Sotho
Home | Rhyme Library | Sotho

Rhyme Library

Singing songs, saying rhymes and playing games are natural ways to develop children’s language skills. They are enjoyable activities that help children to relax and learn more easily. When adults do these things with children, it builds a sense of trust and strengthens the bond between them. Try our multilingual rhymes below.

Sotho

1. Mme

Ke ne ke le ngwana

Ke sa tsebe letho

Ke sa tsebe ho bua

Ka fuwa mme,

Mme ya ntlhokomelang

 

Ka thari a mpepa

Ka matsoho a nkuka

Le dijo a mphepa

Ka nna ka hola

 

Ka ba motlemotle

Ka ba maramarama

Ka tseba le ho bua

Ka tseba le ho bapala

Ke a o leboha mme

2. Sekolo

Keng   hola?

 Moaho wa sekolo.

Ketekete,

Keng ho llang ?

 Tshepe ya sekolo.

Tshepe e bitsa bana.

 

Ba bala dibuka,

Ba ngola ka dipene,

Ba etsa dithothokiso,

Ba etsa  dipalo

 

Jwale ke kgefutso,

Ba leba mabaleng

Ho ya bapala

Le ho ya ja dijo

 

Le nna ke batla sekolo,

Ke ilo ithuta ,

Ho bala le ho ngola.

3. Tlou

E mmelemele, e na le mahlo

Mohatla o monyane

Molomo ke thupa,

Ditsebe ke kobo,

E a hatika, E a hatika

E jara bana, E jara bana

E ba isa kwana hole,

E ba isa kwana hole.

4. Hokinyana ya batho

E nngwe too ka hokanweng,

Mme ka ho qetwa ke bodutu,

ke eo e tswa.

 

Kgoho koo, koo, o ya kae?

Katse; ngao, ngao, o tla tshwarwa.

Nku; mee, mee, ntja ke eo.

Ntja; hobu, hobu, ke tla o ja ditsebe!

 

Hokinyana ya batho

Ya nka ka sekaja.

Hoyi, hoyi, ka hokwaneng tjhobe!

5. Nonyana tse pedi

Nonyana tse pedi,

Hodima sefate.

E nngwe ke Mantsho

E nngwe ke Mosweu,

Fofa Mantsho, fofa Mosweu

Boya Mantsho , boya Mosweu

Nonyana tse pedi

Tsa nka ka sekaja

Tsa fofela kwana, tsa fofela kwana!

6. Nonyana tse hlano

Nonyana tse hlano

Di dutse sefateng

E nngwe ya re: bona mane

E nngwe ya re: ke monna ka sethunya

E nngwe ya re: ha re ipateng

E nngwe ya re: ha re baleheng,

E nngwe ya re: ha re mo tshabe rona,

Ha re mo tshabe rona.

Qhuu sethunya sa lla!

Qhuu sethunya sa lla!

7. Katsekatse ya nkgono

Katsekatse ya nkgono,

E ne e le kgunwana,

A e kwalletse ka mokgorong,

Nnyao! Nnyao!

Ekare e lapile.

Ka e fa lebese,

Ya le qapha, ya le qapha

Ya le nyametsa! 

8. Ntatemoholo

(Bashemane ba botsa potso, banana ba a araba, ebe banana ba a botsa ha bashemane ba araba. Bana ba supa dikarolo tsa mmele ha ba ntse ba di bolela)

 

Ntatemoholo, o tswa kae kajeno?

Ke tswa kwana sepetlele

Haufi le lebenkele

O jewa ke eng?

Hlooho, mahetla, nko le molomo

Sefuba, letheka, mangwele le menwana,

Mangwele le menwana.

9. Tlhaku ya ho qala

Tlhaku ya ho qala sekolong ke ‘A’

Ke tla o fa apole  ha o ka ngola ‘E’

Ho teng ho lebidi , ke bolela ‘I’

Ntswe lena ‘po’, le qetela ka ‘O’

Ka letsopa mobu, nka ngola ‘U’

Ka letsopa mobu, nka ngola ‘U’.

10. Ntja le katse

Habu, habu, habu!

Ntjanyana borakana.

E bohola katse,

Katse nngao, nngao!

Ao katse eso,

E tshaba ntjanyana.

E bona sefate,

E rata ho tlola.

Ya re fela lako!

Ya ba ya re tsora!

Hodimo sefateng.

11. Nkgono Makalane

Nkgono Makalane a wela ka pitseng

A kgangwa ke tapole,

Katse ya mmona,

A ikutlwa a swabile,

A tswa, a tswa, a ketoha

A tswa, a tswa, a ketoha!

12. Mapolesa

Dikotlolo hloohong!

Naledi phatleng!

Ditshepe thekeng!

Dirifi maotong!

Ke lekwatlakwatla feela!

Ke lekwatlakwatla feela!

13. Raditedu

Eitse ke dutse kgotla,

Ka utlwa molodi o lla.

Ka kopana le Raditedu,

A nkile selepenyana.

A nkomakoma ka sona,

A nkomakoma ka sona.

Ka ilo kgitla ka setsu,

Ka ilo kgitla ka setsu.

14. Tswii tswii tweba

Tswii tswii tweba,

Ke tweba e nyenyane,

E ja bohobe,

Bohobe ba Masilo.

Tlong re e tshware,

Re e shape.

Ha e na tsebe.

Tswii, tswii tswii, haebo!

Tswii, tswii, tswii, haebo!

15. Tshepo

Tshepo wa Rakgomo,

O na hama kgomo.

A e hama e sa tlangwa.

Kgomo ya mo raha,

Fatshe a polana.

Lebese la qhalana

Hodima moraha,

Hodima moraha.

16. Ka tsatsi le leng

Ka tsamaya ka tsatsi le leng,

Ka kopana le bana ba bang.

Ba mpotsa hore ke tswa kae,

Ka re ke tswa, ke tswa sekolong.

Sekolong re etsa dihlakiso

Dihlakiso hlakiso tsa mmele.

Ba re lona, lona banana,

Le itsoke, le itsoke setono.

Ba re lona, lona bashanyana

Le hate, le hate lefatshe

17. Nonyana

Ka na ka bona nonyana,

E tlolatlola.

Ka re ho nonyana; ema, ema.

Ya tsoka setono,

Ya tsoka setono.

Ke ela e fofa,

Ke ela e fofa.

Aha, aha, aha!

Ka sala ke maketse,

Ka sala ke swabile.

18. Ketlele

Ke nna ketlele,

Hona ke mohele,

Hona ke molomo,

Ke bedisa metsi,

Metsi a tjhesang.

Ntshelle bo, ntshelle bo!

Ntshelle bo!

19. Terene

Tjhukutjhuku, tjhukutjhuku

Ke tjhutjhumakgala

Terene e telele,

E tswa hokae, e lebile kae?

E tswa makgoweng,

E lebile mahaeng.

E tlisa bontate hae

Ba tlo bona bana hae.

Tjhuku, tjhuku, tjhuku!

20. Tlou ela

Tlou ela, e na le nko

E telele hakaakang

Tlou ela, e na le nko

E telele hakaakang.

Ya nka tweba,

Ya  nka mokgodutswane,

Ya di tlamella  sefateng.

21. Lengana

Ke eng hona hoo?

Ho ho putswanyana?

Be, ke lengana,

Le babetsa lehano.

Thiya! Thiya! O tshwerwe ke sefuba

Harola o phehe.

Subela ka nkong,

O tla hlaphohelwa.