Home | Story Resources | Multilingual stories | Pale e makatsang ya Zimkhitha ya fofang

Pale e makatsang ya Zimkhitha ya fofang

Author

Helen Brain

Illustrator

Magriet Brink

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Ho kile ha eba le ngwananyana e mong ya neng a bitswa Zimkhitha ya neng a sa tlohele ho tsheha. O ne a halefisa ntatae. Ka letsatsi le leng o ne a tswa mo lata sekolong ka koloi ho leba lapeng. Ba sa ntsane ba qala ho kena tseleng ya bona feela, o ne a se a tenehile ho feta! O ile a emisa koloi.

“Na o tla tlohela ho tsheha kapa o tla tsamaya ka maoto ho ya lapeng?” a botsa. Empa Zimkhitha o ile a tshehela hodimo le ho feta.

“Ho lokile,” a rialo, “o ka nna tsamaya ka maoto ho ya hae.” Yaba o mo theola koloing ya hae mme a e kganna ho leba hae.

floating 1 fin

“Zimkhitha o kae?” mmae a botsa jwalo ha ntatae a kena monyako o ka pele. “Ke mo phehela dijo tseo a di ratang.”

“Oho,” ntatae a araba. “Ke itse a tsamaye ka maoto ho tloha hukung yane hobane o ne a sa batle ho tlohela ho tsheha.”

“Moradinyana wa ka?” ho botsa mme wa Zimkhitha. “O entse hore moradinyana wa ka a tsamaye ka maoto ho tla hae? A le mong? Re tla lokela ho ya mmatla.” Ba ile ba mmatla ba mmatla, empa ho ne ho se le letshwaonyana feela la moo Zimkhitha a leng teng.

“O mo siile kae?” Mmae a botsa. “Ngwanaka o kae, Ron?”

“Ao banna,” ho honotha ntata Zimkhitha, a shebisisa ka tlasa sehlahla se seng le se seng le hodimo sefateng se seng le se seng.

“Zimkhitha,” ho hoeletsa mmae. “Zimkhitha, o hokae?”

Mosadi e mong a emisa koloi ya hae. “Na nka le thusa?” a botsa.

“Re lahlehetswe ke moradinyana wa rona,” ho araba mme wa Zimkhitha. “Na ho na le moo o mmoneng?”

Mosadi eo a kganna ho potoloha sebaka seo mme a kgutla ho tla ba tlalehela, “Ke bone katse e ntsho, le ntja e tshehla, le monna ya rekisang dipanana. Empa ha ho moo ke boneng ngwananyana e monyane teng.”

Ntata Zimkhitha a sheba hodimo, mme a bona Zimkhitha a le mane, a phaphalletse hodimo, hodimo sepakapakeng ka hodima bona, jwaloka balunu e kgolo e pinki.

“Jowee!” ha kgotsa Mme. “Ekaba ho tlile jwang hore a fihle hodimo mola?”

Mosadi ya mosa a sheba hodimo sepakapakeng, a shebelletse Zimkhitha a ntse a fofa hodimo marung. “Na ebe o a …. tsheha?” a botsa.

“Zimkhitha o dula a tsheha,” ha rialo mmae le ntatae mmoho. “Ha re kgone ho mo thibela. Mamela.” Ho tswa hodimodimo marung, ditsheho tsa Zimkhitha di ne di utlwahala di theohela tlase jwaloka tshepe e nyane.

“Tjhe bo!” ho hoeletsa mmae, a tsoka matsoho. “O tla wela ka hara lewatle.”

“Kapa ka hara meutlwa ya dipalesa,” ho honotha ntatae.

“Nna ke rasaense,” ho rialo mosadi ya mosa, “mme e nngwe ya dintho tsa pele tseo re ithutang tsona ke hore moya o a phaphalla. Mohlomong o ile a kwenya moya o mongata haholo ha a ntse a tsheha hoo a fofetseng hodimo jwaloka balunu.”

“Jo, jo, jonna we,” ho makala batswadi ba Zimkhitha

“Re na le tsela e le nngwe feela ya ho etsa hore a theohele fatshe,” ho rialo mosadi ya mosa. “Re tla tlameha ho mo llisa.”

“Ao basadi,” ho rialo mmae. “Hoo ho ke ke ha eba bonolo. Ke ngwana ya dulang a keketeha feela.”

“Re tla tlameha ho hoeletsa ho hong ho tshosang ho yena.” ho rialo ntata Zimkhitha, a llela ka hara sakatuku sa hae.

“Re hloka batho ba bangata haholo, hore ba tlo hoeletsa ka nako e le nngwe,” ho rialo mosadi eo. “A keke a re utlwa ha re le bararo feela.” Yaba ba tsamaya ba kokota menyako ena kaofela, mme ba kopa batho hore ba tswele ka ntle. Ntata Zimkhitha a emisa sephethephethe mme a kopa batho bohle hore ba tlo thusa. Kapele ke ha ho se ho bokane letshwele le leholo, mme batho ba ne ba supa le ho dumedisa ka matsoho ba bile ba nka filimi ya Zimkhitha ka diselefounu tsa bona.

Zimkhitha a tsheha a ba a tsheha. O ne a qala ho bona ntho e qabolang jwalo.

“Jwale re tla reng ho etsa hore a lle?” ha botsa mosadi ya lokileng.

“Ke a tseba!” ho rialo ntata Zimkhitha, mme a ba bolella hore ba reng.

“Nngwe, pedi, tharo, ha re yeng mmoho …” ha laela mosadi ya mosa.

Mme ha a tjho jwalo, letshwele la supa hodimo marung mme la hoeletsa, “Hela, Zimkhitha! Re kgona ho bona ka tlasa mose wa hao!” Hodimodimo marung kwana Zimkhitha a ba utlwa. A sheba fatshe mme a bona batho ba makgolo a mahlano ba supile mose wa hae, mme a kgaotsa ho tsheha.

Yaba o fofela tlase. Empa yare ha a ntse a theohela tlase maru a mo tsikinyetsa, mme a nahana kamoo ho qabolang ka teng ho ba hodimodimo kwana mme batho ba bang kaofela ba le tlase mane, yaba o qala ho tsheha hape.

“Ao banna,” ntatae a rialo. “Ha e a sebetsa.”

“Ke a tseba!” ha bua mmae. “Mmolelleng hore re kgona ho bona penti ya hae e matheba.”

Yaba letshwele le hula moya haholo mme ba hoeletsa haholo, “Hela, Zimkhitha! Re kgona ho bona penti ya hao e matheba!”

floating 3 fin

Yaba Zimkhitha o emisa ho tsheha mme a fofela tlase ka dimitara tse mashome a mahlano. Empa yare ha a sheba dikoloi tse petetsaneng mmileng le boradikhemera ba TV le diketekete tsa batho ba mo shebelletseng, a qala ho tsheha hape. Mme a leba hodimo hape.

Mosadi ya mosa a sisinya hlooho. “Re tla tlameha ho ba kgoponyana jwale,” a rialo a tiisitse. “Neng kapa neng ho tloha jwale moya o tla mo fumana, mme o tla fofela hole ka ho sa feleng. Ke eng e mpe ka ho fetisisa eo re ka mmolellang yona?”

Yaba bohle ba kopanya dihlooho mme ba nahana ba nahana ba nahana. Qetellong ba e fumana.

“Bohle jwale,” ha hoeletsa ntata Zimkhitha, a eme hodima koloi ya Mercedes Benz. “Motho e mong le e mong a hoeletse haholo kamoo a ka kgonang, bohle ka nako e le nngwe.”

Mme letshwele lohle la batho ba dikete tse nne, le ntja e tshehla, le katse e ntsho le monna ya rekisang dipanana bohle ba hoeletsa ka nako e le nngwe, “HELA ZIMKHITHA! RE BONA PENTI YA HAO MME E NA LE LESOBA!”

floating 2 fin

Yaba Zimkhitha o tlohela ho tsheha.

A theohela tlase. Tlase, tlase, tlase. A tswela pele ho ya tlase haholo, tlase haholo, ho fihlela a batla a fihla fatshe.

“Oho, moradinyana wa ka!” ho rialo mmae, a mo tshwara ka maoto mme a mo hulela tlase Lefatsheng. “Re leboha Modimo ha o bolokehile!”

Zimkhitha a sheba letshwele la batho bohle ba neng ba mo etsetsa ditlatse ba tsheha ba bile ba opa matsoho. O ne a swabile haholo hoo a ileng a ikwahela sefahleho mme a mathela habo.

“Ao bathong,” ho rialo ntatae. “Re mo utlwisitse bohloko. O kgenne ka nnete.”

Yaba kahoo batho ba boela ba kopanya dihlooho mme ba nahana ka ntho e ntle eo ba ka e buang ho mo thabisa.

“Ha re yeng bohle jwale,” ha hoeletsa mmae.

Yaba ba a hoeletsa, “HELA, ZIMKHITHA! RE NE RE MPA RE BAPALA HLE!”

Zimkhitha a tlohela ho matha.

“RE A O TSHEPISA!” kaofela ba hoeletsa. “RE NE RE SA BONE PENTI YA HAO HLE, HOBANE O TENNE BORIKGWE BO PINKI!”

Mme Zimkhitha a qala ho tsheha.

“Jowe, mo tshwareng kapele hle,” ha hoeletsa mmae.

Mme ba etsa jwalo. Kapele a eso fofe hape.