Hobaneng ha dipela di hloka mehatla
Home | Written stories | Multilingual stories | Hobaneng ha dipela di hloka mehatla

Written stories

Hobaneng ha dipela di hloka mehatla

Author

ke Themba Mabaso

Illustrator

ke Vian Oelofson

Listen to the story here

Mehleng ya boholoholo, diphoofolo di ne di se na mehatla. Di ne di sa ho thabela hoo, kahoo tsa bitsa kopano sedibeng.

Pela a shebella ha diphoofolo tse ding di feta ho ya kopanong.

“Phakisang! Re lokela ho fihla ka nako kopanong,” ha hoeletsa Mmutla a tlolatlola a feta.

“Se kgathatsehe, ke tla le latela!” ha araba Pela mme a fetohela kwana a furalla mahlasedi a mofuthu wa letsatsi.

“Ha o tsamaye le rona?” ha botsa Tshwene a feta.

“Se kgathatsehe, ke tla kena tseleng le nna ha morao,” ha araba Pela a kakaletse a futhumeditse mpa ya hae.

Phoofolo ya ho qetela e ileng ya feta ke motswalle wa Pela, Kgudu. “Ha o ye kopanong athe?” a botsa.

“Ha feela motswalle wa ka a ka mpalamisa,” ha araba Pela.

“Empa kgetla ya ka e se ntse e le boima,” ha rialo Kgudu.

“Tjhe bo, ha ke boima nna. O keke wa utlwa phapang hohang ha ke pepile hodima hao,” ha rialo Pela a bososetse haholo.

 “Empa kgetla ya ka e thata mme e a kukunela ha o dula hodima yona,” ha hlalosa Kgudu.

“Ke pela! Ke tlwaetse ho dula hodima mafika a thata!” ha araba Pela, a tlolela mokokotlong wa Kgudu. Pela o ne a le boima, empa Kgudu o ne a tla etsang? Pela e ne e le motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo.

Kopanong, diphoofolo tsa bua ka mehatla.

“Ke shebeha ke le mobe kantle ho mohatla,” ha tletleba Phiri.

“Ha ke leka ho thinya ha ke matha, ke a wa hobane ha ke na mohatla,” ha rialo Lengau.

“Ke hloka setho se seng ho lokolla matsoho a ka ha ke leketla difateng ke ekga ditholwana,” ha rialo Tshwene.

 

 

“Ha re kopeng Mmopi ho re fa mehatla,” Tau a tla ka tlhahiso.

Kahoo, diphoofolo tsa lelaletsa difahleho tsa tsona lehodimong. “Oho, Mmopi, re kopa o re fe mehatla!” tsa kopa ka thata.

Ha utlwahala lentswe le phahameng hodimo. “Hosane hoseng, le theohele nokeng mme le tla fumana mehatla sefateng se seholo moo.”

Diphoofolo tsa kgutlela lapeng di ena le tshepo mme di thabile.

“Ke se ke tatetse ho fumana mohatla. Hosane, ha re ye mmoho ho ya lata mehatla ya rona.” ha rialo Pela ha Kgudu a mo theola lefikeng leo a neng a le bitsa ‘lehae’.

Ka ho tseba hore o lenama, Kgudu a tsoha ka matjeke ka le hlahlamang. Ho ne ho sa le lefifi ha a tloha ha hae mme diphoofolo tse ding di sa robetse.

Ha Kgudu a feta lapeng la Pela, a hoeletsa, “Phakisa! Ha re ye re ilo fumana mehatla ya rona!”

“Eseng kajeno. Ke ikutlwa ke kgathetse. Ke batla feela ho dula hodima lefika lena ke natefelwe ke letsatsi. Ke kopa hore o ntlele le mohatla ha o kgutla,” ha rialo Pela ka pososelo e kgolo. “Ke batla o motelele, o boyahadi.”

Kgudu o ne a maketse hore Pela o ne a sa tsamaye le yena. “Ke tla etsa jwalo,” a rialo a thabile, a elellwa hore ha a no jara Pela mokokotlong wa hae.

Ka matjeke, diphoofolo tse ding tsa leba nokeng ka sehlopha se seholo. Di ne di potlakile ho feta Kgudu, kahoo tsa mo feta tseleng. Empa Kgudu o ne a ikemiseditse ho fihla sefateng a fumane mohatla wa hae le wa motswalle wa hae, yaba o tswela pele a ntse a nanara.

Ha diphoofolo di atamela nokeng, tsa bona sefate se tletseng mehatla. Ho ne ho ena le mehatla e mekgutshwane, e metelele, e boya le e mesesane. Ho ne ho ena le mehatla e metle le e mehatla e mebe.

Diphoofolo tsa qala ho atamela sefateng, Ho ne ho hlakile hore ya tla fihla pele ke yena tlang ho kgetha mohatla o motle ho feta. Tshwene a tlola ho tloha sefateng se seng ho ya ho se seng. Tau, Lengau le Qwaha tsa matha ka lebelo. Tlou le Tshukudu tsa matha di hemesela. Phokojwe a matha haholo jwaloka Kolobe, empa Kolobe a tsamaya a ntse a emisa a eja ditholwana le metso. Kgudu a latela ka moraorao.

Tshwene ke yena ya fihlileng pele sefateng. A phamola mohatla o motelele ka ho fetisisa. Lengau ya eba wa bobedi mme a nka mohatla o mong o motelele. Diphoofolo tse ding tsa kgetha mehatla ho e setseng e leketla sefateng.

Ha Kolobe le Kgudu ba fihla qetellong, ho ne ho se ho setse mehatla e mmedi feela. o mong o ne o le mokgutshwane, o le motenya mme o mong o le mosesane, o ikgarile. Kolobe a kgetha o ikgarileng, yaba Kgudu o kgetha o motenya.

Ho ne ho se letho le setseng sefateng, mme ho ne ho se motho ya hopotseng hore Pela le yena o ne a batla mohatla.

 

 

Lefikeng la hae, Pela o ne a kgona ho bona diphoofolo di kgutlela hae. Di ne di tsamaya ka boikgantsho di tsoka mehatla ya tsona. “Ke se ke tatetse mohatla wa ka o motjha!” Pela a nahana.

Pela a bona Kgudu le Kolobe ba tsamaya mmoho. “O tlile le mohatla wa ka, Kgudu? Pela a botsa ha ba atamela.

“Tjhe, ke maswabi, motswalle, empa e fedile! Nna le Kolobe re fumane ho setse e mmedi feela. Sheba mohatla wa ka,” ha hlalosa Kgudu, a supa mohatla wa hae o motenya. “Ke kgonne ho fumana ona feela.”

“Nka be ke ikisitse ka bonna!” ha rialo Pela a itshola. “Ke lebelo ho le feta le le babedi. Nka be ke iphumanetse mohatla o motle hoja ka se be botswa tjena.” Kgudu le Kolobe ba tsamaya ba sa re letho.

Ke kahoo dipela di hlokang mehatla – empa di ntse di dula Mafikeng ho ora letsatsi le futhumetseng ha monate!

 

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

  • Nahana feela hoja diphoofolo di ne di kgethile mehatla e fapaneng sefateng. Taka setshwantsho sa phoofolo efe kapa efe e nang le mohatla wa mofuta o mong, jwaloka Kgudu ka mohatla wa Tau kapa qwaha ka mohatla wa kolobe.
  • Eba lefokisi la mantswe! Shebisisa pale. Na o ka fumana: mabitso a diphoofolo tse nne – mantswe a dinomoro tse pedi – mantswe a mahlano a hlalosang mehatla?
  • Iketse eka o Pela. Ngola lengolo le yang ho Mmopi moo o kopang monyetla o mong wa ho fumana mohatla.