Lentswe la Kamuzu
Home | Written stories | Multilingual stories | Lentswe la Kamuzu

Written stories

Lentswe la Kamuzu

Author

Avril Wiid

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda Mogale

Tlase tlasa maralla a matala a Mpumalanga ho ne ho ena le polasi. Masimong a polasi ena, Kamuzu, eo e leng pere o ne a fula a ikgutseditse. Diphoofolo tsohle tsa polasing moo e ne e le metswalle. Di ne di qoqa ka dintho tse ngata, empa Kamuzu yena o ne a le dihlong. O ne a batla ho bua le tsona, empa o ne a sa kgone ho ntsha lentswe a bue. Sena se ne se etsa hore a ikutlwe a tshwerwe ke bodutu mme a hloname.

Ka matjeke hoseng ho hong, Kamuzu o ne a batla ho ya re “dumela” ho Baas, motswalle wa hae wa esele. A bula molomo … empa ha se ke ha etsahala letho. Lentswe la hae le leholo, la pere le ne le nyametse.

“Ho etsahalang?” ha botsa Kamuzu. “Ke kgona ho seba feela.” A leka hape.

“O itseng?” ha botsa Baas a ntse a thuhisa jwang, a itatswa melomo e tletseng boya mme a tjamela Kamuzu. Lebaka le le leng leo a neng a botsa ka lona ke hobane leha Kamuzu a ne a ile a bula molomo, ho ile ha tswa ho hweshetsa ho honyane feela. Ho ne ho makatsa.

“Lentswe la ka,” ha hweshetsa Kamuzu. “le nyametse.”

“Lentswe la hao le nyametse ? Empa ha o ke o bue letho akere, jwale le nyameditswe ke eng?” ha botsa Baas. “O se ke wa tshwenyeha. Ke tla ya batla lentswe la hao ka mose wane ho noka.”

Yaba Bass o tshethema jwalo a tshela noka ho ya mose wane. Empa eitse hang ha a fihla ka nqane yaba o se a utlwa monko o monate wa jwang, mme a lebala hohang ka lentswe la Kamuzu mme a qala ho fula jwang.

Ka nqane ho noka morao kwana, Kamuzu o ne a ntse a nahana ka ditsela tseo a ka fumanang lentswe la hae le lahlehileng kateng. “Ke tla ya tlase letamong mane,” a nahana jwalo. “Ke tla bula molomo wa ka, ke phahamise leleme la ka mme ke botse ditlhapi hore ebe ha di bone lentswe la ka ka tlasa lona na.”

Kamuzu a emisa letamong mme a bula molomo wa hae. Ditlhapi tsa phahamisa mahlo ho mo sheba.

Kamuzu's voice Pic 1

“Tjhe, Kamuzu, re maswabi, ha ho letho ka tlasa leleme la hao. Empa o se ke wa kgathatseha, re tla sheba lentswe la hao ka tlasa dipalesa le pakeng tsa mahakwe tlase letangwaneng lena.”

Ditlhapi tsa sesa tsa leba kwana, empa yare feela ha di fihla ka tlasa dipalesa tsa metsi, tsa fumana dijo tse monate haholo hoo di ileng tsa lebala hohang ka lentswe le lahlehileng la Kamuzu.

Kamuzu a fehelwa a utlwile bohloko mme a itsamaela. O ile a batla lentswe la hae hohle ha a ntse a tsamatsamaya tseleng. Mme yaba o kopana le Snorkel, kolobe, le Dozie, kgomo e phatshwana.

“O batlana le eng?” ha botsa Snorkel.

“Lentswe la ka. Le ntahlehetse,” ha hweshetsa Kamuzu.

“Kgele! Ho etsahetse jwang hoo?” ha rialo Snorkel. “O se tshwenyehe, ke tla o thusa ho le batla.”

“Le nna!” ha rialo Dozie. “Re tla sheba hara jwang lebopong la noka.”

Ao, Kamuzu wa batho – hang feela ha Snorkel le Dozie ba fihla mose wane ho noka mme ba fumana jwang bo monate, ba emisa mme ba fula le ho hlafuna ha monate ba lebala hohang ka ho mo thusa ho fumana lentswe la hae.

Mebutlanyane le yona ha e ya ka ya thusa ka letho. E ile ya tshepisa ho sheba ka mahlo a yona a maholo a masootho. Ya tshepisa ho mamela ka ditsebe tsa yona tse sootho tse bonojana. Empa eitse ha e tlolela mose wane ho noka, jwalo ka ba bang bohle, sohle seo e neng e nahana ka sona ke tatso ya jwang bo monate.

Kamuzu a sheba metswalle ya hae. “Ha ho motho ya nthusang. Ha ho motho ya batlang. Bohle ba a fula, ba a hlafuna, ba a loma, ba a ja, ba a thuisa,” a hweshetsa jwalo a hloname. Yaba o a furalla mme o a tsamaya a kgutlela polasing ho ya tswela pele ho ipatlela ka boyena. Kamuzu a sheba ka tlasa dihlahla. A sheba ka mora masaka. A sheba le hodimo marung mme a sheba le mane maralleng.

“Tjhe bo, sefefo se a tla! Pula e se ntse e ena mane maralleng. Seo se bolela hore noka e tlilo ja ditlhokwa.” Yaba o a fetoha mme o matha a kgutlela mane nokeng. “Ke tlamehile ho ya lemosa diphoofolo tsane. Empa ke kgona ho hweshetsa feela, ba ke ke ba nkutlwa.”

A ema moo metsotswana e se mekae mme a utlwa marothodi a pele a pula a mo nela ka mokokotlong. Noka e ne e se e tletse seretse mme metsi a ntse a nyoloha. Bohle ba ne ba ntse ba itjella, ba fula, ba hlafuna, ba kwenya ba bile ba thuisa.

Kamuzu a bula molomo wa hae, empa ha se ke ha tswa letho. Ke re le ha e le mohweshetsanyana feela. Jwale o ne a feela a tshohile. O ne a tlameha ho etsa ho hong. Haeba metswalle ya hae e ne e ka leka ho tshela noka, e ne e tla kgangwa ke metsi. O ile a akga hlooho ya hae, a sisinya moetse mme a tila ka maoto a hae fatshe. Ha ho le a mong wa metswalle ya hae a ileng a mo elellwa. Metsi a ka pela hae ona a ne a ntse a potlaka a phalla.

Yaba hang pula e qala ho na ka matla. Diphoofolo tsohle tsa phahamisa dihlooho tsa sheba mme tsa qala ho mathela nokeng.

Kamuzu a lebala hore o lahlehetswe ke lentswe. A lebala hore o dihlong mme a lebala le hore o hloname. A shebana le noka e hoshang mme a matha ka potlako kamoo a ka kgonang a lebile ho yona, yaba o tlola haholohadi feela ka hodima metsi a halefileng. Eitse ha a fihla ka nqane ho noka a bula molomo wa hae mme a hoeletsa, “EMISANG! LE SE KE LA TSHELA!”

Kamuzus voice Pic 2

Diphoofolo di ne di tshohile haholo. Di ne di eso ka di utlwa lentswe le leholo, le phahameng hakana le tswa molomong wa Kamuzu.

“Kgutlelang morao!” Kamuzu a hoeletsa. “Nyolohelang mafikeng mane.”

Bohle ba mathela mafikeng ho ya itshireletsa puleng. Ba bokana mmoho.

“O re pholositse, Kamuzu,” ha rialo Baas. “Re a leboha.”

“O fumane lentswe la hao,” ho rialo Snorkel.

“Ee,” ha rialo Dozie, “ho monate ho o utlwa. O ne o dula o thotse, re ne re nahana hore o mpa o sa batle ho bua le rona.”

“Ke dihlong,” ha rialo Kamuzu. “Kamehla ha ke tsebe seo nka se buang.”

“Empa re metswalle,” ha rialo dimmutla. “Ha ho hlokehe hore o be dihlong ha o ena le rona.”

“Ho tloha hona jwale,” Bass a rialo, “re batla ho o utlwa o bua. Na o tshepisa hore o tla etsa jwalo?”

“Tshepisa! Tshepisa! Tshepisa!” ba rialo bohle.

Mme, Kamuzu, wa pere, a phahamisetsa hlooho ya hae marung mme a hoeletsa, “EYA BO! EHLILE! KE A TSHEPISA!”