Malusi le Setshosa sa Bateng
Home | Written stories | Multilingual stories | Malusi le Setshosa sa Bateng

Written stories

Malusi le Setshosa sa Bateng

Author

Leo Daly

Illustrator

Magriet Brink

Translator

Hilda Mohale

Lentswe le leng le le leng le tla latela mona ke nnete – ke a tshepisa. Ke a hlapanya nkeke ka bua leshano, haeba nka bua leshano, ke tla ja tshintshi!

Nna le kgaitsedi ya ka e moholo ho nna, Zandi, re rata ho bapalla tshimong letsatsi lohle. Re tilatila ho potoloha ka hara seretse mme re tjheke mekoti e tebileng. Lebala ka dieta – ho tsamaya ka maoto ho monate ho feta. O mamella ha monate ha seretse se kenella pakeng tsa menwana ya hao. Ke se rata haholo!

Mme o hlola a re, “Hei, lona ba babedi! Ke dikolobe feela tse ratang seretse jwalo.” Ka nako e nngwe o a kgathatseha hore mohlomong re ba ditshila haholo. Ke hlola ke mmona a sisinya hlooho – empa ho dula ho ena le pososelo sefahlehong sa hae. Leha ho le jwalo, ho lokile hobane ha ho ntho e molemo ho feta ho hlapa ka metsi a futhumetseng kamora ho bapalla tshimong.

Empa Zandi yena o etsa hampe le ho feta nna – hampe haholo. Nna ke silafatsa matsoho le maoto feela. Zandi yena o silafatsa ntho tsohle. O tlolela hantle ka hara mekoti mme a pitike ka hara seretse. O silafatsa moriri wa hae esitana le diphaka tsa hae. Ke re o silafatsa le nko ya hae.

monster 1 colour fin

Mme o re, “Lona ba babedi, ke nako ya ho hlapa!”

Empa Zandi ha a batle ho kena ka tlung. “Malusi,” o rialo ho nna, “Ke sala hona mona – ka hara mokoti ona!”

Ka mmolella hore o lokela ho kena ka tlung ho tla itlhatswa. Zandi a sisinya hlooho ya hae feela. “O thibane wena Malusi,” a tsheha.

Empa nna ke rata lekweba lane la metsi a sesepa. Jwale ke nako ya ho kutletsa ditshila tse maotong. Ke a ikutletsa, ke ikutletse ke be ke ikutletse. Jwale maoto a ka a hlwekile – ha ho sa na seretse se ditshila. Jwale ke nako ya ho itlhatswa sefahleho. Ka se hlatswa, ka se hlatswa, ka ba ka se hlatswa. Ho monate bo.

Jwale Zandi o a kena. A ntse a le ditshila – ho tloha hloohong ho ya qetellong ya menwana ya maoto. A ntjheba hang feela mme a fetoha sefahlehong. “Malusi,” a rialo, “na ha o tshabe Setshosa sa ka Bateng?”

“Ha ho na ntho e bitswang Setshosa sa Bateng mona,” ka itshehela.

“Ehlile, se teng,” Zandi a rialo. “Se tswa se hlaha le lesobeng leno la metsi mme se na le matsoho a mararo le mahlo a mane mme se dula se lapile,” ke nahana hore Zandi o mpa a leka ho ntshosa feela.

“Mme ke tla o bolella ntho e nngwe ke ena,” ho rialo Zandi, “ha ho ntho eo Setshosa sa Bateng se e ratang ho feta ho ja bana ba hlwekileng. Ke kahoo nna ke sa tlong ho hlapa. Setshosa sane sa Bateng ha se rate tatso ya ditshila.”

Ho lokile, jwale ekare ke se ke qala ho tshoha hanyane. Mohlomong Setshosa sa Bateng se fela se le teng.

Zandi a bososela haholo a ntjhebile, “Ho lokile Malusi. Natefelwa ke metsi a ho hlapa – feela o lemohe o se ke wa jewa!” A tswa ka phaposing ya ho hlapela mme a leba betheng ho ya robala. O ilo silafatsa bethe ya hae haholo, empa he, a ke ke a jewa ke Setshosa sa Bateng. Jowe! 

“O se ke wa tshaba, Malusi,” ka ipolella jwalo. “Ha ho na ntho e bitswang Setshosa sa Bateng mona.”

Yaba hang ho a etsahala! Ka qala ka ho utlwa modumo o tlase wa dipudulana – o kang metsi a mathang ho ya tlase dereining. Jwale ke se ke utlwa modumo o makatsang wa ho dumaela le o phahameng ekang wa ho robeha ha ntho. Hang ho se ho ena le modumo o kang molodi le o reng hwalakahla le o bjabjaretsang. Mme qetellong ha ba le ntho e thunyang ho ya hodimo e tswa lesobeng la bate: SETSHOSA SA BATENG!

monster 2 colour fin

Pele nka etsa eng kapa eng, Setshosa sa Bateng sa phahamisetsa matsoho a sona a maholo a mararo moyeng mme sa a tsokela kwana le kwana – sa a potolosa – le ho a potolosa. Yaba se panya ka mahlo a sona a maholo a mane mme sa re ka lentswe le tebileng, le tletseng metsi, “Ha o ditshila wena. Ke kgaitsedi ya hao e ditshila, akere? O dula a bua ntho tse mpe ka nna kamehla – mme ha se nnete. Ha ho Ditshosa tsa Bateng tse ratang ho ja bana.”

“Ha o je bana?” Ka rialo, letswalo le itse kokololo.

“Hohang,” Setshosa sa Bateng sa tsheha. “Ha ke tswafe ho ja sesepa le sepontjhe ka dinako tse ding – ebile hape ke rata dikausu tsa kgale – empa hohang nke ke ka ja ngwana.” Yaba Setshosa sa Bateng se bososela le nna . “Le Setshosa sa Ntlwana ha se rate ho ja bana le sona. Esitana le Setshosa sa Shawareng. Setshosa se le seng feela se ratang ho ja bana, ke Setshosa sa Betheng. Empa o se kgathatsehe, Malusi, ha se je bana ba hlwekileng – se ja ba ditshila feela, ba fetelang betheng feela ho ya robala ba sa itlhatswa!”

Jowe! Zandi yena! Ka potlako, ka bolella Setshosa sa Bateng tsohle ka kgaitsedi ya ka.

“Ha re se ke ra senya nako,” ho rialo Setshosa sa Bateng. “Ekga metsi ka galase mme o mathe kapele kamoo o ka kgonang ho ya kamoreng ya Zandi.”

Ka fihla moo hantle ka nako – Setshosa sa Betheng se se se ahlamisitse molomo wa sona haholo. Se se se tlo kwenya Zandi. “Tsamaya, wena setshosa!” ka hoeletsa. Yaba ke hasa metsi ao hohle hodima kgaitsedi ya ka.

“Huree!” ha hoeletsa Setshosa sa Bateng, “Ditshila di hlatswitswe. Jwale o hlwekile mme o bolokehile.”

Ke nnete. Ke pholositse Zandi ho Setshosa sa Betheng! Mme sena ke seo ke se bolellang Mme wa ka ha a mpotsa hore ke hobaneng ke tshetse kgaitsedi ya ka ka metsi a tletseng galaseng. Ha ke tsebe le haeba o a nkgolwa. Empa lentswe le leng le le leng la seo ke se buang ke nnete – ke a tshepisa. Ke hlapanya ka Bakwena ba ntswetse hore haeba ke bua leshano, ke tla ja tshintshi!