Ha se mosebetsi o thata
Home | Written stories | Multilingual stories | Ha se mosebetsi o thata

Written stories

Ha se mosebetsi o thata

Author

E ngotswe ke Bandile Sikwane

Illustrator

Ditshwantsho ka Elizabeth Sparg

Listen to the story here

 Hank eo e leng Mmamokgwe e Motle e ne e le seapehi se pele naheng.

Tjantjello ya hae ya ho batlana le ditswakwa tse monate ka ho fetisisa e ne e mo qolla ho ba bang.

Resepe ya kajeno e ne e le bonolo, empa dijo di ne di ikgethile.

O ne a di phehela Wendy wa Kolobemuru. O ne a robehile leoto ha a ne a baleha diphiri tse lapileng.

Resepe e ne e hloka haholoholo ditswakwa tse neng di le thata ho fumaneha.

Hank o ile a kgama le ho hlola masumo a moholo.

E ne e tla etsa setjhu se monate sa nama.

O ile a mamella ho longwa ke dinotshi tse fetang lekgolo a bokella kgekge le mamepe bakeng sa ho etsa se nowang.

Diphepheng tse bolayang di ile tsa mmontsha bohale ha a ntse a tjheka malapa a tsona a batlana le amadumbe. Itjhu! Itjhu! Itjhu!

Marabe a mo loma ha a ntse a bokella monokotshwai le ditamati tse hlaha.

Tjhefo ya marabe ke ntho e mpe haholo. Ho ile ha nka Hank dihora tse mmalwa ho e tlhotlhora. 

 

Ho eso ye kae, a fihla hukung ya Kolobemoru Avenue le Seterata sa Baobab.

Metswalle ya ja setjhu se monate, ya nwa seno sa ditholwana ha e ntse e tsheha dinqanqane tse kgenneng ka lebaka la ditswiritswiri tse lerata.

“Tsena ke dijo tse monate ka ho fetisisa,” ha rialo Wendy, leleme la hae le itatswa.

"O tlamehile hore o be o sebeditse ka thata ho di pheha.”

“Hohang,” Hank a araba a iketlile. “Ha se mosebetsi o thata, ka nnete.

Emela feela ho tla ja seteiki se dutlisang mathe sa marabe seo ke tlang ho se pheha hosane!”