Home | Story Resources | Multilingual stories | Lwazi le kolotsana

Lwazi le kolotsana

Author

Helen Brain

Illustrator

Magriet Brink

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Ka tsatsi le leng Lwazi a fumana setulo sa kgale se sututswang thoteng e haufi le habo. Se ne se robehile, empa se ne se ena le mabidi a mane a ntseng a lokile. A a ntsha mme a a sheba. “Ke a ipotsa hore ebe nka etsa eng,” a nahana. “Ke a tseba, ke tla etsa kolotsana.”

Yaba o ya ho mmetli. “Ke a o kopa hle, Monghadi, na o na le mapolanka a kgale ao o ka mphang ona?”

Mmetli a leba qubung ya hae ya dipatsi mme a fumana mapolanka a mararo a kgale. “Ke ana,” a rialo. “O hlokomele. O se ke wa hlajwa.”

Jwale Lwazi o ne a ena le mabidi a mane le mapolanka a mararo, empa o ne a hloka thapo.

Yaba o ya lebopong la lewatle. Ho ne ho ena le Mong Smit, motshwasi wa ditlhapi, a ntse a theola tlhapi ya senuku seketswaneng sa hae. “Mong Smit, na o na le thapo ya kgale eo o ka mphang yona hle, ka kopo?”

“Ke ena,” ha rialo motshwasi. “Dimitara tse pedi. O hlokomele ha o e kgaola. O se ke wa itsheha menwana ka phoso.”

Jwale Lwazi o ne a se a ena le mabidi a mane, mapolanka a mararo le thapo ya dimitara tse pedi, empa o ne a hloka dipekere.

Yaba o ya ho mekheniki Karatjheng ya Granville. “Ka kopo hle, Monghadi, na o ka mpha dinate le dipekere?”

“Ke tsena he,” ha rialo mekheniki. “O hlokomele. O se ke wa itematsa ha o phunya masoba.”

Jwale Lwazi o ne a se a ena le mabidi a mane, mapolanka a mararo, dimitara tse pedi tsa thapo, le dinate le dipekere tse ka tlalang seatla. Yaba o ya ha malomae. Malome Rodney o ne a ena le jarete e kgolo, mme Lwazi a qala ho sebetsa.

Hoseng hohle Lwazi o ne a sakga, a kokotela mme a phunya masoba a sakga. Ha ho etla mantsiboya o ne a kgathetse haholo, empa kolotsana ya hae e ne e eso fele. O ne a sa ntse a hloka ho e hohla hore e be boreledi e le hore a se ke a hlajwa.
Lwazi-1fin (2)

“O etsa eng?” ha botsa motswala wa hae, Lulu, a tswela ka ntle.

“Ke etsa kolotsana,” ha hlalosa Lwazi.

“Na nka e palama ha o se o e qetile?” ha botsa Lulu.

“Ha feela o ka nthusa ho e hohla,” Lwazi a araba.

Yaba Lulu o nka pampiri e hohlang mme a qala ho hohla mahlakore hore a be matle a be boreledi.

Metswalle ya Lwazi e mmedi e leng Ismail le McKenzie ba feta le moo ha ba eya lebenkeleng. “Le etsang?” ba botsa.

“Re etsa kolotsana,” ha rialo Lwazi le Lulu.

“Na le rona re ka fumana sebaka sa ho palama ha e fedile?”

“Ha le ka re thusa,” ba araba.

Yaba bashemane bao ba nka pampiri e nngwe ya ho hohla mme ba hohla ka hare, ka pele le ka morao ha eba hotle le boreledi. Qetellong kolotsana e ne e qetilwe.

“Ke nna ya palamang pele,” ha rialo Lwazi, a hulela kolotsana ka hodima leralla.

“Ha se hantle,” ha rialo Lulu. “O itse le nna ke tla fumana sebaka.”

“Le rona,” ha rialo Ismail le McKenzie. “O itse kaofela ha rona re tla palama.”

“Kaofela ha rona re batla ho palama!” ha hoeletsa Lulu le Ismail le McKenzie.

Kahoo yare ha ba fihla ka hodima leralla ba palama kaofela ha bona – Lulu le Ismail le McKenzie kaofela ba dutse hodima kolotsana ba itshwareletse ka thata. “Ha re yeng!” ha hoeletsa Lwazi, a sututsa kolotsana mme a tlolela ho yona ka morao.

Ba nna ba eketsa lebelo jwalo jwalo, ba sothahana ba qhomaqhoma mme ba hoeletsa ba bile ba tsheha ho fihlela hanghang Lulu a hoeletsa, “Jowee, ho na le qanthana! Re e emisa jwang?”

“Joo,” ha rialo Lwazi, “Ke lebetse ho etsa MARIKI!!!”

Thuu, twatla, hwalakahla, phakga!

Kolotsana ya thula fense ya terata, mme bana ba fofela ka nqane ho terata ka hara qanthana .
Lwazi-2fin (2)

“Itjhu, itjhu, itjhuu,” ha lla McKenzie, a phahamisa hlooho ho kga moya, “nko ya ka e bohloko.”

“Eina!” ha bokolla Ismail, a tlosa dihlahla tsa qanthana sefahlehong sa hae. “Hlooho ya ka e bohloko.”

“Jo, jo, jo, disanthao tsa ka di bohloko!” ha lla Lulu a thekesella ka ntle ho qanthana.

“Lwazi o kae?” ha botsa Lulu. “Na o ka tlasa metsi?”

“O kganngwe ke metsi?” ha lla Ismail le McKenzie.

“Ke nna enwa!” ha rialo Lwazi a shebile a le ka nqane ho terata. “Ako shebe kolotsana ya batho hle!” Ka thoko ho tsela ho ne ho robetse mabidi a mane, mapolanka a mararo, thapo e dimitara tse pedi le qubu ya dipekere le dinate.

“Ao batho,” ha rialo Lwazi. “Re tla tlameha ho qala qalong.”

“Nakong ena” ha rialo Lulu a pikitla disanthao tsa hae, “ke kopa o mpe o hopole ho kenya mariki.”

Kaofela ba tsheha.