Matsatsi a Phomolo a Hope
Home | Written stories | Multilingual stories | Matsatsi a Phomolo a Hope

Written stories

Matsatsi a Phomolo a Hope

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Rico

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

“Halala, ke matsatsi a phomolo!” ha bina Hope. Mme wa hae a tsheha mme a emisa koloi polasing ya Mme wa Afrika.

“Re se re le teng!” ha hoeletsa Josh ha a bona Afrika le mme wa hae.

“Jwaloka ha le se le le teng, le ikemiseditse ho etsa eng?” ha botsa Mme wa Afrika ha bohle ba se ba pakollotse mekotlana ya bona.

“Kajeno re ilo fepa diphoofolo tsa polasing mme re bokelle mahe bakeng sa hao, Mme wa Afrika,” ha rialo Hope. “Hosane bohle re tla ya fofisa dikhaete mme ka letsatsi la ho qetela, Josh o lakatsa ho ithuta ho baka bohobe ka oveneng ya ka ntle.”

“Mme nna ke batla ho ya bontsha Hope qanthana,” ha rialo Afrika.

Mme wa Afrika le mme wa Hope ba tsheha.

Matsatsi a bona a pele a mabedi a ne a le maphathephathe mme a tletse monyaka. Ka letsatsi la boraro Hope a ya qanthaneng le Afrika, leha hantlentle a ne a batla ho ya baka bohobe le Josh.

“Re tla kgutla ka nako ya dijo tsa motsheare,” ha rialo Hope ha yena le Afrika ba sadisa bohle hantle pele ba tsamaya.

Tseleng ba bona diphakwe tse pedi, dihlaha tsa dinonyana le tweba e nyane. Hope a nka dinepe tsa tsona ka selefouno ya hae.

“Qanthana e mane,” ha rialo Afrika a supile. “Ha re kgutse mme re ipate kamora sehlahla sena.”

Afrika le Hope ba shebella dinonyana ha di nwa metsi di bile di sesa ka metsing. Hape ho ne ho ena le tshepe e nyane e nwang metsi lebopong.

Yaba hang Hope o ikutlwa a hatsela hohle. Ho ne ho ena le ntho e tsamayang sehlahleng kamora hae.

“Afrika!” a hweshetsa.

“Hobaneng ha o hweshetsa jwalo?” ha botsa Afrika, a ntse a shebile qanthaneng.

“Ho na le ho hong kamora rona mme e ntse e atamela,” Hope a hweshetsa ka potlako.

“Tloha mona. Ha ho letho le kotsi sebakeng sena,” ha rialo Afrika.

Empa a hetla mme yaba o a sheba. “Jowee!” a hoeletsa. “BALEHA! BALEHA!”

Ba matha pakeng tsa difate tsa leoka le hara mafika. Afrika a ngwangwarela sefateng se phahameng mme Hope a mo sala morao. Ba ne ba utlwa hore ho na le ntho e ba setseng morao.

“Ke eng eo?” Hope a botsa a thothomela mme a shebile fatshe a le hodimo sefateng moo ho bolokehileng.

“Ke kolobemoru. Mme ehlile ha e a thaba!” Afrika a araba.

warthog-illo-1-col-lors

“Na e kotsi?” ha botsa Hope.

“Sheba manaka a yona. Ha e halefile e kotsi haholo!” ha araba Afrika.

Kolobemoru ya ba sheba hodimo moo ba leng teng. Manaka a yona a ne a le maholo a kobehile. Ya fofonela moyeng mme ya potoloha sefate e ntse e rora. Mme yaba e kgumama ka mangwele fatshe.

“Tjhee bo,” Afrika a fehelwa.

“Ke eng? Ke eng?” ha botsa Hope.

“Jwale e batlana le dijo. Seo re ka se etsang ke ho ema le ho tshepa hore e tla qetella e tsamaile haufinyane” ha rialo Afrika.

Bana ba shebella kolobemoru ha e fata fatshe. Kamora nako e itseng ya nyamela ka hara moru.

“Ke utlwa eka re bile mona dihora tse ngata. Na o na le bonnete ba hore e tsamaile?” ha botsa Hope.

“Ke tshepa jwalo. Ha re ye.” Afrika a rialo a ntse a theoha, a sheba kwana le kwana mme a honotha.

“Molato ke eng? Na e tla kgutla?” Hope a botsa a tshohile.

“Tjhe,” ha araba Afrika. “Tse mpe ho feta tseo.”

“Ebe ke eng e ka bang mpe ho feta ho lelekiswa ke kolobemoru e halefileng?” ha botsa Hope.

“Re lahlehile,” Afrika a rialo. “Ha ke a ka ka sheba moo re neng re mathela teng … mme … mpe o founele mme wa hao hle.”

Hope a leka ho ntsha selefouno ka pokothong ya hae. “Ha e yo,” a rialo. “Mohlomong e wele ha ntse re matha. Jwale re tla etsang? Ho a phirima. Joo, hoja ke ile ka mpa ka itshalla hae mme ka baka bohobe le Josh!”

Afrika a hemela tlase. “Re tla lokela ke ho batlana le mehlala ya rona. Ha re e fumana, re ka e sala morao ho fihlela qanthaneng.” Yaba o qamaka kwana le kwana. “Jowee! Mobu oo re tsamaileng ho ona o thata mme kahoo ho keke ha eba le mehlala!” a rialo.

“Re tla nne re potolohe jwalo ho fihlela re fumana ho hong,” ha rialo Hope mme a qalella ho tsamaya. “Bona mona!” a hoeletsa. “Ho na le ho hong.”

Afrika a sheba mehlala. “Tjhe,” a rialo, “eo ha se mehlala ya rona. Ha re nne re tswele pele.”

“Empa Afrika, e ka re thusa. Ke nahana hore eo ke mehlala ya ditshepe. Ha o hopole? Re bone tshepe e nyane mane qanthaneng.”

warthog-illo-2-col-lores

“Eya, bo!” Afrika a rialo. “Re ka nna ra e latela jwalo ho fihlela qanthaneng. Re lokela ho phakisa hobane ke nahana hore batho bohle lapeng kwana ba se ba kgathatsehile ka rona.”

Ba ne ba sa lebella hore ba ka fumana Mme wa Afrika le Mme wa Hope qanthaneng!

“Le batla le siilwe ke nako,” ha rialo Mme wa Afrika a tswa ka koloing. “Re ne re kgathatsehile. Palamang, re tsamayeng.”

“Ke tshepa hore lona ba babedi le na le pale e monate,” ha rialo mme wa Hope, a dumisa koloi. “Ho na le ntho tse ngata tseo le lokelang ho di hlalosa.”

Hope le Afrika ba shebana.

“Ebile,” ha rialo Mme wa Afrika, “ke sa tswa bona kolobemoru e halefileng mona. Ka lehlohonolo ha le a kopana le yona. Le ka be ile la ba kotsing e kgolo!” Yaba kamora nakwana o re, “O, Hope, sheba hore ke fumaneng haufi le sehlahla se pela qanthana.” A neha Hope selefouno ya hae. “Ke hampe haholo hore ebe e ne e se ka hara pokotho ya hao, o ka be o re letseditse mme wa re bolella hore le tla fihla kamora nako.”

Hope a sheba Afrika hape mme bobedi ba bona ba shwa ke ditsheho.

“Mmm,” ha rialo Mme wa Afrika. “Ho bonahala eka o na le pale e monate ya matsatsi a phomolo eo o tla e pheta, Hope.”

 

Eba le boiqapelo!

Kgothaletsa bana ba hao ho ngola kapa ho pheta dipale tsa ditshibollo tsa bona tsa matsatsi a phomolo – tsa nnete kapa tsa boiqapelo!