Dijo tse monate | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Dijo tse monate

Written stories

Dijo tse monate

Author

Jude Daly

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Listen to the story here

Ntate Smuts e ne e le motshwasi wa ditlhapi. Empa, ditlhapi di ne di se ngata jwaloka pele mme ka matsatsi a mang o ne a kgutlela lapeng a sa tshwasa letho. Ebe Ntate Smuts wa batho o iphumana a sithabetswe ruri.

Jwale ebe Mme Smuts o mo haka haholo a re ho yena, “Re tla leka tsela tse ding ho phela.” Mme Sannie le Frikkie ba eketse ka ho re, “Re dula re phela, Ntate.” Mme ke nnete, ba ne ba hlola ba fumana tsela tsa ho iphedisa hobane …

… ho ne ho se na motho ya kgonang ho jala ditamati tse kgubeduhadi, dipepere tse talahadi, dihwete tse romotsehang ka ho fetisisa le khabetjhe e monatehadi jwaloka Ntate Smuts, a thuswa ke Sannie le Frikkie.

Feast_3low

Mme he, ho ne ho sena motho, ke re le ya mong, ya neng a ka fetola ditamati tse kgubeduhadi, dipepere tse talahadi, dihwete tse romotsehang ka ho fetisisa le khabetjhe e monatehadi ho di etsa dijo tse mathemalodi jwaloka Mme Smuts, a thuswa ke Sannie le Frikkie!

 

Ka tsatsi le leng ka lehlohonolo, Ntate Smuts a tshwasa ditlhapi tse hlano. A rekisa tse nne mme a boloka e le nngwe a ya le yona hae bakeng sa dijo tsa mantsiboya.

Ha Ntate Smuts a feta mmarakanyana wa Maria, a mo hoeletsa, “O batla bokae bakeng sa tlhapi eo?”

“Ke maswabi, Maria,” ha rialo Ntate Smuts, “ena ke ya dijo tsa rona tsa mantsiboya.”

“Ho ka ba jwang,” ha botsa Maria, “ha o ka ya le ho hong ho fapaneng lapeng, ho hong ho kang boroso? Na seo e keke ya eba dijo tse monate haholo?”

Ntate Smuts a nahana motsotswana, empa motsotswana feela hobane diboroso tseo di ne di shebahala di le monate! Yaba Maria le Ntate Smuts ba fapanyetsana jwalo mme Ntate Smuts a potlakela hae.

Ho ile ha eba le nyakallo e kgolo ha Ntate Smuts a bolella Mme Smuts, Sannie le Frikkie ka letsatsi la hae la lehlohonolo. E ne eka o tlile le letlotlo lapeng mme he, ka tsela e itseng, o ne a hlile a tlile le letlotlo.

Mme Smuts a bea diboroso tse nonneng, tse pinki poleiting ya hae e ntle ka ho fetisisa mme a di kenya ka khabotong. O ne a tseba hantle hore o tlile ho etsa eng ka tsona. O ne a tlo etsa Chakalaka ya hae e monate ka ho fetisisa mme ebe, ka motsotso wa ho qetela o kgabela diboroso tseo mme a di fuduelle kamoo. Ka tsela eo di ne di tla eketseha e be dijo tse ngata.

Mme Smuts a kgabela le ho seha dilae, mataese mme a tshela dinoko, a thuswa ke Sannie le Frikkie.

Jwale, yare ha Mme Smuts a ntse a tshela le ho eketsa hona le hwane, Sannie le Frikkie ba thusa Ntate Smuts ho teka tafole le ho kga dipalesa tse hlaha ho kgabisa ka tsona.

Feast_11low

Mme he, yaba qetellong, ke nako ya dijo tsa mantsiboya. A dijo tse monate ruri!

“Mmm!” ha rialo Sannie.

“Mmm, mmm!” ha rialo Frikkie.

Mme, “Kgele… kgele banna!” ha rialo Ntate Smuts. “Ke ne ke sa nahane hore ho a kgonahala, empa Chakalaka ena e monate ka ho fetisisa. Diboroso tsane di entse phapang e kgolo!”

Mme Smuts a se ke a re letho. Empa, hoja Ntate Smuts, Sannie le Frikkie ba ne ba sa lebala ke ho ipheta ka dijo ba ka be ba mo utlwile ha a hemela hodimo.

Mme Smuts a nyenyelepa ho ya khabotong ya kitjhene. A kwahela diboroso tse nonneng, tse pinki a ipotsa hore ebe ho tlile jwang hore a lebale ho di phehella.

Mme hang a hopola, “Diboroso bakeng sa dijo tsa hoseng. Di tla ba monate ruri!”

Feast_16low