Mohatla wa Haruki
Home | Written stories | Multilingual stories | Mohatla wa Haruki

Written stories

Mohatla wa Haruki

Author

Joanne Bloch

Translator

D. H. Mohale

Mehleng ya kgalekgale dipela di ne di na le mehatla e metle, e melelele, e boya bo bosweu eo di neng di e tsoka ka dinako tsohle ha di thabile kapa di nyakalletse. Ka nako eo, dipela tsohle di ne di dula sehlekehlekeng, se arohantsweng le karolo e kgolo ya naha ke noka e sephara e tletseng lekweba. Leha dipela di ne di tseba ho sesa, di ne di ke ke tsa fihlella nahang, hobane nokeng ena ho ne ho dula dikwena tse ngata tse kgolo, tse tala, tse lapileng. Dikwena tsena ho ne ho se seo di se ratang ho feta nama ya pela e hlabosang bakeng sa dijo tsa hoseng, tsa motsheare le tsa mantsiboya. Kahoo kamehla bomme bohle ba dipela ba ne ba laya bana ba bona “BAPALLANG HOLE le mabopo a tletseng lehlabathe! BAPALLANG HOLE le metsi! BAPALLANG HOLE le dikwena tsane tse tshabehang tse lapileng!”

Ha feela dipela tse nyane di ne di mamela bomma tsona, di ne di iphelela bophelo bo monate ba thabo, di itlolatlolela ka tlasa difate mme di itjella jwang le dipalesa tse neng di mela hohle moo. Empa ha dipela tseo di hola, tse ding tsa tsona di ne di labalabela bophelo ba ho sibolla tse ntjha. “Ho tlameha ho ba monate karolong e kgolo ya naha!” di ne di bolellana jwalo. “Ho tshwanela ho ba le dintho tse makatsang tseo re ka di jang moo, le diphoofolo tse ding tse ngata tse kgahlang tseo re ka bapalang le tsona, ha se toka ho hang hore ebe ha re kgone ho ya moo!”

Ka tsatsi le leng, pela enngwe e nyane ya setlokotsebe e bitswang Haruki ya nahana leqheka hanghang. “Le a tseba keng?” a bua jwalo ho metswalle ya hae. “Kajeno ke tlilo balehela ka mose wane ho noka!” Ha ho le a mong a ileng a mo kgolwa ho metswalle ya hae, empa Haruki o ne a sa kgathale. “Le tla mpona!” a rialo, a tlolatlola ho ya lebopong la noka le tletseng lehlabathe.

Ha Haruki a fihla qalong ya metsi, a hoeletsa ka sebete, “Hela, morena wa Dikwena! Etswa ka metsing kamoo! Morena wa Dipela o batla ho bua le wena!” Metswalle ya Haruki e ne e thothomela e hemela hodimo ha kwena e kgolo e senneng e ntsha mmele wa yona o matla kantle ho metsi ho tla lehlabatheng. Ba ne na qala ho bona ntho e tshabehang jwaloka eo. Kwena ya phethola mahlo a yona butle, mme ya bua ka lentswe le tebileng le makgerehlwa, “E, nka o thusa ka eng sebopuwa towe se senyane?”

“Eeh,” ho bua Haruki ka sebete, a sa bonahale a tshohile ho hang, “ke nahana hore ke nako jwale hore rona marena re bapise mebuso ya rona. Pele, ke tla bala dikwena tsohle, mme le wena o ka bala dipela tsohle. Jwale re tla kgona ho bona hore ke ofe ho rona ya nang le mmuso o moholo o matla ka ho fetisisa.”

Morena wa dikwena o ne a sa kgolwe lehlohonolo la hae. O ne a nahana feela ka mokete o monate oo a neng a tla ba le ona hang ha a fumana monyetla wa hae wa ho bala. “Ke monahano o motle oo,” a rialo a le bonolo, a mathisa leleme la hae butle menong a hae a masehla a tjhorileng. Yaba o a thinya o kgutlela ka nokeng. Hanghang metsi a ne a tuduana, ha mola o molelele wa dikwena o qala ho koloka kamora hae, ka nokeng.

“Ke nna eo he!” ho rialo Haruki, a sena le metswalle ya hae. A qhomela mokokotlong wa kwena ya pele, a tsoka mohatla ha a ntse a qala ho bala. Metswalle ya hae e ne e tshohile e hula moya ha e bona seo a se etsang. “Nngwe! Pedi! Tharo!” a balla hodimo, a ntse a qhomela mokokotlong wa kwena enngwe ho ya ho enngwe. “Nne, Hlano! Tshelela! Supa!” a tswela pele, a ntse a tsoka mohatla wa hae o molelele o mosweu ha a ntse a qhoma ho ella haufi le karolo e kgolo ya naha. Kamora metsotso e leshome, metswalle ya hae e ne e kgona feela ho bona nthwana e nyane e ntse e qhoma hole mane, e hoeletsa ha e bala.

“Mashome a robong a metso e robedi! Mashome a robong a metso e robong! Lekgolo!” Jwale ho ne ho se ho se na dikwena kapela Haruki – e le lebopo le lehlabathe feela ho ya karolong e kgolo ya naha. Eitse ha a qhoma a tloha mokokotlong wa kwena ya ho qetela, a etsa mohoo wa thabo. “HA, HA! KE O QHEKANYEDITSE!” a ithorisa jwalo ha a fofa moyeng a bile a jethemela lehlabatheng. “Dikwena ting tse tshabehang le nketseditse borokgo feela hore ke fihle karolong e kgolo ya naha!” Ha kwena ya ho qetela e utlwa mantswe ana, ya betsetsa hlooho ya yona morao mme ya loma mohatla o ntseng o tsoka wa Haruki ka modumo o moholo wa BJARA! Haruki a bokolla ke letswalo, empa a nna a qhomela pele ho ya lebopong. O ne a sa kgathale hakaalo ka hore o lahlehetswe ke mohatla hobane o ne a fumane tokoloho. Ho fihlela lena le hodimo, dipela di na le mehatla e mekgutshwane e bokopa, jwaloka Haruki!