Home | Story Resources | Multilingual stories | Moshanyana le Phokojwe

Moshanyana le Phokojwe

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Natalie Hinrichsen

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Ho kile ha eba le moshanyana e mong ya neng a dula polasing e haufi le motse. O ne a dula le mmae, ntatae le kgaitsedi ya hae. Motho e mong le e mong lapeng leo o ne a ena le mosebetsi wa hae o ikgethang. Yena mosebetsi wa hae e ne e le ho alosa dinku.

Kamehla hoseng o ne a ntsha dinku ho di isa naheng. Moo, dinku di ne di fula jwang di eja le dimela. O ne a di disa letsatsi lohle.

Ho ne ho ena le mafika le moru qetellong ya thota. Ke moo ho neng ho dula phokojwe, empa moshanyana eo o ne a etsa bonnete ba hore dinku tsa hae hohang ha di atamele mafikeng ao. Mantsiboyeng a mang le a mang o ne a kgutlisetsa dinku polasing moo di neng di bolokehile teng.

A boy is taking his sheep over over a green African field.

Ha moshanyana eo a leba naheng le dinku, kgaitsedi ya hae o ne a leba motseng ho ya rekisa meroho le mahe a tswang polasing ya bona. Mmarakeng moo o ne a bua le batho kaofela.

“Kgaitsedi ya ka o dula a ena le batho bao a ka buang le bona,” ha rialo moshanyana eo ka tsatsi le leng. “O na le metswalle e mengata mme nna ha ke na yona. Ke dula naheng mona, ke le mong, tsatsi le leng le le leng. Ha ho motho eo nka buang le yena.” A sheba dinku tsa hae mme a fehelwa.

Kamora ho nahana ka sena nako e telele a tla ka leqheka. “Ke a tseba hore ke tla etsa eng,” a rialo. “Ke tla hoeletsa ke re, Phokojwe! Batho bohle ba tla tla ho tla nthusa. Jwale ke tla re phokojwe e kgutletse morung. Ke tla ba thusa ho e batla. Kahoo ke tla ba le batho bao nka buang le bona. Re tla bua ka dinku le diphokojwe le dintho tse ding.”

Yaba he, ka tsatsi le leng o leka leqheka lena la hae. A qala ho hoeletsa mme a matha a theohela ka motseng.

“Phokojwe! Thusang!” a hoeletsa haholo.

Batho ba mo utlwa a ntse a hoeletsa mme ba matha ho ya mo thusa. Ba tla ba tshwere dithupa le majwe; mafielo le dikgaragu. Ba tla ba tshwere ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba ka e fumana ho tla lelekisa phokojwe.

Ehlile, ho ne ho se phokojwe mono. Moshanyana eo o ne a le leshano. Batho bona ba ne ba sa tsebe seo. Ka mora ho batlana le yona nako e itseng, batho ba bang ba sala ho bua le moshanyana eo. Sena se ile sa mo thabisa haholo.

“Ke nahana hore ke tla etsa jwalo hape,” a rialo ha batho bohle ba se ba tsamaile. “Ho ne ho hlile ho le monate ho ba le batho bao nka buang le bona.”

Ha a orosa dinku mantsiboyeng ao, ba lelapa labo ba ne ba utlwetse kamoo a ileng a hoeletsa a kopa thuso ka teng mme ba mo kopa hore a ba phetele se etsahetseng.

“Ke utlwile ka ralebaka,” ha rialo ntatae.

“Ke ne ke le motseng mane mme ka bona batho ba matha ho ya thusa,” ha rialo mmae.

“Na o ne o tshohile?” ha botsa kgaitsedi ya hae.

Yaba moshanyana eo o ba qoqela tsohle ka phokojwe eo, mme leshano la hae la nna la hola, la hola jwalo.

Ka mora beke e le nngwe moshanyana eo a pheta ntho eo hape. A hoeletsa a ntse a mathela motseng. “Phokojwe! Thusang! Tlong kapele.”

Yaba hape baahi ba motse ba tswa ba matha ho ya mo thusa. Mme hape ba se ke ba fumana phokojwe. Kgetlong lena ba batla ho tseba hore hantlentle ho etsahala eng.

“Ha re bone mehlala ya letho mona,” ha rialo e mong.

“Dinku tsa hao ha di shebahale di tshohile hohang,” ha rialo motho e mong hape.

Baahi ba motse ha ba ka ba dula nako e telele mme ba honotha ba ntse ba kgutlela motseng ha bona.

Yaba ka tsatsi le leng moshanyana enwa o hlile o bona sebopeho se itseng se tsamatsamaya haufi le mafika. A bona ditsebe tse pedi tse motsu le mohlatla o molelele. O ile a bona boya bo bosootho bo silifera mokokotlong wa yona. Pelo ya hae ya otlela hodimo ka potlako. E ne e le phokojwe mme e ne e ntse e nanya e atamela ho tla dinkung tsa hae. Kgetlong lena o ile a hla a hoeletsa haholo ho feta.

“THUSANG! THUSANG! Phokojwe ke eo! Tlong kapele bo.”

Eitse ha a ntse a matha ho theosetsa ka motseng a ilo batla thuso, a bona phokojwe e loma e nngwe ya dinku tsa hae. A fetoha mme a kgutlela mohlapeng wa hae a matha, a ntse a hoeletsa ka nako eo. Empa ha ho motho ya ileng a tswa ho tla mo thusa.

The jackal is about to bite one of the sheep with the boy is running frantically towards them.

Yaba phokojwe e phamola konyana mme e mathela ka hara moru, mafikeng. Dinku di ne di tshohile haholo hoo di ileng tsa baleha kaofela. Ho ile ha nka moshanyana eo dihora tse ngata pele a di bokella kaofela mme a ya le tsona hae.

Eitse qetellong ha a fihla lapeng a omana haholo a tletleba, “Ha ho motho ya ileng a tla nthusa. Nka be ke tswile kotsi. Nku e nngwe e lemetse mme phokojwe e nkile konyana e le nngwe. Kgetlong lena ho ne ho hlile ho ena le phokojwe mme ha ho motho ya ileng a mmamela ha ntse ke hoeletsa.”

“Kgetlong lee?” ha botsa ntatae. “O bolelang ha o rekgetlong lena?”

Yaba moshanyana eo o tlameha ho bua nnete. Ntatae o ne a halefile haholo.

“Nke ke ka o fa kotlo,” a rialo. “O se o tla iphumanela hore ho etsahala eng ka batho ba buang leshano.”

“Eng?” moshanyana eo a botsa.

“Ho bonolo,” ntatae a mo araba. “Hang ha batho ba ka tseba hore o ba bolelletse leshano, ba ke ke ba hlola ba o kgolwa le kgale, le mohlang o seng o bua nnete. Ha ho motho ya kgolwang raleshano.”

Mme hoo ebile kotlo e lekaneng bakeng sa moshanyana eo. Ho ne ho se ho se motho ya kgolwang eng kapa eng eo a e buang.