Motjhalla le Letsatsi
Home | Written stories | Multilingual stories | Motjhalla le Letsatsi

Written stories

Motjhalla le Letsatsi

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Mieke van der Merwe

Translator

D. H. Mohale

Hoseng ho hong, ha diphoofolo di tsoha, di ne di maketse ho bona hore ha ho sesupo sa Letsatsi le tjhabang ka botjhabela.

“Ho etsahala eng?” diphoofotswana tsohle tse nyane tsa botsa batswadi ba tsona.

“E bang le mamello hanyane!” ho rialo bomma tsona le bontata tsona. “Mohlomong Letsatsi le mpa le le botswa kajeno. Le tla tjhaba haufinyane jwaloka tlwaelo, mme re tla kgona ho theohela tlase phuleng ho ya nwa metsi.”

Empa diphoofolo tseo di ne di fositse. Le ha di ile tsa ema tsa ba tsa ema, lefatshe le ile la dula le ntse le le lefifi. Kamora dihora tse mmalwa, di ile tsa etsa qeto ya ho epa pitso ya ho tshohla ka bothata bona.

“Re tla etsa jwang?” ha botsa Kubu.

“Ho bonolo haholo,” ho rialo Thuhlo. “Bohle re tshwanela ho tsomana le Letsatsi. Re ke ke ra kgona ho phela ntle le kganya!”

Diphoofolo tse ding tsa dumela, kahoo tsa tutumolotseha ho ya dibakeng tse fapaneng, di ikemiseditse ho fumana Letsatsi.

Squirell and Sun (1)“Ke tla qala ka ho sheba difateng tse ka morung o moholo,” ke Motjhalla eo a bua a le mong. A phenyekolla sefate ka seng moo a hlolang a bapalla teng Letsatsi le leng le le leng. Qalong ha a ka a fumana letho haese lefifi feela. Ha a ntse a kenella harehare morung, a elellwa kganyanyana e lerootho pele mane. “Ke lane!” a rialo a thabile. “Ke tsebile hore ke tla le fumana Letsatsi mona!” Motjhalla o ne a nepile. Kamora hoba a tsamaile hora e nngwe hape, o ile a qetella a fumane Letsatsi, le tshwasehile ka hara makala a teteaneng a sefate se selelele. “O se kgathatsehe, Letsatsi!” ho rialo Motjhalla. “Le ha ke le monyane tjena, meno a ka a bohale haholo! Ke tla kgaola makala ano kaofela mme ke o lokolle ka potlako.”

“Ke a leboha, Motjhalla,” ho tsetsela Letsatsi. “Haesale ke leka ho itshwasolla sefateng sena ka dihora tse ngata, empa ha ke ntse ke leka ho itshwasolla, ke ntse ke tshwaseha le ho feta.”

Yaba he Motjhalla o monyane o qala ho phura le ho hlahlatha makala. E ne e le mosebetsi o boima, empa ha o a ka wa nyahama pelo. Kamora halofo ya hora, o ne a se a lokollotse karolo e nyane ya Letsatsi; mme kamora hora enngwe hape, ho ne ho se ho ne ho setse makala a mmalwa feela a masesane a neng a ntse a tshwasitse Letsatsi hodimodimo sefateng. Empa jwale Motjhalla o ne a e na le bothata – ha a ntse a kgaola makala a mangata, Letsatsi le ne le ntse le mo tjhesa le ho feta. Motjhalla a qala ho fufulelwa. Yaba hang o se a utlwa ho nkga boya ba hae eka bo a tjha. Lehano la hae le ne le omme hoo a neng a hloleha le ho bua. “O ntshwarele, Letsatsi, empa nke ke ka kgona ho tswela pele,” a bua a kgathetse. “Motjheso wa hao o matla haholo ho nna! Sheba, mohatla wa ka o a tjha!”

Letsatsi le ne le hlile le batla ho lokoloha. “Tswela pele hle, Motjhalla, ke a o kopa!” Letsatsi a kopa. “Ke lokela ho tshwasolloha sefateng sena hore ke kgone ho kgantsha lefatshe Letsatsi ka leng. Diphoofolo tsohle le dinonyana le dijalo di hloka kganya ya ka le mofuthu wa ka hore di phele.”

Motjhalla o ne a tseba hore ke nnete. Kahoo, le ha boya ba hae bo botle bo bosootho bo ne bo se bo fetohile bo le botsho, le mohatla wa hae o se o fedile ke ho tjha, o ile a tswela pele ho hlafuna hara makala ao a neng a tshwasitse Letsatsi.

Nako ya nna ya feta. Jwale Motjhalla o ne a se a le haufi le ho tshwasolla Letsatsi, empa mahlo a hae a ne a le bohloko hona hoo a neng a lokela ho tutbala. Yaba o boela a ikutlwa hore a ke ke kgona ho tswela pele. “Ke a o kopa hle, Letsatsi,” a rialo, “ke lokela ho emisa e le ka nnete jwale. Mahlo a ka a thefulehile mme ke tshwanela ho a phomotsa.” Empa Letsatsi la boela la mo kopa ho tswela pele, kahoo a nna a tswela pele.

Qetellong a kgaola le dithutswana tsa ho qetela tse neng di tshwasitse Letsatsi. Butlebutle Letsatsi la nyolohela hodimo marung, mme ha le etsa jwalo, mafube a ala kganya e kgubetswana lefatsheng ka bophara. Ha Letsatsi le ntse le nyoloha, la bua le Motjhalla. “Ke leboha haholo, motswallenyana wa ka!” Letsatsi la rialo. “O sebeditse ka thata ho mpholosa, mme ka ho etsa jwalo o pholositse le diphoofolo tsohle le dinonyana le dijalo. Ebe nka o etsetsa eng ho o leboha?”

Motjhalla a nahana metsotswana e se mekae. Haesale a ntse a batla ho fofa. “Mphe mapheo,” a rialo, “hore ke tle ke fofele hodimo sepakapakeng.”

Squirell and Sun (2)“Ho lokile,” Letsatsi la araba, “jwale o na le mapheo a mabedi, mme o tla kgona ho fofa ka potlako o be o fofele hodimo le ho feta dinonyana tse ding. Ka lebaka la hore o thefutse mahlo a hao ha o nthusa, o tla robala motsheare mme o tsohe bosiu. Le ha mahlo a hao a se a sa kgone ho sheba kganyeng ya Letsatsi, o tla kgona ho bona le ho utlwa hantle haholo bosiu!”

Ke kahoo Motjhalla a ileng a fetoha mankgane. O ne a duletse ho fofa bosiu hoo a neng a sa nahane le ka mohatla wa hae le boya ba hae bo bosootho le bophelo ba hae jwaloka Motjhalla hodima difate. Le ha a ne a se a sa natefelwe ke kganya ya Letsatsi, o ne a ntse a utlwa mofuthu wa lona ka pelong ya hae.