Leteketifi le hlwahlwa
Home | Written stories | Multilingual stories | Leteketifi le hlwahlwa

Written stories

Leteketifi le hlwahlwa

Author

Pale ka Wendy Hartman

Illustrator

Ditshwantsho ka Rico

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Koko! Koko! Koko!

            “Neo!” ha rialo Nkgono. “Ako shebe hore ke mang ya kokotang monyako.”

            Neo a mathela lemating le kapele. Ha a bula monyako a bona Bella le mme wa hae. Bella o ne a lla.

            “Molato keng?” ha botsa Neo. Bella a lla le ho feta.

            Nkgono a mathela lemating le kapele. “Kenang. Hobaneng ha Bella a lla?”

            “Ke Noodle,” ha araba mme wa Bella. “Ha re mo fumane.”

            “Noodle o lahlehile,” Bella a hlwephetsa. “Na o kile wa mmona?”

            “Dula fatshe,” ha rialo Nkgono, a nea Bella thishu. “Itlhakole meokgo. Re tla o thusa. Neo, a ko letsetse Josh mohala mme o mo kope hore a tle kwano.”

            Ha Neo a ntse a founela Josh, Nkgono a dula pakeng tsa Bella le mme wa hae soufeng.

            “Le qetetse neng ho bona Noodle?” ha botsa Nkgono.

            “Hoseng hona,” ha araba Bella. “O ne a ntse a bapalla thoteng mane.”

            “Kamehla o kgutlela hae ka nako ya dijo tsa motsheare” ha rialo mme wa Bella.

            “Nkgono,” ha rialo Neo, “Josh o itse yena le Hope ba tla fihla kwano ka potlako kamoo ba ka kgonang.”

            “Re tlo etsa jwang, Nkgono?” ha botsa Bella a hlwephetsa haholo.

            “Ha Josh le Hope ba fihla mona re tla loha leano. Ha jwale re tla ke re nweng tee mmoho.”

            E eso be neng ha boela ha utlwahala Koko! Koko! Koko! hape monyako. Hope a kgannela setulo sa Josh sa mabidi ka tlung.

            “O se ke wa tshwenyeha, Bella, re tla mo fumana Noodle,” ha rialo Josh. “Bohle re tla tshwana le mateketifi mme re mmatle.”

            “Ee,” ha rialo Nkgono. “Jwale o ka re thusa ka matshwao a itseng, Bella. Re bolelle hore ebe Noodle o rata ho ya kae.”

            Bella le mme wa hae ba ba bolella dibaka tsohle tseo Noodle a ratang ho bapalla le ho etela ho tsona.

            “Ke hantle,” ha rialo Nkgono. “Ke tla bea Mbali hodima setulo sa hae se sututswang mme bohle re ka tsamaya ho ya mmatla.”

            “Mohlomong re lokela ho arohana re nke ditsela tse fapaneng. Kahoo re tla potlaka,” Josh a sisinya jwalo. “Nkgono, ha wena, Neo le Mbali le ka theosa ka River Road, ebe Bella le mme wa hae ba sheba lapeng le thoteng hape. Kamora moo ba ka nyolosa ka Seterata sa School. Nna le Hope re ka theosa ka Seterata sa Sambals.”

            “Oo ke monahano o motle,” ha rialo Nkgono. “O bua jwalo ka leteketifi la nnete, Josh.”

            “Mme bohle re lokela ho kopana sebakeng se itseng,” ha rialo Hope. “Kahoo re ka tseba hore ho ntse ho etsahala eng.”

            “Re tla nne re founelane ha re ntse re batla, mme ebe re kopana setsing sa mabenkele mane,” ha rialo Josh.

            “Na jwale re ka tsamaya?” ha botsa Bella.

            “Ao Bella wa batho,” ha rialo Mbali, a phaphatha letsoho la Bella.

            Bohle ba tsamaya ho ya batlana le Noodle. Hope a kganna setulo sa mabidi sa Josh tselaneng e ka thoko. Ba ne ba ntse ba hoeletsa lebitso la Noodle.

            “Ha a yo seterateng sena,” ha rialo Josh. Yaba founo ya hae e a lla. “Ke Nkgono,” a bolella Hope, “Ke tshepa hore ba fumane Noodle.”

            Hope o ne a sa kgone ho utlwa seo Nkgono a se bolellang Josh, empa o ne a utlwa feela Mbali a hoeletsa, Pink! Pink! Pink! haholo ka morao.

            “Tjhe,” Josh a rialo ha a qeta ho bua le Nkgono, “ha ba eso fumane Noodle. Founo ya hae ya lla hape. “Mme eo e ne e le Bella le mme wa hae. Ha ba eso fumane Noodle le bona.”

            “Jwale re etsang?” ha botsa Hope.

            “Re lokela ho ya kopana le batho ba bang setsing sa mabenkele,” ha rialo Josh.

            Metsotswana kamora moo batho bohle ba ne ba eme ka pela setsi sa mabenkele. Mahlo a Bella a ne a le mafubedu ke ho lla. Nkgono o ne a shebahala a tshwenyehile.

            “Na re ka kgutlela morao ra ya batla hape?” ha botsa Nkgono.

            “Noo … Noodle …” ha rialo lentswe le lesesane.

            Bohle ba hetla ho sheba.

            “Noodle!” ha rialo Mbali hape. A supa lebenkeleng le hukung.

            “Mbali?” ha botsa Nkgono. “Hokae?”

            “Ha ho letho mono, Mbali,” ha rialo Neo.

            “NOOOOOODLE!” ha hoeletsa Mbali.

            “Re lokela ho ya sheba,” ha rialo Hope.

            Ba ya lebenkeleng le hukung. Le ne le rekisa mekotlana le dibengele, dihempe le dieta. Bohle ba bokana monyako.

            “Ka hare! Ka hare!” ha rialo Mbali a supile ka hara lebenkele.

            “Dumelang,” ha rialo monga lebenkele. “Le amohetswe. Kenang. Ntumelleng feela ke fe motswalle enwa wa ka bisikiti, mme ke tla le thusa.”

            “NOODLE!” ba bua bohle ka nako e le nngwe.

            Bella a potlakela pele mme a haka Noodle. “O ntse o le kae? Re o batlile hohle.” Noodle a nna a tsoka mohatla mme a nyeka sefahleho sa hae.

            “Hao!” ha rialo monga lebenkele.“Ke ya lona athe? Kamehla hoseng o tla

lapeng la ka ho tla dumedisa.”

            “Pink!” ha rialo Mbali.

            “Ee. Ntlo e pinki e hukung haufi le thota. O tla ho tla bapala le ntjanyana ya ka, Trixie. Ke maswabi haholo haeba le ne le kgathatsehile. Ke lekgetlo la pele a etla lebenkeleng mona.”

            Ha bohle ba ntse ba duletse ho haka, ho pholla le ho phathatsa Noodle, monga lebenkele a ba bolella hore yena lebitso la hae ke Mof Modise. O ne a le motjha motseng oo mme a sa tswa bula lebenkele la hae moo.

            “Noodle o ile a etsa setswalle le Trixie mohla re fallelang mona,” a rialo. “Ba bapala mmoho hoseng ho hong le ho hong mme ebe Noodle o ya hae. Empa kajeno ho ne ho batla ho fapane. Kajeno ho ne ho ena le ntho e kgolo e tla etsahala mme ke ne ke tlamehile ho tla le Trixie mosebetsing.”

            Hona hoo Mbali a tswa setulong sa hae se sututswang mme a qala ho hoeletsa.

            “NOODLES!”

            “Ee,” ha rialo Neo, “o mo fumane.”

            Bella a suna lerama la Mbali. “Ee, ke leboha haholo.”

            “Tjhe, tjhe, tjhe” ha hoeletsa Mbali. “Noodle, Noodle, Noodle! SHEBANG!”

            Nkgono, Neo, Bella, le mmae, Josh le Hope ba atamela moo Mbali a emeng teng. Ba bokanela Mbali ba mo tjamela.

            “Ee,” ha rialo Mof Modise, “EO KE YONA ntho e kgolo e neng e tla etsahala”

            Noodle a feta a phunyeletsa maoto a bohle mme a fihla a dula haufi le seroto sa Trixie. O ne a shebahala a le motlotlo haholo.

            “Shebang,” ha rialo Mbali, “Noodle, Noodle, Noodle!”

            Trixie o ne a le ka hara seroto mmoho le madinyane a mararo, a manyane, a pinki mme kaofela ha ona a ne a tshwana hantle le Noodle.

            Bohle ba qala ho bua ka nako e le nngwe. Mof Modise o ne a thabile haholo ho kopana le monga Noodle. Bella o ne a thabetse ho fumana Noodle. Josh le Hope ba ne ba nahanne ka madinyane a ntja. Neo le Nkgono bona ba ne ba bososela. Yaba Neo o a fetoha mme o haka Mbali haholo a ba a mo suna.

            “Mbali,” a hweshetsa, “o leteketifi le hlwahlwa ka ho fetisisa.”

            Mbali a keketeha. “Pink,” a rialo. “Pink Noodle.”