Dayari ya Jabu

Written stories

Dayari ya Jabu

Author

Jane Semu

Illustrator

Magriet Brink le Leo Daly

Jabu e ne e le moshanyana ya ratang ho sibolla dintho. O ne a dula motsaneng wa Kapa Botjhabela le nkgono wa hae, ntate moholo wa hae, borakgadi, borangwane le bomotswala wa hae ba bangata. Le hoja Jabu a ne a atisa ho bapala le bomotswala wa hae le metswalle ya hae, ntho eo a neng a e rata ka ho fetisisa ke ho ya morung o haufi le habo ho ya sibolla dintho.

Ho ne ho na le dintho tse ngata tseo a ka di etsang ka morung. O ne a ka shebella dinonyana, a tsomana le dikgofu, kapa a shebella bohlwa ha bo ntse bo haha seolo.

 

Jabu o ne a ba le nako e monate ka morung letsatsi le leng le le leng, empa sena se ne se dula se mo utlwisa bohloko hobane o ne a sitwa ho bolella batswadi ba hae ka dintho tseo a di sibolotseng.

Mme le ntate wa Jabu ba ne ba dula Mossel Bay, Kapa Bophirima. Ba ne ba letsa beke e nngwe le e nngwe, empa hangata Jabu o ne a fumana metsotso e fokolang feela ya ho bua le bona hobane motho e mong le e mong o ne a batla ho bua le bona.

“Mphe fono. Ho na le ntho eo ke batlang ho e botsa mmangwane,” e mong wa bomotswala a rialo.

“Ke na le molaetsa wa bohlokwa wa ntate wa hao,” ha hwelehetsa rangwane.

Ha a ntse a emetse monyetla wa hae, ho ne ho tla dintho tse ngata ka kelellong ya Jabu ha a nahana ka dintho tse thabisang tseo a di sibolotseng tseo a batlang ho di bolella batswadi ba hae. E ne e ba moferefere feela ka kelellong: “Ke tlo ba bolella ka ha ke ne ke bona nonyana e kgolo e qhautsa tadi. A-e! Ke tla ba bolella ka dikgofu tseo ke di boneng di ja makgasi hoseng hona. Tjhe! Ke tla ba bolella ka bohlwa bo ileng ba hohobela ka borukgwaneng ba ka. A-e! …” ebe ho tla hlaha dintho tse ngata jwalo ka kelellong ya hae.

Ha nako e fihla ya hore a bue le batswadi ba hae, Jabu o ne a ba le dintho tse ngata tseo a batlang ho ba bolella tsona hoo a neng a qetella a sitwa ho tswa puo fonong, a se a sa tsebe hore na a phete pale efe.

Jwale ka beke e nngwe titjhere ya hae, Mofumahadi Nako, a bolella tlelase ka buka e babatsehang e bitswang dayari.

“Dayari e na le maqephe a mangata ao le ka ngolang ho ona,” ha rialo Mofumahadi Nako ho tlelase. “E kgethehile hobane leqephe ka leng ke bakeng sa letsatsi ka leng selemong ho tloha ka Pherekgong ho fihlela ka Tshitwe. O ka e sebedisa ho ngola dintho tsa bohlokwa tse etsahetseng letsatsing la hao. O ka boela wa tshwaya matsatsi a itseng, a kang letsatsi la hao la tswalo e le hore o ka hopola ho etsa dintho tse itseng ka letsatsi leo.”

Jabu o ne a thabile haholo!

O ile a re ka pelong a thabile: “Ke sona seo ke se hlokang. Ke hloka dayari e le hore ke ngole dintho tsohle tseo ke di sibollang. Jwale nka dula fatshe ebe ke etsa qeto ya hore na ke diketsahalo dife tseo ke di sibolotseng tseo ke batlang ho di bolella batswadi ba ka nakong e tlang ha ba letsa!”

Hang ha tlelase e tswa, Jabu a mathela ho Mofumahadi Nako mme a mo botsa hore na o na le dayari, esita le haeba e le ya kgale, eo a ka e sebedisang.

Ka lehlohonolo, Mofumahadi Nako o ne a tlile tlelaseng le didayari tse mmalwa tse nyenyane molemong wa haeba baithuti ba itseng ba ka di batla. Jabu o ne a thabile haholo. “Ke a leboha Mofumahadi Nako. Ha o tsebe hore na sena se bohlokwa hakaakang ho nna!” a rialo a bososela.

Dayari ya hae e ne e le nyenyane hoo e fellang ka pokothong, ka hona o ne a ka kgona ho ya le yona kae kapa kae. E ne e le mmala o moputswa mme e na le ribone ka hare. Mofumahadi Nako o ile a re a ka sebedisa ribone eo e le ho tshwaya leqephe leo a batlang ho le phetla.

“Nkgono, bona dayari ya ka!” Jabu a hweletsa a sa kena ka keiti ha a fihla hae ho tswa sekolong. O ne a thabile hoo a sa kang a bona qanthana e kgolo ya seretse ka pela hae. A fihla a re tlapu! ka hara yona a ba a wela ka hara yona a re phakga! Bohle ba shwa ke ditsheho mme ba tsheha ho fihlela Jabu le yena a itsheha.

Owe, Jabu,” ke Nkgono eo. “Honeng ke o jwetsa hore o se no potlake ha o thabile. Ako ipone jwale o kwahetswe ke metsi a seretse! Empa ka lehlohonolo dayari ya hao e ntjha ha e ya koloba.”

 


 

“Ke a tseba Nkgono,” ha rialo Jabu a tsoha moo a wetseng teng. “Empa ena ke yona tshibollo ya pele eo ke tlo ngola ka yona dayaring ena ya ka.”

Ha Jabu a se a hlapile mme a phomotse ka mora dijo tsa mantsiboya, a dula pela Nkgono mme a qala ho ngola.

Ka mora matsatsi a mmalwa, Jabu o ne a thabile haholo hobane o ne a ngotse dintho tse ngata tseo a di sibolotseng dayaring ya hae e ntjha. A beha ribone e tshwayang leqephe le ngotseng pale ya kamoo a wetseng ka hara qanthana ya seretse.

“Ke rata pale ena Nkgono,” ha rialo Jabu. Pale ena e nthusa ho hopola letsatsi leo ke fumaneng dayari ya ka ka lona. Hape tsebo ya ka ya ho ngola e a ntlafala Nkgono hobane ke ngola letsatsi le leng le le leng!”

“Tseo ke ditaba tse monate haholo Jabu,” ha rialo Nkgono a mo shebile ka pososelo. “Jwale tsa mo lata dayari ya hao hobane batswadi ba hao ba haufi le ho letsa.”

Jabu a ntsha dayari ka pokothong ya hae. O ne a thabile a bile a nyakaletse hobane qetellong o ne a tseba hantle seo a neng a tla se bua ha e le nako ya hae ya hore a bue fonong!

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

 

  • Taka setshwantsho ho bontsha karolo ena ya pale: Ha Jabu a se a hlapile mme a phomotse ka mora dijo tsa mantsiboya, a dula pela Nkgono mme a qala ho ngola.
  • Fumana diphoofolo tse nne tseo Jabu a di boneng paleng ena.
  • Etsa dayari ya apole ya 3D leqepheng la 4. Ngola ka ntho e le nngwe e thahasellisang e o etsahalletseng kajeno.