Home | Story Resources | Multilingual stories | Neo le lefatshe le leholo, le batsi

Neo le lefatshe le leholo, le batsi

Author

Vianne Venter

Illustrator

Rico

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Neo a sheba ka ntle ho fensetere ya phaposi ya hae boputswa ba seterata se metsi, le batho ba metsi ba baputswa ba potlakileng ka hara pula e putswa e tsholohang. O ne a sa kgone ho tswela ka ntle, mme o ne a se a qetile ho balla Mbali dibuka tsa hae tsohle.

Ka yona nako eo, Nkgono a kena ka moriri wa hao o kamolotsweng ke moya o ka ntle. O ne a tshwere ho hong. Neo o ile a elellwa hore ke ntho e sepharanyana, e kgutlonnenyana, le e mebala e kganyang … mme e ne e kgona ho buleha – jwalo feela ka lebokoso la letlotlo!

“Ena e ne e le buka eo ke neng ke e rata ka ho fetisisa ha ke ne ke sa le monyenyane jwaloka wena tjena,” Nkgono a bolella Neo. “E ne e le monyako o ntebisang lefatsheng le leholo, le batsi.”

Yaba o bula buka eo.

Leqepheng la pele ho ne ho ena le setshwantsho sa sebaka sa mehlolo, holehole le letsatsi le leputswaputswa. Naha e ne e le tala le mmala wa kgauta le o mosootho, ho ena le lehodimo le leholohadi, le botala ba lehodimo ka hodimo, le letsatsi le mofuthu le lesehla, le tjhesang lefatshe.

“Kgele! Na hoo ke hwa nnete?” Neo a makala.

Nkgono a bososela. “Ha o tsebe? Dipale tsohle ke tsa nnete, ha feela o dumela ho tsona,” a rialo. Yaba o supa sebakeng se leqepheng moo moshanyana e monyenyane, ya ka lekanang le Neo ka boholo, a neng a tsamaya thoteng.

Ha Nkgono a ntse a bala, Neo a kwala mahlo a hae mme a lahleha ka monahano, a nyolosa ka hodima dithaba … a parola lefatshe le leholohadi, le sootho … a leba lefatsheng le leholo, le batsi.
neo-3-col-flat-lores

A utlwa mantswe a tswang naheng.

“Tswaa! Tswaa!” ha bina nonyana e nyane.

“Ke letsatsi le letle!” ha rialo letjeketjane.

“Tloo kwano, tloo re tlo bapala,” ha hweshetsa moya ka hara jwang bo bolelele.

Neo a hopola pula e putswa e tsholohang, mme a ipotsa hore ebe ha a tshwanela ho ba ka ntle ka kwana na. Empa paleng, o ka etsa eng kapa eng. Ho ne ho se na pula mona. Kahoo, Neo a tswa a tsamaya a parola thota.

Ntho ya pele eo a ileng a e bona e ne e le telele, e le sootho e ena le mmele o matla, wa patsi. E ne e le telele, e ena le matsoho a masootho a neng a fihla lehodimong, le hlooho e kgolo e tletseng makala a moriri o motala ba mahlaku o neng o ntse o eya kwana le kwana moyeng o phodileng.

“Dumela,” ha rialo Neo, a tonne mahlo. “O eng?”

“Ke sefate. Ke kgona ho bona ka nqane ho dithota tsane tse kgolo, tsa kgauta. Nyolohela mona, mme o shebe le nna.” Sefate sa mo amohela, mme Neo a se palama.
neo-6col-flat-lores

Ha a le hodimo makaleng, Neo a kgona ho bona ho fihlela qetellong ya lefatshe. Mme ho ne ho ena le ho hong ho hongata kaekae ka ntle kwana, hoo ho batlileng ho mo tshosa ho nahana ka hona.

Empa sefate sa mmoloka a bolokehile, sa hweshetsa, “Tsamaya o ilo sibolla. O se ke wa tshaba. Ho na le lefatshe le letlehadi, le leholo, le batsi ntle kwana.”

Yaba Neo o theoha sefateng mme a tswela pele tseleng ya hae thoteng.

Ho e so ye kae, a kopana le qubu ya lehlabathe le thata le nang le mekoti e menyane, jwaloka menyako e menyanenyane. O ne a utlwa mantswe a maphathaphathe a milione ka hare, le diqinyana tsa maoto a manyane a dimilione tse tsheletseng a ntseng a matha.

“Dumela! Wena o mang?” Neo a botsa ka hara o mong wa menyako.

“Dumela!” ha araba lentswenyana le lenyane. “Re bohlwa. Re pheta dipale tsa lefatshe ka mona. Na o batla ho di utlwa?”

Neo o ne a rata dipale, kahoo a dula fatshe a mamela. Bohlwa ba pheta dipale tsa bona tsa thota le moru, le tsa dithaba le ditoropo tse ka nqane.

“Dipale tse ngata hakana?” Neo a botsa.

“Ho na le dipale tse ngata jwaloka dinaledi tse kganyang marung,” bohlwa ba araba.

Neo a sadisa ka letsoho, mme a tswela pele ho ya ka nqane ho thota.

Qetellong, Neo a fihla moo ho nang le metsi a mangata a neng a phalla thoteng ho tloha hoseng ho fihlela bosiu. Neo a kena ka hara ona ho phodisa maoto a hae a tjhesang.

Metsi a mo hasa maotong mme a keketeha, “Ke noka, ke phalla ho tloha dithabeng ho ya lewatle. Tloo, ntatele. Ke tla o isa lapeng leno.”
neo-11-col-lores

Neo a nahana kamoo ho ka bang monate ka teng. Kahoo a latela noka ho parola le thota le dipakeng tsa dithaba. Mmoho ba tsamaya hohle motsheare wa mantsiboya ho fihlela ka phirimana, ho fihlela qetellong ha ba fihla ka hodima leralla.

Ho tloha moo, Neo o ne a bona torotswana, e hlwekisitsweng ke dipula mme e benya ke kganya ya letsatsi le dikelang.
neo-13-col2b-lores

Yaba noka e tshikgunya hanyane, “Tswela pele, e ya hae. Ho na le batho ba o ratang moo, ba emetseng ho tla o phetela dipale.”

Neo a theosa ka hara toropo. A bona diterata tse tletseng batho ba nyolosang ba theosa ka hara toropo, jwalo feela ka noka. A bona matlo, a futhumetseng kganyeng ya mantsiboya. Ka hare ho ona, batho ba ne ba le maphathephathe, feela jwalo ka dikokonyana.

Qetellong, Neo a nyarela fensetereng eo ho yona ho neng ho ena le nkgono ya tsofetseng, ya nang le matsoho a matla le moriri o harelaneng jwaloka makala a sefate se seholo, a kwala buka mme a inama ho suna moshanyana e monyane a mo fonanisa.
neo-15-col-lores

Neo a nahana ka thota le sefate le bohlwa le noka. Mme yare ha a ntse a shebile nkgono, mookodi wa bonesa ntlonyana eo ka mebala e kganyang hoo e neng e shebahala jwaloka setshwantsho se bukeng ya pale. Neo a nahana ka tshibollo ya hae e kgolo ka hara maqephe a buka ya dipale eo nkgono a e ratang, mme a nahana ka yena le Mbali lapeng.

Yaba Neo o tswa ka hara buka, a kena betheng ya hae e mofuthu, ka hara phaposi ya hae e mofuthu, ntlonyaneng ya habo.

Ke kahoo, kamehla ha lefatshe le shebahala le le leputswa, mme phaposi ya hae e bonahala eka e nyane haholo, Neo o bula buka. O kena monyakong o pakeng tsa maqephe, mme o ikela lefatsheng le leholo, le batsi.

 

Eba le boiqapelo!

Mmoho inahaneleng mme le ipopele ketsahalo e tswang paleng le sebedisa dintho tse tikolohong

ya lona. Etsang ketsahalo e boholo bo lekanang le ba batho, kapa le bope ketsahalo e nyane ka hara lebokoso la dieta.