Nkwe, qibi le tadi
Home | Node | Nkwe, qibi le tadi

Written stories

Nkwe, qibi le tadi

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Mieke van der Merwe

Translator

Hilda Mohale

Kgalekgale, mehleng ya boholoholo, diphoofolo tsohle di ne di otile. Sena se ne se bakwa ke hore ho ne ho se na dijo tse lekaneng bakeng sa ho ja. 

 

Empa Qibi, mosadi wa hae le bana ba hae bohle ba ne ba nonne. Ba ne ba shebahala ba sa lapa hohang. O a bona, Qibi o ne a le bohlale haholo. O ne a fumane letsha le sa tebang le neng le tletse ka ditlhapi, empa a se ke a bolella motho. Hoseng ho hong le ho hong o ne a eya letsheng mme a kgutla a nkile dijo tse lekaneng yena le ba lelapa la hae feela. 

 

Nkwe o ne a otile hape a lapile. O ne a dula a batlana le seo a ka se jang. Ka tsatsi le leng, a bona Qibi mme a elellwa kamoo a nonneng ka teng. 

 

“Mmmm,” ha rialo Nkwe. “Ho etsahala eng moo? Ke nahana hore ke lokela ho bea qibi ena leihlo.” 

 

Yaba he, hoseng ha tsatsi le hlahlamang o ipata hara jwang bo bolelele haufi le ntlo ya Qibi mme a ema moo. Qetellong Qibi a tla. O ne a itsamaela butle, a nkile seroto se neng se shebeha se hlile se le boima. Nkwe a tlola a tswa hara jwang bo bolelele. 

 

“O tshwere ENG ka hara seroto seo?” Nkwe a hoeletsa. 

 

“Be! Eee … dipatsi! Ke tshwere dipatsi tsa ho besa ke ya le tsona ha ka,” ha rialo Qibi. Empa o ne a lebetse hore Nkwe o na le nko e bohale e neng e ka fofonela NTHO TSOHLE. 

 

“Tjhe bo,” ha puruma Nkwe, “Ke nkgelwa ke tlhapi mme ke tlilo e ja kaofela.” 

 

Qibi o ne a tseba hore o lenama haholo hore a ka balehela Nkwe, ya neng a tseba ho matha ka lebelo le leholo. Empa Qibi o ne a le bohlale HAHOLO. 

 

“Ho lokile,” ha rialo Qibi. “Ha re dule fatshe ka tlasa sefate sane se moriti.” Ba dula fatshe mme Qibi a etsa tlhahiso, “Hobaneng ha wena o sa bese mollo ha nna ke eya hae ho ya lata letswai, pepere le oli, hore re tlo ja dijo tse monate mmoho.” 

 

“Ke monahano o motle oo,” ha rialo Nkwe a tlolela hodimo ho ya rwalla patsi e ommeng bakeng sa mollo. 

 

Yaba Qibi o ya ha hae. E se kgale o ne a se a kgutlile le letswai, pepere le oli. Hape a tla le thapo e telele e thata. A bea dintho tsohle fatshe, mme a qala ho hadika tlhapi. 

 

“Nkwe,” a rialo, “ha re ntse re emetse hore tlhapi e butswe, ha re bapale papadi ena. Re tla sebedisa thapo ena. Re tla tlamellana sefateng. O ka nna wa ntlamella pele. Mme ha ke re, ‘KGWEHLISA’, o lokela ho tiisa thapo. Ha ke re, ‘TIISA’, o lokela ho kgwehlisa thapo.” 

 

Jwale, eo e ne e le tsela e fosahetseng. Bohle ba a tseba hore tiisa e bolela hore o tlamella ka thata mme kgwehlisa e bolela ho kgwehlisa. Empa Nkwe o ne a lapile. O ile a nahana hore papadi eo e tla tsamaisa nako ka potlako ho fihlela tlhapi e butswa. 

 

“Ke monahano o motle,” ha rialo Nkwe. 

 

Qibi a ema a furalletse sefate. “Ho lokile, ke lokile jwale, KGWEHLISA!” 

 

Nkwe a tlolela hodimo mme a tlamella Qibi sefateng. Ka mora nakwana Qibi a hoeletsa, “TIISA!” mme Nkwe a tlamolla thapo ho lokolla Qibi. 

 

“Jwale he, Nkwe, ke wena ya tlangwang,” ha rialo Qibi. 

 

Nkwe a dula a furalletse sefate mme a hoeletsa, “KGWEHLISA!” 

 

Qibi ka potlako a tlamella Nkwe ka thata sefateng. 

 

Kamora nakwana, Nkwe a hoeletsa, “HO LOKILE, TIISA!” Empa bakeng sa ho bapala papadi ka tsela eo a neng a e hlalositse ka yona, Qibi a tiisa thapo ho potoloha Nkwe. O ile a e tlamisisa hoo Nkwe a neng a tla hloleha ho itokolla. 

 

“Tloha mona!” ha omana Nkwe. “Nna ke kgathetse ke papadi ena jwale.” 

 

Qibi a itshehela. A dula fatshe pela mollo mme a ja dijo tsa hae. Ha a qetile, a pakela tlhapi e setseng ho ya e fa ba lelapa la hae, mme a leba lapeng. 

 

Nkwe a rora, a puruma, a puruma. “THUSAANG!!!” Letsatsi lohle le bosiu bohle, Nkwe a hoeletsa a kopa motho ya ka mo thusang. Ha ho motho ya ileng a tla. 

 

Jwale, ka lehlohonolo bakeng sa Nkwe sena ha se pheletso ya pale ena. Hoseng, a rora hape, “THUSANG! THUSAAANG!!!” 

 

Kgetlong lena, Tadi a feta moo mme a bona Nkwe.  

 

“O etsang moo, o itlamelletse sefateng tje?” ha botsa Tadi. 

 

“Ke ne ke bapala papadi ya ho kgwehlisa le ho tiisa mmoho le Qibi mme a ntshiya mona hore ke bolawe ke tlala,” ha rialo Nkwe. “Ke a o kopa hle, a ko ntokolle. O na le meno a bohale haholo mme o ka kgona ho kgaola thapo ena kapele.” 

 

Tadi a utlwela Nkwe bohloko, empa o ne a tseba hore ha Nkwe a ka lokoloha, a ka mo ja. “Ha ke na bonnete,” ha rialo Tadi. 

 

“Ke a kopa hle,” ha rapela Nkwe. “Haesale ke dula mona letsatsi lohle le bosiu bohle. Ke nyorilwe haholo ebile ke lapile.” 

 

Tadi ya batho. O ne a ena le pelo e ntle, empa a le bothoto. A qalella ho poma thapo ka meno. A e loma jwalo ho fihlela ho setse dikgwele tse mmalwa mme a emisa. Ha ho a ka ha etsahala letho. Nkwe ha a ka a sisinyeha. Tadi a poma dikgwele tsohle, e nngwe kamora e nngwe, ho fihlela qetellong Nkwe a se a lokolohile. 

 

“WRAAAAAA!” Nkwe a rora. Ho ena le ho leboha, a leka ho phamola Tadi. “WRAAAA!” a rora hape pele a hlasela ka leoto le leholo la ka pele.  

 

Tadi ya batho e ile ya itlola ya mathela mokoting o haufi le moo. O ne a le matjato, empa e seng matjato a lekaneng. Dinala tsa Nkwe tse bohale tsa fumana mokokotlo wa hae hantle pele a nyamela ka mokoting. 

 

Ho tloha tsatsing leo, diqibi le dinkwe ha di buisane. Ditadi ha di buisane le dinkwe le tsona. Mme ditadi hape ha di buisane le diqibi hobane di re ke molato wa diqibi tse ileng tsa qala mathata. 

 

Ho tloha tsatsing leo, tadi ya batho e na le mela boyeng ba yona. Mme bohle ba a tseba hore eo ke mengwapo e neng e etswe ke dinala tsa nkwe.