Monna wa Boroso
Home | Written stories | Multilingual stories | Monna wa Boroso

Written stories

Monna wa Boroso

Author

Kiera-Lee Hayes

Illustrator

Vian Oelofsen

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Listen to the story here

E ne e le mantsiboya. Ba lelapa la ha Smith ba ne ba dutse ka ntle ba natefetswe ke monko wa boroso e besitsweng.

“Ntate! Ke kopa o etse kapele!” Hayley a tletleba. “Ke lapile haholo!”

“Ke eo he!” ha rialo ntatae kamora nakwana a nea Haley dikotwana tse pedi tsa boroso tse sothilweng mmoho. E ne e shebahala hantle feela jwaloka monnanyana.

“Monna wa boroso!” ha rialo mmae a tsheha.

Hayley a bula molomo ho loma haholo.

“Tjhe!” ha lla lentswe le tebileng. “O se ke wa nja!”

Hayley a tlolela hodimo mme a nyahlatsa Monna wa Boroso.

“O … o… o tseba ho bua!” a rialo a hweleketsa.

“Ehlile ke tseba ho bua!” Monna e monyane a ema a itlhotlhora. “Mme ha o a tshwanela ho nja!”

“Empa ke lapile!” Hayley a tletleba.

Monna wa Boroso a sheba batho bohle ba dutseng ka ntle ha nngwe feela, yaba o balehela ka nqane ho jarete mme a itshunya ka tlasa heke!
Boereworsman-pic1 small

“Mo tshwareng!” ha hoeletsa Hayley.

Ba lelapa la Smith ba latela Hayley ho tswa ka heke mme ba matha ho theosa tsela ba lelekisa Monna wa Boroso. Ba feta ba lelapa le leng ba ntseng ba otlolla maoto ba tsamaisa ntja ya bona.

“Le ya kae?” ha botsa ntate wa teng.

“Re leka ho tshwara Monna wa Boroso! Re thuseng!” ha rialo Hayley.

Yaba ba ha Smith le ba lelapa le leng le ntja ya bona ba matha ho theosa tsela ba leka ho se lahlehelwe ke monna e monyane.

Eitse ha ba thinyetsa tseleng e nngwe, ba kopana le morekisi wa ditholwana a rwetse tuku e dipaterone di bolou e neng e kwahetse dintho tse harelang meriri tse pinki tsa polasetiki. Hayley a mo hoeletsa hore le yena a thuse mme morekisi wa ditholwana a kena tseleng le yena ho lelekisa Monna wa Boroso. Ka yona nako eo, Monna wa Boroso a qalella ho bina:

“Ba keke ba ntshwara le kgale,
Leha ba ka leka hakae,
Ke lebelo ho ba feta
Ha ke matha ke ba feta!”

“Hiip! Hiip!” Morekisi wa ditholwana a batla a tlolela hodimo ke ho tshoha ha pere ya pone e makgisa a sootho e neng e hula kariki e tla e matha kamora hae.

“Re ntse re lelekisa Monna yane wa Boroso,” a hlalosetsa mokganni wa kariki.

“O ka nna wa palama le rona kariking,” a mo araba.

Kamora moo tekesi ya hlahella hukung. Batho ba bangata ba tswa mme mokganni wa tekesi a hoeletsa le fensetereng, “Peninsula Road! Tlong, Tlong kaofela re tsamayeng!”

Hayley a thinya mme a sheba bohle ba mo setseng morao a ba hoeletsa, “Phakisang! Shebang – ke tekesi!”

“Ka kopo, na ebe re ka palama tekesi ya hao? Re lelekisa Monna wa Boroso!” Hayley a bolella mokganni wa tekesi.

“Palamang,” ha rialo mokganni. “Ke tla kganna ka mora hae!” Bohle ba phaellana ka hara tekesi mme ya tloha ka bona.

Nakong eo Monna wa Boroso a qala ho bina pina e nngwe:

“Dipere le ditekesi,
Batho le dintja,
Ke tla ba siya kaofela
Ntho tse meharo tsena!”

Hanghang ba fihla Rondevlei. Ka nako ena, Monna wa Boroso e monyane o ne a se a matha butle, pere ya poni e ne e se e hula hanyane mme le tekesi e ne e sa thinye dihukung ka potlako hakaalo. Empa bohle ba ne ba ntse ba leba pele.

Monna wa Boroso e monyane a kena a matha ka hara Rondevlei Nature Reserve, a setswe morao ke tekesi le kariki.

“Emisa! Ha ho a dumellwa dipalangwang!” ha kgaruma molebedi. Bohle ba theoha mme ba matha ho kena ka heke ba lelekisa Monna wa Boroso ya neng a keketeha.

“Le lokela ho lefa!” ha omana molebedi, empa ha ho motho ya ileng a mo utlwa. Yaba molebedi o notlela heke mme a ba lelekisa.

A ba fumana kaofela ha bona ba eme phulaneng e kgolo. Monna wa Boroso a hoeletsa kubu e kgolo, “Potlaka! Nthuse ke balehe!”

“Tlolela mokokotlong wa ka mona,” ha honotha kubu. Bohle ba shebella ha kubu e kgolo e sesa ho leba ka nqane ho phula e pepile Monna wa Boroso mokokotlong.

Ha ba se ba le kotareng ya tsela ya ho tshelela ka nqane, kubu ya re ho Monna wa Boroso, “O tla ba metsi. Hobaneng o sa palamele ho tlella molaleng wa ka?”

Monna wa Boroso a etsa jwalo mme ba tswela pele ho tshela phulana.

“Metsi a ntse a teba! Nyolohela hloohong ya ka!” ha hoeletsa kubu.

Monna wa Boroso a tlolela hloohong ya kubu. Yaba o dumedisa batho bohle ba emeng lebopong ka ho tella mme a qala ho bina:

“Dipere le ditekesi,
Batho le dintja…”

Boereworsman-pic2 small

Sehlopha sa batho ba lapileng sa tonela Monna wa Boroso mahlo, empa mahlo a bona a fifetseng a fetoha mahlo a maholo le ho hemela hodimo ka ho tshoha! Monna wa Boroso a hetla ho sheba hore ebe ba tjametse eng …

Swish! Ka yona nako eo phakwe ya fofela tlase mme ya phamola Monna wa Boroso kaofela!

“Jowee!” ha rialo Hayley ka maswabi. “Dijo tsa ka ke tseo di eya!”