Ditakatso tse tharo | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Ditakatso tse tharo

Written stories

Ditakatso tse tharo

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Heidel Dedekind

Ho kile ha eba le mosadi ya neng a dula le monna wa hae haufi le Noka ya Hlimbitwa. Kamehla mosadi enwa o ne a tloha lapeng ha hae mme a eya morung ho ya kapa patsi. Kamehla monna wa hae o ne a mo fa botlolo ya metsi le dijo hore a tle a be le seo a ka se nwang le ho se ja ha a ntse a le ka harehare ho moru. Ka tsatsi le leng a tsamaya mme a fihla a kgetha sefate se seholo seo a tlang ho se kapa. 

“Sena se tla loka,” a rialo. “Se seholo haholo mme ke tla fumana patsi e ngata ho sona.” 

A tshwara selepe sa hae ka matsohong mme a se tsokotsa hodimo a loketse ho qalella ho kapa. Eitse moo a reng o tla kapa sefate a utlwa lentswe le mo kopang hore a emise. 

 

 

“Ke mang ya buang?” a botsa. 

“Sheba tlase mona,” ha rialo lentswe, “mme seo o batlang ho se etsa, ke a o kopa hle, o se ke wa kapa sefate sena.” 

Mosadi eo o ne a tshohile haholo ha a utlwa seo, empa yare ha a bona moo lentswe le hlahang teng, a se ke a tseba hore a ka reng! Fatshe mane haufi le metso ya sefate, ho ne ho dutse monna e monyanenyane ka ho fetisisa eo mosadi a qalang ho mmona. Haesale a ahlamisitse molomo a sa kgolwe seo a se bonang. Qetellong tshabo ya feela. “Ke a kopa hle, o se ke wa utlwisa sefate sena bohloko,” ha rialo monnanyana eo. 

 

“Ehlile… ho lokile,” a rialo. “Nka etsa seo o se kopang. Nka nna ka ya batla sefate se seng haeba sena se le bohlokwa hakaalo ho wena.” 

“Ke a leboha. O entse ntho e nthabisitseng haholo,” ha rialo monnanyana eo. “O na le pelo e mosa mme ka lebaka leo ke tla o fa ditakatso tsa hao tse tharo, ho sa kgathallehe hore ke dife.” Mme yaba monnanyana eo o a nyamela. Mosadi eo a mmatla hohle morung oo empa ha se be moo a mo fumanang. 

 

Qetellong a nyahama ho mmatla mme a leba ha hae lapeng. Tseleng yohle e lebang lapeng o ne a ntse sisinya hlooho a honotha a makaletse se etsahetseng tsatsing leo. Ha a fihla hae a dula ka ntle a phomola, a ntse a ipotsa hore ebe ho na le motho ya bapalang ka yena na. Ho nahana hoo ha etsa hore a lape. “Na dijo tsa mantsiboya di se di lokile?” a botsa monna wa hae ya neng a qeta ho tla dula pela hae. “Tjhe, bo,” a araba, “ha di eso butswe. Di tla loka kamora dihora tse mmalwa feela.” 

 

Mosadi a honotha. “Ke lapile hona hoo ke lakatsang eka nka fumana leqa la nama leo nka le jang.” 

Le pele mantswe ao a tswa kaofela molomong wa hae – hashaaa – leqa la nama la hlahella hodima sekotlolo se sa tshwarang letho fatshe pela hae mona. A e tonela mahlo mme le monna wa hae a etsa jwalo. 

 

“Ke eng hoo?” monna a botsa a maketse ke se tswa etsahala.

Mosadi wa hae a mmolella tsohle tse etsahetseng morung hoseng hoo. Monna wa hae a mo tonela mahlo mme mosadi a bona hore monna wa hae o halefile. 

Yare ha a qeta ho bua monna a mo omanya a re ho yena, “ENG? O ka be o ile wa nahanisisa pele o re o lakatsa nama. O sethoto haholo hoo ke lakatsang eka leqa leo la nama le ka kgomarela nkong ya hao mono.” Pele mosadi a ka re helang bo! leqa la nama la kgomarela nkong ya hae. A le tshwara a le hula, empa la se ke la tloha. Monna wa hae a leka ho le hula. Bobedi ba bona ba le hula, ba le hula, empa ha se thuse letho. Leqa leo la nama le ne le kgomaretse nkong ya mosadi eo. 

 

 

“Jo wee,” ha rialo mosadi. “Jwale re tla etsang?” 

“Ha ke tsebe, empa e tshwanetse ho tloha,” ha rialo monna. 

Yaba mosadi o lemoha hore o tshwanetse ho etsa ho hong ka potlako pele monna wa hae a bua lentswe le leng hape. 

“Ke lakatsa eka nama ena e ka tloha nkong ya ka mona!” a hoeletsa. 

Mme ka ho panya ha leihlo nama eo ya be e le ka sekotlolong hape. Mme ba dula moo, mosadi le monna wa hae, ba tjamelane. Ho ne ho se ho se ditakatso tse setseng bakeng sa tjhelete, diaparo, kapa ntlo e kgolo, kapa thabo. Ho ne ho se ho se ditakatso tse setseng hohang, empa … bonyane ba ne ba ena le leqa la nama e monate bakeng sa dijo tsa mantsiboya!