Lolo o lokisa inthanete
Home | Written stories | Multilingual stories | Lolo o lokisa inthanete

Written stories

Lolo o lokisa inthanete

Author

Kgosi Kgosi

Illustrator

Vian Oelofsen

Listen to the story here

Lolo e ne e le ngwananyana ya bohlale ya neng a dula motseng wa Batswana. Motse ona o motle o ne o sa tshwane le metse e meng lefatsheng. Batho ba teng ba ne ba le bohlale e le ka nnete mme ba tswetse pele bophelong. Lolo e ne e le yena ya bohlale ho ba feta kaofela. Motsaneng wa habo Lolo, inthanete e ne e le sesebediswa se bohlokwa ka ho fetisisa. Ha o ne o ka etela motsana oo, o ne o tla fumana bana ba sekolo ba sebedisa dithabolete tsa bona tsa khomputa ho batla tlhahisoleseding eo ba e hlokang bakeng sa mosebetsi wa bona wa sekolo. Batho ba bangata ba ne ba ena le dikoloi tse tsebang ho fofa mme ba ne ba laola dikoloi tsena ka ho sebedisa inthanete. Batho ba ne ba sebedisa inthanete bakeng sa DINTHO TSOHLE!

 

Mme he yaba ka tsatsi le leng – NYAME! Hanghang inthanete ya nyamela. Bohle ba ne ba nahana hore mohlomong e mpa e wele feela nakwana mme e tla boela e kgutla hape ha morao, empa ba ne ba fositse. Morena le mofumahadi ba motseng oo ba etsa tsebiso ka radio ya setjhaba le diteishene tsa thelevishene. Ba re inthanete e tla shwa nako e telele. Batho bohle motseng ba ne ba maketse haholo. Lolo a shebella a maketse ha ngwana e mong le e mong sekolong sa hae a tshohile.“Bophelo ba rona bo fedile!” ha hoeletsa e mong wa metswalle ya hae a qhautsa Lolo mahetleng. E mong wa matitjhere a Lolo a tswa ka tlelaseng a matha, a mo tshwara letsoho mme a re, “Etsa ho hong, Lolo! Ke wena ya bohlale.” Yaba titjhere o matha a ntse a lla.

 

Lolo o ne a sa utlwisise hore ke moferefere wa eng. “Batho kaofela ba etsa ekare ho thwe lefatshe le a fela!” a nahana jwalo. A etsa qeto ya hore tsatsing le hlahlamang o tla etela morena le mofumahadi ho ya utlwa ka bothata bona. Ha Lolo a fihla Moreneng, o ile a amohelwa ka galase ya lebese le futhumetseng le dibisikiti tsa tjhokolete. Lolo a ja tse ding tsa dibisikiti ha a ntse a emetse morena le mofumahadi. Di ne di le monate ho feta tsohle tseo a kileng a di latswa. Morena le mofumahadi ba fihla ba dumedisa Lolo. Ba qala ho bua ka bothata bo motseng. Mofumahadi a hlalosa hore matona a bona a fumane hore bothata bo bakwa ke satalaete e neng e le hole, hole kwana – hodimo sepakapakeng!

 

“Jwale,” ha rialo mofumahadi, “ha se motse wa rona feela, empa ke lefatshe lohle le se nang inthanete.” Yaba mofumahadi o tshwara Lolo ka letsoho mme a re, “Ngwanaka, re batla motho ya leng bohlale e le ka nnete ya ka palamang sefofane sa boreneng sa sepakapaka, a ye sepakapakeng mme a ilo lokisa satalaete.” “Lolo,” ha rialo morena, “ke wena feela ya loketsweng ke mosebetsi ona! Ha o ka etsa sena, o tla be o thusitse lefatshe lohle.” Lolo a ikutlwa a thabile a bile a tshohile ka nako e le nngwe. O ne a kile a bala hore ho ya sepakapakeng ke ntho e kotsi, empa a dumela ho ya.

 

Ka matsatsi a mangata, ngwananyana eo a sebetsa mmoho le basebetsi ba sepakapaka ho lokisetsa mosebetsihadi ona o kgethehileng. A ithuta ho fofisa le ho laola sefofane seo mme a ithuta le ho phaphalla sepakapakeng. E se kgale Lolo o ne a se a loketse ho fofela sepakapakeng. Ka letsatsi leo Lolo a tlohileng ka lona, batho bohle ba ne ba le teng ho tla shebella. Batho ba mo akgella dipalesa ho mo lakaletsa mahlohonolo. Ba bang ba bina dipina tsa kgothatso. Lolo o ne a utlwa lerato leo a ratwang ka lona.

 

Lolo a palama sefofane sa sepakapaka mme borategeniki bohle ba bulela enjene. Metsotswana kamora moo, sefofane sa sepakapaka sa tloha lefatsheng. Kamora ho fofa nako e neng e utlwahala e le telele haholo, sefofane sena sa fihla seteisheneng sa sepakapakeng. Lolo o ne a kgona ho bona satalaete ka fensetere. A hokahana le morena le mofumahadi a sebedisa mofuta o kgethehileng wa radio ho ba tsebisa hore o fihlile hantle a bolokehile. Batho bohle hae ba ile ba keteka mme batswadi ba hae ba ne ba thabile haholo ho utlwa hore moradi wa bona o ntse a phetse hantle.

 

Empa mosebetsi oo ha o a ka wa tsamaya kamoo o neng o rerilwe ka teng. Ka matsatsi a mangata Lolo a hloleha ho fumana hantle hore bothata ke bofe. O ne a tseba hore katleho ya mosebetsi ona e ne e le diatleng tsa hae mme o ne a sa batle ho swabisa batho bohle. Qetellong dijo tsa sehlopha sa sepakapakeng le metsi tsa qala ho fela. Mosebetsi ona o ne o se o eba boima haholo, empa leha ho le jwalo ngwananyana enwa o ile a tswela pele ho sebetsa, a sebetsa, ho fihlela ka tsatsi le leng … a fumana tharollo! E nngwe ya dikheibole tsa satalaete e ne e tjhele mme ho hlokeha hore ho kenngwe e ntjha. Hang ha Lolo a se a entse seo, inthanete ya kgutla! Batho bohle motsaneng wabo le lefatsheng lohle ba ile ba keteka ka thabo.

 

Kamora mosebetsi o boima, empa o atlehileng, Lolo a kgutlela hae. E ne e le mohale! Morena le mofumahadi ba ne ba le motlotlo ka yena hoo ba ileng ba mo fa mmetlele wa tlotlo mme ba reella ngwana wa bona ya latelang ka yena.