Kamoo dipale di neng di qale ka teng | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Kamoo dipale di neng di qale ka teng

Kamoo dipale di neng di qale ka teng

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Tamsin Hinrichsen

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgale, ho ne ho ena le mosadi ya neng a phela le ba lelapa la hae motseng o mong – Boreneng ba Zululand. Ka Sontaha se seng le se seng ba lelapa ba ne ba theohela kwana lewatleng le leholo. Bana ba ne ba tjheka lehlabatheng mme ba bapalla maqhubung. Mosadi eo o ne a pheha dijo mollong ha monna wa hae a ntse a rwalla dipatsi tse tswang ka hara lewatle bakeng sa ho betla dintho tse ntle: dinonyana, batho le mefuta e fapaneng ya diphoofolo.

Mahareng a beke lelapa lohle le ne le sebetsa ka thata mme mantsiboya ba ne ba dula mollong. Ho ne ho le lefifi haholo ho ka sebetsa kapa ho bapala kapa ho betla mme e ne e e so be nako ya ho robala. Mme he ka nako ena bana ba ile ba kopa mma bona ho ba phetela pale.

“Mme,” ba ne ba kopa, “re batla dipale. Ako re phetele e le nngwe hle.”

Empa e ne e re leha a ka leka ka matla ho nahana pale eo a ka e phetang, o ne a sa kgone. Yena le monna wa hae ka bobedi ba ne ba se na dipale tseo ba ka di phetang.

Ka tsatsi le leng, mosadi eo a etsa qeto ya ho ya kopa thuso ho baahisane ba hae.

“Na le na le dipale tseo le di tsebang?” a ba botsa.

“Tjhe-e-e-e bo,” ba sisinya dihlooho tsa bona, “ha re na tsona.”

Ho ne ho sena dipale. Ho ne ho se ditoro … mme ho ne ho sena le ditshomo tsa mehlolo.

Monna wa hae a etsa tlhahiso, “Mosadi wa ka, ke nahana hore o lokela ho ya batlana le dipale. Nna ke tla sala ke hlokometse bana le lelapa. Fumana dipale tse itseng mme o kgutle le tsona.”

Yaba mosadi eo o dumedisa ba lelapa la hae mme a ba sadisa hantle a tsamaya. 2O ne a ikemiseditse ho botsa sebopuwa se seng le se seng seo a tla se feta hore se na le pale eo se ka mo phetelang yona na. Phoofolo ya pele eo a kopaneng le yona ke mmutla. O ile wa tla o ntse o tlolatlola tseleng ka maoto a ona a maholo.

“Mmutla!” a hoeletsa. “Na ho na le dipale tseo o nang le tsona?”

“Dipale?” ha botsa Mmutla. “Oho, ke na le tsona ka makgolokgolo, diketekete, tjhe bo, ke bolela dimiliyone.”

“Mmutla, ke kopa hore o mphe tse ding tsa dipale tseo hore ke tle ke yo thabisa bana ba ka hle.”

“Ehh…” ha rialo Mmutla. “Ha ke na nako. Ebile … dipale motsheare? …Tjhe!” yaba tshethe, tshethe, tshethe a itsamaela.

Kamora moo a kopana le sephooko. Yare ha a mo kopa dipale eo a phukalatsa mapheo a hae ka bohale.

“O maaaang … wena … ya ntsosang? Ha ke na dipale. Eya ho lenong tlhapi. Ke yena feela ya dulang a shebile le motsheare. Botsa yena.”

Yaba mosadi eo o leba molomong wa Noka ya Tugela moo lenong tlhapi a neng a tsoma teng. Yare ha a mmona o hoeletsa lebitso la hae.

3Lenong tlhapi e moholo a mo kgaruma. “KOW! kow-kow-kow! Hobaneng ha o nkgathatsa ke ntse ke tsoma?”

“Oho, Lenong Tlhapi ya bohlale”, ha rialo mosadi, “Ke ntse ke batlana le dipale. Na o tseba moo nka di fumanang?”

“Ee,” ha rialo Lenong Tlhapi, “Ke tseba motho ya ka o thusang. Eya moo mafika a kopanang le lewatle teng. Ema moo mme o hoeletse Kgudu e kgolo ya lewatle”

Mosadi a mo leboha mme a theosetsa ka lewatleng. O ne a sa ntse a hoeleditsse kgudu e kgolo ya lewatle habedi feela ha e tswa ka tlasa metsi ka modumo o moholo wa ho kgaphatsa metsi.

“O se ke wa tshoha,” ha rialo Kgudu ya Lewatle. “Itshwareletse hodima kgaketla ya ka. Ke tla o isa ho batho ba lewatle ba tsebang dintho tsohle le dipale tsohle.”

Yaba ba theohela tlase tlase ka hara lewatle, ho ya fihlella ka tlase, hantle feela

5moo ho dulang morena le mofumahadi ba lewatle.

“Jwale ke mang eo?”ha botsa morena.

“Enwa ke mosadi ya tswang kwana naheng e ommeng ka hodima metsi a rona,” ha hweshetsa mofumahadi.

“O batla eng, wena mosadi wa lefatshe le ommeng?” ho botsa mofumahadi.

“Dipale, Motlotlehi. Na le na le tseo nka di isang ho batho ba heso?”

4

“Re na le tsona,” ha araba mofumahadi.

“Empa na o na le se seng seo o ka re fang sona bakeng sa dipale tseo?”

“Le ka thabela eng?” ho botsa mosadi.

Morena le mofumahadi ba bososela. “Re ke ke ra kgona ho ya naheng ya hao e ommeng. Re rata ho bona hore e jwang. Re tlisetse ho hong ho re bontsha hore ho na le mefuta efe ya diphoofolo le batho moo.”

“Ho lokile,” ha araba mosadi. Kgudu e kgolo ya lewatle ya kgutlisetsa mosadi eo lefatsheng le ommeng mme ya mo emela ha a sa ntse a ilo bolella monna wa hae tsohle.

“Ao,” a rialo a thabile. “Ke na le dibopeho tseo ke di betlileng tsa diphoofolo, dinonyana le batho. O ka nna wa di nka kaofela.”

Ka potlako mosadi eo o ne a se a kgutletse lewatleng a tshwere qubu ya dibopeho tse betlilweng. Yaba hape kgudu e qwela ka metsing mme ya ya le tsona tlase tlase.

Eitse ha morena le mofumahadi ba bona dibopeho tseo, ba ne ba thabile haholo mme ba nea mosadi eo kgaketla e ntle.

“Bakeng sa hao le batho ba heno, re fana ka mpho ya dipale. Kamehla ha o batla pale, e phahamisetse tsebeng ya hao mme o mamele,” ba rialo.

“Empa o hopole sena,” morena a mo sebela ka tsebeng, “pale ya hao ya pele e qadile ka leeto la hao la ho theohela tlase mona.”6 Eitse qetellon g ha mosadi a kgutlela lebopong, monna wa hae, bana ba hae le batho bohle ba motseng ba ne ba mo emetse moo. Ba ne ba besitse mollo o moholohadi o neng o tlola ditlhase le malakabe lefifing.

“Jwale he,” ba mo hoeletsa, “re phetele pale. Re phetele pale!”

Mosadi a bososela. A tshwara kgaketla mme a re, “Ee… Nal’ibali… pale ke ena. Ssshhh. Jwale he, mamela.”

Mme he, ke kamoo pale ya pele e ileng ya phetwa ka teng.

Kamora moo mosadi a bea kgaketla tsebeng ya hae mme a pheta dipale tse ding tse ngata. Mme haeba ena ke pale ya pele eo o e utlwileng, hopola feela hore ho na le tse ding tse ngatangata tse tlang.