Hona le hwane

Written stories

Hona le hwane

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Shân Fischer

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Ha Sibu a fallela iLanga Avenue, Mof Magona o ile a bolella baahisane bohle hore motho ka mong a tle le ho hong ho itseng, ho tla mo amohela. Kahoo Sibu o ile a fumana metswalle e lokileng. Ba ne ba mo rata mme le yena a ba rata

Ka bomadimabe ho ne ho ena le ntho e le nngwe feela e neng e halefisa bohle. Ka nako tse ding Sibu o ne a ithimola. Mme o ne a ithimola hampe ho feta batho bohle lefatsheng. Ha a ne a eme monyako wa ntlo ya hae e nyane mme a qala ka hore … hlwepe, hlwephe, hlwephe … hee-hee …, batho bohle ba ne ba tshoha.

Ka tsatsi le leng hoseng, Sibu a bula lemati la ka pele. Yaba ho tswa katse e nyane e ntsho e matha mme ha tswa Sibu. A phahamisa hlooho ya hae, a bula molomo mme a re, “Ah, aah …”

“TJHE!” ha kgaruma Mof Magona. “Le se ke la mo dumella ho ithimola. Maobanyana mona o tswa butswela diaparo tsa ka di le terateng tsa ya wela thoteng kwana. Mo thibeng e sale jwale!”

“TJHEEE BO!” ha hoeletsa Mong Samson. “Maobanyana mona ha Sibu a ithimola o ile a butswela dipalesa tsa ka tse kgubedu tsa eba sephara. Di ne di le ntle haholo mme di se di loketse ho ya rekiswa. Mo thibeng!”

“Ah, AAAH, AAAAH …” Sibu a tswela pele.

“Tjheeeeee!” ha hoeletsa Jabu le Nozi. “Maobanyana mona ha a ithimola o ile a butswella mosebetsi wa rona wa sekolo hole kwana. Titjhere ha a ka a re kgolwa ha re mmolella hore e ne e le ho ithimola.”

“Potlakang! Re tla leka sena le sane ho mo thibela ho ithimola,” ha rialo Mof Magona a tshwere phekse letsohong. A kopetsa phekse eo nkong ya Sibu.

Little bit 1

“Itjhuuu … Ho bohloko! Ke kopa o e tlose hle,” ha rialo Sibu.

Mong Samson a tlisetsa Sibu galase ya metsi. “Tshwara nko ya hao mme o nwe metsi ana,” a rialo.

Kalakatjha, kalatjha. Sibu a nwa mme a qala ho kgohlela.

“Potlaka,” ha rialo Jabu a tshwere sejana sa motoho. “Eja hona.”

“O tla boloka molomo wa hao o etsa ho hong,” ha rialo Nozi, “mme o sothasothe nko ya hao.”

“Aaaaaa …” ha rialo Sibu a sutuletsa sekotlolo kwana. “Ah, aaah …”

Yaba bohle ba ema moo feela ba mo shebile ba letile.

Katse e nyane e ntsho e neng e dutse hodima lebota e ne e shebelletse mme e letile. E ne e tseba hantle se tla etsahala. Diaparo tse terateng di ne di tla fefoha, dipaletsa di be sephara, mosebetsi wa sekolo o ne o tla pheuleha, mme ho ne ho tla etsahala dintho tse tharo tsa bohlokwa. Boya ba yona le ditedu tsa yona di ne di tla ya kwana le kwana moyeng o mongata. Lehlabathe le ne le tla fefohela mapatsong a lebota … mme ebe … ho feta tsohle … ditweba di ne di tla tswa di matha. Mme yona he, e ne e lapile

“Aaaaah … heeeTHIII …” Bohle ba inama ba leka ho ipata. “… YAAAA!” Sibu a tswela pele.

Diaparo ke tsela di fefoha terateng. Dipalesa ke tsela di wela fatshe. Mosebetsi wa sekolo wa Jabu le Nozi le ona wa fofela kwana. Mme se thabisang katse e nyane e ntsho he, ya eba hore ditweba di tswa di matha.
Little bit 2

“Sena se ke ke sa tswela pele. Re lokela ho etsa ho hong. Na ho na le seo o se jeleng se etsang hore o ithimole?” ha botsa Mof Magona.

“Tjhe,” ha araba Sibu.

“Na o ile wa fofonela ho hong?” ha botsa Mof Magona.

“Tjhe,” ha araba Sibu.

“Jwale e le hore o entseng?” ha botsa Mong Samson.

“Ke entse ntho eo ke hlolang ke e etsa Moqebelo o mong le o mong hoseng,” ha rialo Sibu. “Ke ile ka tsoha ka itlhatswa. Ka ja dijo tsa ka tsa hoseng. Ka dula setulong sa ka mme ka bala buka, mme, ka tlwaelo, katse e nyane e ntsho ya kena ka tlung ho tla ntumedisa.”

Bohle ba fetoha mme ba sheba katse e ntsho e nyane.

“Na ke katse ya hao?” ha botsa Mof Magona.

“Tjhe bo!” ha araba Sibu.

“Ke ya mang?” ha botsa Mof Magona. Bohle ba sisinya dihlooho.

“Re tla tlameha ho e leleka he. Sheba, jeresi ya hao e tletse boya bo botsho,” ha rialo Mong Samson a mo supile.

“O na le aleji ya dikatse, Sibu,” ha rialo Mof Magona. “Ke kahoo o ithimolang hakana. Re tla lokela ho lelekela katse eno hole kwana.”

“Tjhe,” Jabu le Nozi ba buela hong. “Re tla ya le yona habo rona. Mme o itse re ka nna ra ba le katse.”

“Ebe le nahana hore le tla etsa jwang hore e se ke ya hlola e eya tlung ya Sibu?” ha botsa Mof Magona.

“Ha bonolo,” ha araba Jabu. “Re tla etsa seo wena o hlolang o se bua.”

“Ka nnete? Ke hlola ke reng?” ha botsa Mof Magona.

“Re tla mo fa hona le hwane ho mo amohela,” ha araba bana bao.

Bohle ba tsheha.

Yaba Jabu le Nozi ba ya ho katse e nyane e ntsho, ba pholla boya ba yona mme ba bua le yona ha monate. Bohle ba makala ha katse eo e ema mme e ba sala morao ho ya le bona lapeng.

“Aaaah,” ha rialo Mof Magona ka motlotlo. “E sebetsa kamehla.”

“Jwale,” ha rialo Sibu, “Ke tla pheha setjhu sa nama ya kgomo bakeng sa ho keteka hore HA KE SA ITHIMOLA.”

Bosiung boo baahisane kaofela ba dula mollong mme ba ja setjhu se hlabosang sa Sibu.

Mme katse e nyane e ntsho yona? O, e ne e natefetswe e iketlile haholo hore e ka nna ya kgathatsana le Sibu. E ne e tseba hore habo Jabu le Nozi, e tla dula e fumana hona le hwane, nthwana e itseng, le lerato le lengata.