Mme a hweshetsa, “Ho lokile, peonyana ya ka, o tla mela ha o se o lokile.”  

 

Empa nako e hlahlamang ha a sheba hape, Njabulo o ne a sa bone le metsonyana kapa mahlaku a hlahellang. Le nako e latelang eo, ho ntse ho se letho. Matsatsi le dibeke tsa feta mme Njabulo o ne a utlwile bohloko ho bona hore peo ya hae ha e mele. O ile a utlwa bohloko le ho feta hobane ka nako eo metswalle yohle ya hae e ne e bua ka dijalo tsa bona!  

 

“Sa ka se feta le leoto la ka!” ha rialo moshemane e mong.  

 

“Sa ka se setala jwaloka maralla lehlabula!” ha rialo e mong. Pelo ya Njabulo e ne e imetswe, empa ha ho seo a ileng a se bua.  

 

Dikgwedi tsa nna tsa feta mme bohle ba ile ba tlameha ho batla dipitsana tse kgolo bakeng sa dijalo tsa bona. Njabulo yena o ne a ntse a ena le yane e nyane eo mmae a neng a mo le yona hobane peo ya hae e ne e eso mele.  

 

Qetellong, ha fihla letsatsi leo bohle ba neng ba lokela ho ya bontsha morena dijalo tsa bona. Pele Njabulo o ne a tshohile. O ne a sa batle ho ya, empa mmae a mmolella hore o tshwanetse ho ya bontsha morena pitsana ya hae. O ne a tseba hore mmae o nepile.  

 

Ha Njabulo a hla tlung ya morena o ne a maketse ke ho bona dijalo tse fapafapaneng tseo metswalle ya hae e di jetseng. Ho ne ho ena le mefuta e fapaneng ya dibopeho, boholo le mebala. Mme tsohle di ne di le ntle.  

 

Njabulo a tshwara pitsana ya hae ka thata mme a buela tlaase, “Ke maswabi peonyana ya ka, ke hlolehile ho o thabisa.” Mme a bea pitsana ya hae fatshe mmoho le tse ding. Yaba o ema ka moraorao ho ba bang moo a neng a nahana hore morena a keke a mmona.  

 

Eitse ha morena a fihla, bohle ba kgutsa. Ba ile ba ema ka motlotlo ba tshepile hore sejalo sa bona se tla kgethwa e le sona se fetang tse ding kaofela.  

 

“Lena ke letsatsi le thabisang ruri,” morena a rialo a buela hodimo. “Ke bona dijalo tse ngata tse ntle mona!” A tsamaya butle a eya hodimo le tlase, a shebisisa dijalo tseo kaofela mme bohle ba mo shebelletse. Hanghang a emisa mme a phahamisa pitsana. E ne e le ya Njabulo. Njabulo a ikutlwa a kula ke ho tshoha.  

 

“Ke pitsana ya mang ee?” morena a botsa. Bohle ba kgutsa. Njabulo o ne a tshohile, a nahana hore morena o tla mo halefela mme a mo leleke. “Ke pitsana ya mang ee?” morena a botsa hape.  

 

Njabulo a hemela hodimo mme a bua a re, “Pitsana eo o e tshwereng ke ya ka, morena ka.”  

 

Bohle ba fetoha ba sheba Njabulo mme bashemane ba bang ba qala ho tsheha, empa ba emisa ha morena a re Njabulo a tle ka pele. Ha a eme hau le morena a utlwa a itshwabetse.  

 

“Lebitso la hao o mang?” ha botsa morena.  

 

“Lebitso la ka ke Njabulo,” a rialo a shebile morena.  

 

Morena a hula moya nako e telele mme a buela hodimo a re, “Ke kgethile morena e motjha mme lebitso la hae ke Njabulo!”  

Njabulo o ne a maketse haholo. Ho tlile jwang? Leha a ne a etse hloko haholo, ha a ka a kgona ho etsa hore peo eo morena a neng a mo file yona e mele.  

Yaba morena o re, “Selemong se fetileng, ke file e mong le e mong wa lona peo ho ya e jala. Ke ile ka le bolella hore le e jale, le e hlokomele mme le tle le yona mona kajeno. Kaofela ha lona le entse seo ke le bolelletseng sona,” a rialo. “Empa, ke ne ke le le peo eo ke e bedisitseng ka metsing, ho bolelang hore dipeo tseo di ne di keke tsa mela. Ha le fumana hore peo ya lona e hloleha ho mela, e mong le e mong wa lona o ile a jala peo e nngwe bakeng sa yona. Kaofela ha lona le ntliseditse dijalo tseo. Kaofela ha lona ntle le Njabulo feela. O mpontshitse hore ha a etsa feela seo ke itseng a se etse, empa o bile a ba le sebete sa ho tshepahala. Ke yena motho eo ke mo kgethang ho ba morena, mme e tla ba morena ya lokileng haholo!”  

Morena a bososela a shebile Njabulo, a tseba hantle hore o entse kgetho e nepahetseng.