Felleng o ithuta ho bala | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Felleng o ithuta ho bala

Felleng o ithuta ho bala

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Maja Sereda

Translator

D. H. Mohale

Felleng, eo e leng mmoto, o ne a rata dipale. “Mme,” o ne a rialo kamehla bosiu, “re kopa hore o re phetele pale. Ke a o tshepisa hore re tla robala hanghang ha o qeta. Re a o kopa hle! Ao hle mme!”

Mama Mmoto o ne a tseba pale e le nngwe feela, mme o ne a se a kgathetse ke ke ho e pheta kgafetsa. Empa Felleng le bana ba bang ba mmoto ba ile ba qeka mmabona hona hoo a ileng a qetella a dumetse. O ile a ba bolella ka dintho tseo a di etsang ka khitjheneng. O ile a bua ka leeto la hae le le lelele moo, le ka dintho tsohle tse kgolo, tse makatsang tseo a di boneng ka dikhabateng. “Batho ba sebedisa dintho tse ngata haholo, tse kang dikopi le dipoleiti le dikgaba,” a rialo. “Batho ba a makatsa ruri!”

Karolo e monate ya pale e tlile ha Mammoto a bolella bana ka dijo tsohle tseo a di latswitseng. “Ho ne ho na le makumane a bohobe, makgapetla a diapole, dingwathwana tse monate tsa papa le dithollo tsa tswekere kamora setofo…” a rialo.

“Kgele!” ba hwetshetsa jwalo, ka mantswe a batho ba seng ba otsela, “kgele, kgele!”

Empa ka potlako mahlo a bona a rotoha. O ne a fihlelletse karolong e tshosang ya pale ya hae. – mohla motho a neng a leka ho mo bolaya. “Ka qela ho leoto!” ho rialo Mammoto, a phethola mahlo a hae, yaba bana bohle ba mmoto ba thothomela, ba dumaela, ba tsherema mangole … Hoo ho ne ho bolela hore ke nako ya ho robala.

Ka letsatsi le leng, Mammoto a bolella bana ba hae hore ba intshe ba ilo ja dijo tsa motsheare. “Felleng, ke wena ya moholo,” a rialo. “Ke kopa hore o hlokomela bana beno hantle hle.”

Dimmoto ha di je kamehla, kahoo dimmoto tse nyane di ne di thabile haholo. Tsa ema di hloka mamello ho fihlela batho ba tsamaya mme ntlo e sala e kgutsitse. Yaba ka bonngwe, di tswa lepatsong le leboteng moo di neng di dula teng. “Ntshaleng morao,” ho hweshetsa Felleng. “Etsang seo ke se etsang hantle.”

Ke bao ba nyolosa ka leoto la tafole e kgolo. Hodima tafole ho ne ho e na le dibuka tse tharo kapa tse nne tse phetlilweng le pampiri le dikerayone di hasane hohle. “Ako shebe dijo tsena tse hlabosang, di tletse hohle moo di emetse rona!” ho keketeha ngwanabo Felleng Phuti. “Ke ntho e ntle hore bana ba tswetsweng ke motho ba bohlaswa tjena!” ho rialo Felleng.

“Kgele!” ho rialo bana bohle ba mmoto ha ba ntse ba hlwella hodima bokantle ba e nngwe ya dibuka. ‘Kgele, kgele’.

Empa hanghang, Felleng a bua. “Le se ke la ja dibuka,” a rialo. “Ejang ntho yane he,” a supa setshwantsho se tabotsweng se swabantshitsweng. “Yane yona e tla ba monate ho feta. Ho na le kerayone e monate hodima yona.”

“Oh, ho lokile” ho rialo bana babo. Ba ne ba lapile haholo hore ba ka ngangisana le yena. Hanghang bohle ba ne ba le maphathephathe ba eja ditshwantsho tse takilweng – bohle ntle le Felleng. O qadile ka ho tjamela metako e metsho le ditshwantsho tse kganyang tse maqepheng a phetlilweng a buka. Yaba o hlwella hodima yona mme a qala ho tsamaya butle, ka hloko ho tloha motakong o mong ho isa ho o mong. Qalong bana babo ba ne ba le maphathaphathe ba eja hoo ba sa kang ba elellwa hore o etsa eng. Empa ka mora nakwana, kgaitsedi ya hae e nyane Fifi a mo sheba. “O etsang, Felleng?” a botsa ka lentswe le phefa le lesesane. “Hobaneng o sa je?”

Felleng a bososela feela. “Ema feela o tla bona wena,” a rialo, “Ke tla o bolella hamorao.”

Bosiung boo, ha dimmoto tse nyane di iphuthaphuthile hodima mmatsona lepatsong la lebota, Felleng a qala ho bua. “Ke a tseba hore o batlang!” ho rialo Mammoto. O ne a thabile kamora letsatsi lohle leo a neng a le hlotse a le mong lapeng. “O batla hore ke le qoqele pale.”

Felleng a sena. “Eseng kajeno,” a rialo. “Fifi, bolella Mme hore ke entseng kajeno.”

Ha Mammoto a utlwa kamoo Felleng a neng a tsamaya ka teng metakong e ka hara buka ha bana ba bang ba ne ba ntse ba eja, mmae o ne a kgathatsehile hanyane. “O ne o etsang, Felleng?” a botsa. “Bana bohle ba tshwanela ho ja, o a tseba.”

“Nka nna ka ja hosane,” ho araba Felleng. “Kajeno ke entse ntho e betere le ho feta – ke ithutile ho bala!” Yaba o ba hlalosetsa hore o ile a sheba jwang ho tloha matshwaong a matsho a leqepheng ho ya ditshwantshong. “ Ke ile ka elellwa hore a mpolella ho hong,” a rialo. “Kamora nakwana, ke ile ka qala ho utlwisisa hore metakonyana eo e bolelang… ke ditlhaku, mme ditlhaku di bopa mantswe. Mantswe a bopa dipolelo, ebe dipolelo di bopa pale. Kahoo kajeno, o ka phomola, Mme – phirimaneng ena ke monyetla wa ka wa ho phetela WENA pale!”

Yaba he, Felleng o phetela mmae le bana babo pale ka ngwana wa motho ya ileng a theohela nokeng mme a kopana le kwena. “Noka ke eng? Kwena ke eng?” ho hoeletsa dimmoto tse nyane.

“Ha ke tsebe,” Felleng a tsheha, “ke tla tshwanela ho batlisisa hosane. Empa ditshwantsho di bontshitse sebopuwahadi se tshabehang ka molomo o moholo.”

“Jwaloka motho!” ho rialo Mme a maketse, yaba bana bohle ba mmoto ba a thothomela, ba dumaela, ba tsherema mangole …. Hoo ho ne ho bolela hore ke nako ya ho robala.