Lenane la Nomsa la ho reka mabenkeleng
Home | Written stories | Multilingual stories | Lenane la Nomsa la ho reka mabenkeleng

Written stories

Lenane la Nomsa la ho reka mabenkeleng

Author

Cicely van Straten

Illustrator

Vian Oelofsen

Translator

Hilda Mohale

Nomsa o ne a shebelletse ausi wa hae, Mandisa, a ntse a etsa sefaha. Mma bona a ba hoeletsa a le ka kitjhineng, “Mandisa, ke kopa o nkele lebenkeleng.

Lenane la dintho tseo ke di batlang ke lena.” Mandisa a bala lenane leo la ho reka, “Bohobe, majarine, pinabatha, jeme ya diapolekose, folouru, mahe,

tswekere, lebese, teye le letswai. Ke tla hloka mekotlana e mmedi bakeng sa dintho tsena.” Nomsa a tlola tlolaka. “Na le nna nka tla? Ke a kopa hle, nka tla?”

O ne a ena le tjheletana eo a e bolokileng. O ne a rata dipompong tse kgolo tse tjhitja tsa mmala wa lamunu tse mane lebenkeng. “Na o tlamehile?”

Mandisa a fehelwa. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi mme Nomsa yena a le tse tsheletseng mme ka nako tse ding o ne a teneha

ha ngwanabo a dula a mo sala morao. “O tla tlameha o nthuse ho tshwara mekotlana ya dintho tseo ke ilo di reka.” “Ho lokile, ke tla etsa jwalo!”

Nomsa a tshepisa. “Bala lenane leo hape, ke batla ho utlwa hore re ilo reka eng.”

 

“Bohobe, majarine, pinabatha, jeme ya diapolekose, folouru, mahe, tswekere, lebese, teye le letswai,” Mandisa a bala ha Nomsa a ntse a bala dintho

tseo ka menwana ya hae. Dintho tse leshome, e le nngwe bakeng sa monwana ka mong. Nomsa o ne a eso tsebe ho bala, empa o ne a kgona ho

hopola dintho haholo.

Bananyana bana ba tswela ka ntle seterateng. Moya o ne o foka! O ne o pheula diaparo tsa bona mme o fefola matlakala ka hara seterata a matha

hohle a ba otla maotong mona. Ha ba feta saluneng ya moriri karatjheng ya Mof Ngubane ba bona Fezeka le Phumla ba ntse ba lohuwa meriri.

Mof Ngubane o ne a loha meriri hantle haholo. Fezeka le Phumla e ne e le metswalle e meholo ya Mandisa. “Kgele, le boheha le le batle!”

Mandisa a rialo ha a kena ka saluneng ya moriri ho ya sheba setaele se setjha sa moloho. Se ne se le setle haholo. “O apere hempe e ntjha,”

Mandisa a rialo ho Fezeka. A inama mme a pholla le ho utlwa lesela pakeng tsa menwana ya hae. “O e rekile kae?” Nomsa a fehelwa.

O ne a tatetse ho ya fihla lebenkeleng. Empa seo Mandisa a neng a nahana ka sona feela matsatsing ana e ne e le diaparo le moriri le dieta.

“Ke rata sefaha sa hao se setjha, Phumla!” ha rialo Mandisa a iname ho thetsa sefaha se setjha sa motswalle wa hae. Yaba, jowe!

Moya o pheula lenane la ho reka letsohong la Mandisa! La fofela hole ka hodima lebota, la feta marulelong a ntlo e pela moo. La ya, la ya, yaba le ile!

Ka nnetenete yaba le etse ruri! “Jwale ke mathateng,” ha rialo Mandisa a beile letsoho molomong. “Ke tla tlameha ke kgutlele hae ke ilo kopa Mme

hore a mphe lenane le leng, mme o tlo halefa hle!”

“Ha o tlamehe ho etsa jwalo! Ke ntse ke hopola lenane leo la ho reka,” ha rialo Nomsa a ntse a tlolatlola. “Ke ntse ke hopola dintho kaofela.”

A phahamisa matsoho a hae mme a bala dintho tseo ka menwana ya hae e leshome. Monwana ka mong e ne e le ntho e le nngwe e lenaneng la ho reka.

“Bohobe, majarine, pinabatha, jeme ya diapolekose, folouru, mahe, tswekere, lebese, teye le letswai!” a rialo. Mandisa o ne a maketse.

“Hantle haholo, Ngwaneso! Ke thabile haholo ha o tlile le nna. Ha re ye mabenkeleng kapele re ilo reka dintho tseo. Ho seng jwalo Mme o tlo halefa haholo.”

Ha ba fihla Lebenkeleng la Kontane la Mambhele, Mandisa a kopa dintho tsohle tseo Nomsa a neng a di hopola ka menwana ya hae e leshome mme

a kenya dintho tseo ka hara mekotlana ya ho reka. Nomsa a tjamela botlolo e kgolo ya dipompong tse mmala wa lamunu le botlolo ya dipompong tsa

dijeli e haufi le motjhine wa tjhelete. A ntsha tjhelete ka hara pokotho ya hae mme a efa Mandisa. A supa dipompong tseo a di batlang mme Mandisa

a mo rekela tsona. Mandisa a kenyeletsa le lollipopo e kgubedu.

 

“Ena ke ya ho o leboha ha o nthusitse ke le mathateng,” ha rialo Mandisa. “Ke a tseba hore o rata dilollipopo tse kgubedu.”

E mong le e mong a tshwara mokotlana wa lebenkeleng ho ya hae mme Nomsa a momona lollipopo ya hae e kgubedu.

Ha ba fihla hae ba pakolla mekotlana ya lebenkeleng hodima tafole ya kitjhine mme Mandisa a botsa, “Mme, na nka etsa dipanekuku bakeng

sa dijo tsa mantsiboya kajeno?” O ne a tseba hore Nomsa o rata dipanekuku. “Ho lokile,” ha rialo mma bona. “Ke na le mosebetsi o mongata wa sekolo oo

ke lokelang ho o tshwaya kajeno. O tla be o nthusitse ha o ka pheha dijo tsa mantsiboya.” Nomsa le Mandisa mmoho ba tswaka folouru, mahe, lebese,

tswekere le letswainyana bakeng sa ho etsa dipanekuku. Yaba ba tlohela motswako oo hore o ke o phole nako e ka bang hora.

Yaba ba etsa dipanekuku le dipanekuku le tse ding hape. Kitjhine e ne e nkga ha monate ka nnete!

 

Ha Ntate a fihla lapeng, a leba ka kitjhineng hanghang. “Nko ya ka e mpolella hore kajeno re tlo ja dipanekuku bakeng sa dijo tsa mantsiboya!

Mme ke a bona hore baradinyana ba ka ba babedi ke bona baapehi. Le tlilo kenya eng ka hara tsona?” a botsa. “Ho na le nama e sitsweng e setseng maobane.

Re ka nna ra sebedisa yona,” ha araba Mandisa. “Hape ho na le jeme ya diapolekose. Jeme ya diapolekose ke yona eo ke e ratang ka ho fetisisa lefatsheng!”

ha rialo Nomsa a tlolatlola.“Le nna,” ha rialo Ntate mme a tsheha. Ha Mme a kena ka kitjhineng, a opa matsoho. “Le sebeditse, baradi ba ka!” a rialo.

Dipanekuku di ne di le monate. “Ke ntse ke hopola ditswakwa bakeng sa resepe,” Nomsa a rialo. A phahamisa letsoho mme a di bala menwaneng ya

hae e mehlano, “Folouru, mahe, lebese, tswekere le letswainyana!”

 

Ntatae a tsheha mme a mo phaphatha lehetleng. “Moradinyana wa ka ya bohlale!” a rialo. “Mohlomong le nna ke lokela ho sebedisa menwana

ya ka ho hopola dintho!”