Kgomo e Kgabane! | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Kgomo e Kgabane!

Written stories

Kgomo e Kgabane!

Author

Ka Koketso Tsemekwane

Illustrator

Ditshwantsho ka Heidel Dedekind

Listen to the story here

Kgalekgale, Kgomo le Katse ba ne ba dula Thabaneng ya Toutswemogala. Ba ne ba dula thabaneng ena le diphoofolo tse ding kaofela. Hoo e ka bang boholo ba nako, diphoofolo tsena kaofela di ne di phela hammoho ka kgotso le kutlwano.

Kgomo o ne a ikgetha haholo hara diphoofolo tsena hobane e ne e le yena feela ya nang le mogogolwane. Hoseng ho hong le ho hong o ne a apara mogogolwane wa hae mahetleng e be o tsamaisa ditaba kgotla.

Ha a eme moo a itjele, Kgomo o ne a shebahala jwalo ka modingwana ruri. O ne a tletse bohlale mme a fana ka dikeletso ditabeng tsohle, tse kgolo le tse nyenyane.

Empa jwale ka bomadimabe ho ne ho se ya ratang Katse hakaalo. Diphoofolo tse ding di ne di dumela hore Katse o bolotsana mme ba ne ba sa mo tshepe. Ke hobaneng ha yena a nanara le masiu ebe motshehare o dulela ho ba botswa le ho robala letsatsing letshehare lee kaofela? Ba ne ba kgodisehile hore mekgwa ya Katse e a belaetsa.

Ka letsatsi le leng Katse a tla ho Kgomo ho tla kopa keletso. Katse a botsa, “Kgomo, ke hobaneng ha wena le  diphoofolo tse ding le sa nthate?”

Kgomo ke ha a re feela muu!, ha a qeta a tiisa mogogolwane wa hae mahetleng a ntano itsamaela a sa araba.

Katse nngao! nngao!, “Khomo, ke batla ho tseba hore na ke hobaneng ha o sa nthate. O lokela ho re hlokomela kaofela, mme le hoja o dula o thusa diphoofolo tse ding kaofela, nna ha ho mohla o mpontshang mosa.”

Letsatsi le leng le le leng Katse a kgutlela ho Kgomo a nkile dimpho, a batla ho tseba hore na ke hobaneng ha ho se ya mo ratang. Maro a hae a ne a tla a tletse jwang bo tswekere, bo foreshe bo tswang phuleng le metsi a phodileng hamonatjana a neng a tshikgunya molatswaneng. Empa ho sa tsotellehe boiteko bohle ba Katse, Kgomo le diphoofolo tse ding ba ne ba ntse ba sa mo rate. Ba ile ba tswela pele ho hlokomoloha Katse mme sena se ne se utlwisa Katse bohloko haholo.

Sena sa tswela pele ho fihlela ka letsatsi le leng Katse a re ho Kgomo, “Ke utlwile ho lekane,” yaba o wa falla.

Ha ho a nka nako e kae yaba ditweba di qala ho nyanyaka. Yaba diphoofolo tse ding di tla ho Kgomo ho tla tletleba. Di ne di kwatile haholo. “Kgomo e Kgabane!” tsa rialo di dumaela, di korotla, di lla, di kakatletsa le ho kirietsa.

“Kgomo, o lokela ho etsa ho hong” ha puruma tau.

“Hohle mona ho tletse ditweba – dilaong tsa rona, moo re jellang teng, esita le moo re nwellang teng,” ha korotla Kubu.

Ke ka nako eo he moo Kgomo le diphoofolo tse ding ba ileng ba qala ho lemoha bohlokwa ba mosebetsi o neng o etswa ke Katse bosiu ha bohle ba robetse.

Jwalo ka moetapele wa Toutswemogala, Kgomo a bokella bohle hore ba tswe letsholo ho ya batla Katse. Kaofela ba tswa ka makgalo, ba nyolosa le ho theosa, ba sheba dibakeng tse phahameng le tse tlase. Ka matsatsi a supileng ba sheba mona, ba sheba mane, ba kututsa hohle.

Qetellong ha ba fumana Katse, Thuhlo – eo e neng e le yena ya ileng a mo bona pele – a atamela. “Katse,” ha rialo Thuhlo, “diphoofolo kaofela di o hlolohetswe. Ha re sa nka hore o bolotsana le hore mekgwa ya hao e a belaetsa. Ha ditweba di ntse di eketseha, re o hlolohelwa le ho feta. Re a o hloka ebile re a o rata. Re kopa o kgutlele le rona Toutswemogala.”

Katse a ikutlwa a thabile haholo ha a kgutlela Toutswemogala le diphoofolo tse ding. Bosiu bo bong le bo bong o ne a ja ditweba le ho di ngwanyapisa hohle. Diphoofolo kaofela di ne di thabile haholo, empa Kgomo o ne a thabile ka ho fetisisa hobane jwale, qetellong ya mmaqetello, kgotso le kgutso di ne di boetse di le teng Toutswemogala. Yaba ho tloha letsatsing leo, Kgomo le Katse e ba metswalle e meholo, mme Kgomo a siela Katse lebese hore a le qaphe letsatsi le leng le le leng.

Eba mahlahahlaha ka pale!

  • Taka setswantsho sa tweba.
  • Sebedisa letsopa kapa hlama ya ho bapala ho etsa kgomo, katse le thuhlo. Sebedisa diphoofolo tsa hao tsa letsopa ho tshwantshisa pale ena.
  • Ngola qetello ya pale ena eo o iqapetseng yona. Nahana Katse a hanne ho kgutlela Toutswemogala. O nahana hore ho ka be ho etsahetse eng?