Morena wa dinonyana
Home | Written stories | Multilingual stories | Morena wa dinonyana

Written stories

Morena wa dinonyana

Author

Retold by Hilda Mohale

Illustrator

Tamsin Hinrichsen

Mehleng ya kgalekgale ha lefatshe le sa le letjha, Nkwazi, ntsu e kgolo, ya bitsa dinonyana tsohle ho bokana mmoho.

“Jwaloka ha le tseba,” a rialo, “Bhubesi eo e leng tau, ke morena wa diphoofolo. Empa ke hobaneng a lokela ho buella le rona dinonyana? Re lokela ho ikgethela morena eo e leng wa rona … mme kaha ke le moholo ka mmele, ke hlahisa hore e be nna!”

Dinonyana kaofela tsa qalella ho buela fatshe le ho honotha ho fihlella lentswe le le leng le hlahella hodima mantswe ohle. “Nkwazi, o moholohadi ka mmele, ke nnete,” ha rialo sephoko se seholo, Khova. “Empa mahlo a ka a maholo a kgona ho bona ntho tsohle tse etsahalang. Sena se etsa hore ke be bohlale haholo – mme morena wa nnete o hloka bohlale!”

Yaba dinonyana di boela di llela hodimo, ho fihlela Lenong Ngqithi a bua. “Ke nahana hore ke nna ya lokelang ho ba morena!” a rialo. “Marena a hloka ho ba maholo a be matla, mme nna ke nonyana e kgolohadi ho feta tsohle.”

King_of_birds_1

 

Dinonyana tsa qala ho ngangisana ka hore ke mang ya lokelang ho ba morena. Yaba ho hlahella lentswe le hlabang hanghang ka hodima tsona kaofela, “Ntshwareleng! Ntshwareleng!” E ne e le Ncede e monyane, motinyane. Leha ba bang ba ile ba mo tsheha ha a bua ka boitshepo bo jwalo, ba mo dumella ho bua – empa ho ne ho se ya kgolwang ha a re ke YENA ya lokelang ho ba morena!

“Ebe ke eng e kaalo e ka o etsang hore o be morena ya kgabane?” ha botsa Nkwazi, ha ba se ba qetile ho tsheha.

“Ha ho letho, kwana,” ha rialo Ncede, “empa le nna ke lokela ho fumana sebaka jwaloka mang kapa mang!”King_of_birds_2

“Ho lokile,” ha rialo Nkwazi, “ha re etseng tlhodisano!” Dinonyana tsohle tsa thabela mohopolo oo. Tsa dumellana hore ka letsatsi la pele kamora hoba kgwedi e phethele, ha letsatsi le thetsa sehlohlolong sa thaba e phahameng ka ho fetisisa, di tla tloha kaofela ho fofela hodimo mme di bone hore ke mang ya tla fofela hodimodimo ho feta bohle. Mohlodi e tla ba yena morena wa bona.

Letsatsi le leholo la fihla. Dinonyana tsa shebella ka mamello ha letsatsi le tjhaba. Leha Ncede e monyane a ne a ikemiseditse ho bontsha hore le yena e ka ba morena, o ne a tseba hantle hore mapheo a hae a fokola haholo ho ka fofela hodimodimo. Kahoo, yare pele dinonyana di qala ho fofa, a kgukguna ka lenyele a kena ka tlasa mapheo a Nkwazi. Lenong le ne le shebile letsatsi hoo le sa kang la utlwa letho.

Eitse hang ha letsatsi le thetsa tsullung ya thaba, dinonyana tsa fofela hodimo marung. E se kgale tse ding tsa tsona tsa qala ho kgathala, empa lenong , sephoko le ntsu, tsona tsa sala lebelong di ntse di fofa.

Khova ebile yena wa pele ho tlohela lebelo. Eitse ha a theohela fatshe, Nkwazi le Ngqithi ba fofela hodimo ho feta … empa kamora metsotso e mehlano, lenong le boima le ne le se le sa kgone ho tswela pele. “Oho, Nkwazi,” a hoeletsa a saretswe ha a theohela fatshe, “o mohlodi!”

King_of_birds_3

“HALAAALA – HALALA!” ha thenthetsa ntsu ka lentswe la tlholo, a bokella matla a ho qetela hore a fofele hodingwana hape. Empa hanghang a utlwa lentswe le mo phoqang. “Eseng jwalo, Nkwazi!” ha rialo Ncede ka lentswe le lesesane, a tswa ka potlako ka tlasa mapheo a hae mme a fofela kahodimonyana ho yena. “Ha o so hlole!” Ntsu ya batho! O ne a kgathetse haholo, mme a ke ke a kgona ho fofela hodimo ho feta moo. Yaba o wela fatshe a dumaela.

Dinonyana di ne di halefetse boqhekanyetsi bona ba Ncede. Eitse fela hang ha a dula fatshe, tsa potlakela ho yena ka bohale bo boholo – empa pele di ka mo etsa ho hong, nonyana e nyane e matjato ya tjhobela ka hara mokoti wa noha.

King_of_birds_4“Tswa!” ha tlerola dinonyana, “o tlo fumana moputso o o tshwanelang!” Empa leha ba ile ba dula ba lebetse mokoti oo bosiu bohle, Ncede a itulela kamoo a se ke a tswa.

“Ha re fapanyetsaneng ka ho lebela mokoti!” ha rialo Nkwazi hoseng. Khova a dumela ho qala pele ha ba bang ba tsamaya ho ya robala kapa ho ya tsoma. A ema nako e telele, empa ho ne ho sena le letshwaonyana feela la Ncede. “Mahlo a ka a matla,” a ipolella jwalo, “ke hloka le le leng feela. Ke tla kwala leihlo le ka ho le letona mme ke sebedise le ka ho le letshehadi.” Ka mora nakwana a fetoha, a bula leihlo le ka ho le letona mme a kwala le ka ho le letshehadi. A nna a etsa jwalo nako e telele, ho fihlela a se a lebala ho bula leihlo le le leng mme a qetella a kgalehile.

King_of_birds_5

Sena ke seo Ncede a neng a se emetse! Ke elwa a fofela kwana, a kena ka hara moru. “Sephoqo towe!” ha kgaruma Nkwazi, ya neng a bone Ncede a nyamela morung hang ha a fihla ho tla phomotsa Khova, “O KGALEHILE!”

Khova o ne a swabile haholo hoo a ileng a etsa qeto ya ho tsoma bosiu mme a robale motsheare hore dinonyana tse ding di se ke tsa fumana sebaka sa ho mo soma. Ho sa le jwalo, Ncede o fofa ka lebelo morung, a sa eme nako e telele hore a se ke a tshwarwa. Mme ke mang ya ileng a ba morena? Tjhe, nnete ke hore dinonyana di ne di kgenne ka lebaka la Ncede hoo di qetelletseng di sa kgetha morena!