Kgosana Sugar le Awande, mobaki
Home | Written stories | Multilingual stories | Kgosana Sugar le Awande, mobaki

Written stories

Kgosana Sugar le Awande, mobaki

Author

E ngotswe ke Ayanda Hlatshwayo

Illustrator

Ya tshwantshwa ke Chantelle le Burgen Thorne

Listen to the story here

Ho kile ha eba le kgosana e neng e bitswa Sugar. Kgosana Sugar o ne a rehelletswe ka dintho tse tswekere tseo a neng a di rata haholo jwaloka dikuku, dibisikiti, dithate, didonate le diphuding. Kgosana Sugar o ne a terebehile haholo hoo a neng a sa rate ho abelana ka dimonamone tsa hae tse tswekere le bana ba motseng.

“Ha ho motho ya jang dikuku tsa ka! O a nkutlwa, Mary? Oo ke molao!” ha rialo Kgosana Sugar ho mobaki wa moreneng. “Dikuku, dibiskiti le dithate ke tsa ka kaofela ke le mong, nna ke le mong.”

Ka tsatsi le leng, mobaki ya makatsang e motjha a fihla motseng. A qala ka ho fana ka diselae tsa kuku le dibiskiti ho bana bohle. Ha Kgosana Sugar a utlwa ka seo, a halefa haholo mme a romela balebedi ba hae ho ya tshwara mobaki eo mme ba mo tlise ho yena.

“O se nka kae sebete sa ho kena motseng wa ka mme o qale ho fana ka dimonamone ho bana bohle? Seo se kgahlanong le molao!” ha omana Kgosana Sugar a halefile.

“Morena ka, ke kopa tshwarelo e le ka nnete. Ka kopo hle ntumelle hore ke lokise phoso eo ya ka ka ho bakela wena feela o le mong,” ha araba mobaki eo lebitso la hae e neng e le Awande. “Ke tla o bakela semonamone se setjha letsatsi le letsatsi. Dimonamone tsena tseo ke di bakang di kgethehile. O lokela ho ja semonamone kaofela ka letsatsi le le leng.”

“Ehlile, ke tla kgona ho qeta semonamone ka letsatsi le leng le le leng!” ha rialo Kgosana ka meharo.

“Ke hantle,” ha araba Awande a bososela.

Kahoo, hoseng ho hong le ho hong, Kgosana Sugar o ne a fumana dimonamone tse foreshe tse bakilweng, tseo a neng a di kometsa kaofela. Ha matsatsi a ntse a tsamaya, dimonamone tsa nna tsa eba monate ho feta le ho ba kgolo ho feta. Kgosana Sugar o ne a thabile haholo, mme a qeta dikuku, dibiskiti le dithate tse monate tseo kaofela ntle le ho abela bana ba bang ba motseng le ha e le sekotwana feela.

Empa yare ha dimonamone tsena di ntse di hola di hola. Kgosana Sugar a fumana hore ha a sa kgona ho di qeta. A tlameha hore a di pate sebakeng sa sephiri paleising moo ele hore Awande a se ke a tseba hore o ne a se a sa qete dimonamone tseo kamehla.

Kamora dibeke tse mmalwa, Kgosana Sugar o ile a tlamehla ho boloka dimonamone tse ngata haholo hoo di neng di se di sa felle tulong ya sephiri. Kahoo, a bitsa basebeletsi ba hae le Mary, mobaki wa moreneng, mme a ba laela hore ba lahle tse ding tsa dimonamone tseo.

“Le etse bonnete ba hore Awande ha a le bone ha le etsa sena,” a ba laela.

Yaba hoseng ha letsatsi le hlahlamang Mary le basebeletsi ba nkela dimonamone tse setseng hare morung o ka mora paleisi. Empa ha etsahala ntho e makatsang: bosiung boo, ha batho bohle ba robetse, dimonamone tsohle tse neng di lahletswe morung tsa hlahella hape ka hara paleisi!

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Awande, mobaki, a fihla a tshwere dimonamone tse foreshe tse tswekere mme a kopa ho bona Kgosana Sugar.

“O ne o nahana hore nke ke ka tseba hore o lahla dimonamone tsa ka? Na ha o a ka wa dumela hore o tla ja dimonamone tseo ke o romellang tsona pele letsatsi leo le dikela? Ke o lemositse qalong hore dimonamone tsa ka di kgethehile le hore o tla tlameha hore o qete e nngwe le e nngwe,” ha rialo Awande a halefile.

Kgosana Sugar a qala ho ikutlwa a tshohile hanyane mme mala a hae a le bohlokonyana, empa a ja ho fihlela a qeta dimonamone tse setseng mmoho le tseo Awande a tlileng le tsona letsatsing leo.

“Ha ke sa natefelwa ke dimonamone tsena,” ha rialo Kgosana Sugar hoseng ho hlahlamang ha Awande a fihla ka dimonamone tsa letsatsi.

“Tshepiso ke tshepiso, Motlotlehi,” ha rialo Awande.

Kgosana o ne a shebahala a hloname. “Nka etsa jwang hore o tlohele ho nketsetsa dimonamone letsatsi le leng le le leng?” ha botsa Kgosana Sugar.

“O bitswa Kgosana Sugar hobane o rata dintho tse tswekere. Empa, ka lebaka la melao ya hao, bana ba bang ha ba tsebe tatso e tswekere,” ha araba Awande. “Kahoo, o lokela ho ja o be o je dimonamone tsena, ho fihlela melomo ya bana e na le tswekere.” Ha a rialo, mobaki a thinya mme a tswa paleising, a sia kuku e kgolo e monate hore Kgosana Sugar a e je.

Kgosana Sugar a nahana a nahanisisa ka seo Awande a se buileng empa a se ke a utlwisisa. Ho ka tla jwang hore melomo ya bana e be tswekere empa e le yena feela ya neng a ja dimonamone tsa Awande? Kahoo, kgosana a tsamaya ho otlolla maoto tshimong moo ho neng ho kgutsitse. O ne a tlameha ho nahana ka tsela ya ho thibela Awande hore a se ke a hlola a mo tlisetsa dimonamone tse tswekere letsatsi le letsatsi.

Yare ha a ntse a tsamaya jwalo, bolo ya maoto ya wela ka nqane ho lebota le phahameng mme ya wela ka hara dihlahla. Kamora moo moshanyana e monyane ya marantha a hlahella ka hodima lebota a tlo lata bolo. Yare ha a bona Kgosana Sugar, a batla a wela ka nqane ke ho tshoha.

“Motlotlehi, o ntshwarele hle. Ke ne ke mpa ke tlo lata bolo feela.” Ha rialo moshanyana ya tshohileng.

Kgosana Sugar o ne a duletse ho nahana ka leano la ho thibela ho fumana dimonamone tse tswekere hoo a ileng a lebala ho halefa.

“Pele o lata bolo ya hao,” a rialo, “ke kopa o mpolelle hore ke eng e ka etsang hore molomo wa hao o be tswekere.”

“Ke dintho tse entsweng ka tswekere, Motlotlehi,” ha rialo moshanyana ka dihlong. “Dikuku le didonate le dibiskiti – dintho tsohle tseo re sa dumellwang ho di ja”

Moshanyana e monyane o ne a shebahala a hloname ha a bua jwalo hoo Kgosana Sugar a ileng a utlwa a swabile. Lekgetlo la pele, a bona kamoo a neng a inahanela ka teng. O ne a ena le dimonamone tse ngata hoo a neng a se a sa natefelwe ke tsona, empa bana ba motseng ba ne ba eso ka ba latswa letho le nang le tswekere ka nako e telele telele.

Kgosana a mathela morao paleising mme a romela hore ho bitswe Awande.

“Awande,” a rialo, “Ke ne ke inahanela nna feela. Ke batla ho ba le moketjana bakeng sa batho ba motse. Ke kopa hore o bake dimonamone tsa hao bakeng sa bana le batswadi ba bona. Ho tloha kajeno, batho bohle ba ka ja dintho tse tswekere kamoo ba batlang.”

Awande a bososela. “Nka thabela seo, Motlotlehi wa rona!” a rialo, mme a baka dikuku tse ntle ka ho fetisisa tse monate ho fetisisa, dibiskiti le dithate tse monate tseo baahi ba motse ba neng ba eso ka ba di bona kapa ho di latswa. Mme ba eja, ba eja ho fihlela ba kgotsofala.

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Awande, mobaki, o ne a nyametse jwaloka mohudi. Kgosana Sugar a tswela pele ho etsa meketjana bakeng sa batho ba motse – empa jwale yena le Mary ba ne ba baka ka bobona.